Maikutlo a Babali
Se Entseng Hore ke Tlohele Mosebetsi o Hlamatsehang (June 2010) Ke leboha haholo ka sehlooho sena! Ke na le lilemo tse 39, ’me ke hōlisa bana ba bararo ke le mong. Ho boima ho fumana mosebetsi mona Russia, e leng moo ke lulang teng. Empa mohlala oa Martha Teresa Márquez, o ile oa ntšusumeletsa hore ke etse ho hong. Sehlooho seo se ile sa bolela hore Martha o ile a etsa li-tamale lapeng ’me a li rekisa seterateng, e le hore a iphelise ha a ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke latele mohlala oa hae ’me ke bake mahobe a manyenyane a ratoang Russia a bitsoang piroshki. Ke ile ka atleha! Hona joale khoebo ena e se e le ea lelapa. Ka lebaka la khoebo ena, bana ba ka ba ithutile mesebetsi e tla ba tsoela molemo bophelong ’me ba bontša ho ba le boikarabelo ka ho eketsehileng.
G. M., Russia
Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng (May 2010) Kea le leboha ka ho fana ka boitsebiso bo nepahetseng bo mabapi le bohoelea. Re leka ka matla ho tsebisa batho ba nang le bothata ba bohoelea hore ho na le litsela tse ngata tse thusang tseo ba ka li sebelisang.
J. F., mopresidente oa Mokhatlo oa Batho ba Lehoelea, United States
Bacha Baa Botsa . . . Nka Hlalosa Pono ea Bibele Joang ka Bosodoma? (December 2010) Ke na le lilemo tse leshome ke nyetse ’me ke na le ngoana a le mong. Ke loantšana le “moutloa nameng” letsatsi le leng le le leng. Ke na le ho utloa ke khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba ka. Ho nyala ha hoa ka ha fetola boikutlo boo. Ke ne ke ikutloa ke selebaletsoe e le kannete, hobane ke sitoa ho loantša boikutlo boo. Empa ka mor’a hore ke bale sehlooho sena, ke ile ka khaotsa ho ikutloa eka ke nama e hlōtseng lithipa. Ke ’nile ka khona ho finyella lipakane tseo ke ipehetseng tsona tsa hore ke se ke ka etsa lintho ho ea ka takatso eo.—2 Bakorinthe 12:7.
Lebitso ha lea boleloa, United States
Ke sebetsane le bothata ba ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba ka ho tloha ha ke le lilemo li hlano. Hona joale ke lilemo li 61 empa bothata boo ha bo e-s’o ee moriting. Ntlha eo ke e ratileng ka ho khetheha, ke e ileng ea re, esita le batho ba khahloang ke batho ba bong bo fapaneng, ba lokela ho balehela bohlola le hore ho na le “masoha a mangata a se nang monyetla o mokaalo oa hore a ka kena lenyalong le ba bangata ba nang le balekane ba holofetseng ba sitoang ho kopanela liphate,” empa ba thabile bophelong le hoja ba sa khone ho khotsofatsa takatso ea bona ea ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, batho ba khahloang ke batho ba bong bo tšoanang, le bona ba ka khona ho ba le boitšoaro bo botle haeba ba batla ho thabisa Molimo e le kannete. Kahoo, kea le leboha ka ho khothatsa batho ba kang rōna ba tobaneng le bothata bona.
Lebitso ha lea boleloa, United States