Kamoo ke Sebetsanang le Bohoelea ka Katleho Kateng
Joalokaha ho boletse Sven Sievers
KE BILE lehoelea ho tloha ha ke le ngoana. Ha ke hetla morao, ke ananela tsela eo batsoali ba ka ba ileng ba sebetsana le bothata bona ka eona. Ha ke ne ke hoeleketsa, kamehla ba ne ba leka ho mamela seo ke batlang ho se bua ho e-na le ho lokisa tsela eo ke buang ka eona. Ho ea ka litsebi tsa puo, batsoali ba lulang ba pepesa bohoelea ba ngoana oa bona ba ka ’na ba mpefatsa bothata boo.a
’Mè e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ha ke le lilemo li tharo. Ha ke le lilemong tsa bocha ke ile ka rera ho latela mohlala oa hae ’me ka thusoa ho ithuta Bibele ka ho feletseng. Ka la 24 July, 1982, ke ile ka kolobetsoa ho ba mohlanka ea inehetseng oa Molimo kopanong ea Neumünster, Jeremane. Hamorao, ke ile ka fallela Afrika Boroa, moo ke ileng ka tsoela pele ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa, e leng oo Bakreste bohle ba ’nete ba laetsoeng ho kopanela ho oona. (Matheu 28:19, 20) U ka ’na ua ipotsa hore na ke atleha joang ke le lehoelea?
Meputso ea ho ba le Boikutlo bo Nepahetseng
Ke tlameha ho lumela hore ka linako tse ling hoa nthatafalla ho boloka boikutlo bo nepahetseng, empa ke hlokometse hore ho ba le boikutlo bo nepahetseng ho hlile ho etsa phapang e khōlō. ’Nete ke hore ke khona ho ba le puisano kamehla le haeba e le ka litsela tse sa tšoaneng. Haeba e se ka ho bua, nka fetisa molaetsa ka ho ngola kapa ka ho bontša ba bang lingoliloeng tsa Bibele. Boikutlo bo nepahetseng bo nthusa ho hlōla bothata ba ho qalisa moqoqo. Ke leka ho boloka kenyelletso ea ka e le bonolo haholo. Qalong ea moqoqo, ke tlohella mong’a ntlo hore e be eena ea buang haholo ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng. Batho ba rata ho bua, ’me sena se mpha monyetla oa hore ke tsebe tsela eo ba nahanang ka eona. Joale, ke ntšetsa pele moqoqo ka lintho tse ba thahasellisang, ke hatella molaetsa oa Bibele. Ho tsepamisa mohopolo ho seo ba se buang ho nthusa ho lebala bothata ba ka ba puo, ’me ha ke hoeleketse haholo.
Boikutlo bo nepahetseng bo boetse bo nthusa ho araba libokeng tsa Bokreste. Ke hlokometse hore ha ke nka karolo ka ho eketsehileng lipuisanong tsa Bibele, bamameli le motsamaisi oa seboka baa ntloaela ’me ba mamela seo ke se buang ho e-na le ho mamela tsela eo ke buang ka eona.
E le hore ke ’ne ke thabele katleho, ke lokela ho lula ke iteka. Sena se nthibela hore ke inehele boikutlong ba ho iqenehela le ho itšehla thajana. Ho loantša boikutlo ba ho iqenehela ke ntoa e tsoelang pele. Ho ’nile ha thoe ha motho a lihuoa ke pere, ke habohlokoa hore a boele a e palame e le hore a se ke a felloa ke ho itšepa. Kahoo, haeba ke thōlisoa ke ho hoeleketsa ha ke ntse ke araba, ka puo ea tšoantšetso, ke leka hore ke boele ke palame pere, ka hore ke boele ke arabe ha monyetla o latelang o hlaha.
Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng
Ha ke founa kapa ke botsa batho bao ke sa ba tsebeng boitsebiso, ke ananela thuso e masene. Empa ba bang ha ba lakatsa ho thusa baa fetelletsa, ’me ba ntšoara joaloka ngoana ea sa khoneng ho iketsetsa liqeto.
Hape ke ananela thuso ea mosali oa ka ea lerato, Tracy. Pele a bua e le “molomo” oa ka, re tšohla taba ka ho qaqileng ’me o tseba seo ke lakatsang ho se finyella. (Bapisa le Exoda 4:10, 14, 15.) Ka tsela eo, o mpontša tlhompho ke le monna oa hae, ’me o ntšiea ke e-na le boikutlo ba hore ke ntse ke e-na le taolo bophelong ba ka.
Thuso e ’ngoe e khōlō e ’nile ea e-ba Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Sebokeng sena sa beke le beke, liithuti li kopanela ’malong oa Bibele oa phatlalatsa le ho nehelaneng ka lipuo tse khutšoanyane tsa lihlooho tsa Bibele. Ke ile ka makala ha ke hlokomela hore hangata ke khona ho bala le ho bua hantle ka pel’a bamameli. Haeba ke ne ke sa ngolisa sekolong seo, mohlomong ho ne ho se mohla ke tla hlokomela bokhoni bona.
Ha ke e-na le likabelo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e ba ho khothatsang ka ho khetheha ha motsamaisi oa sona a tsepamisa mohopolo ho seo ke se buang a sa o behe tseleng eo ke buang ka eona. Ke thusitsoe haholo ke Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo,b le hoja likarolo tse ling tsa buka ena li hlahisa phephetso e tomanyana ho batho ba lehoelea ho feta ho ba khonang ho bua hantle. Ka mohlala, ka linako tse ling, ka lebaka la ho hoeleketsa, ke sitoa ho qeta puo ea ka ka nako eo e e abetsoeng. Leha ho le joalo, ke ho khothatsang haholo ha motsamaisi oa sekolo a totobatsa lintlha tseo ke khonneng ho sebeletsa ho tsona.
Litokelo Tse Eketsehileng Tsa Tšebeletso
Nakong e fetileng, ke bile le tokelo ea ho bala phatlalatsa lingoliloeng tsa Bokreste tseo re ithutang tsona libokeng tsa rōna. Hape ke bile le tokelo ea ho tsamaisa thuto ha ho se na mosebeletsi e mong ea tšoanelehang, ’me kajeno ke e tsamaisa kamehla. Le hoja qalong ke ne ke tšoha, ke latsoitse thuso ea Molimo ho phethahatseng likabelo tsena.
Leha ho le joalo, ka lilemo tse ngata menyetla ea hore ke balle kapa ke rute phutheho ke le sethaleng e ne e fokola. Sena se ne se utloahala, kaha ka linako tse ling ke ne ke nka nako e telele haholo hore ke itlhalose. Kahoo, ke ile ka sebelisa matla a ka ka ho feletseng ho phetheng likabelo tse ling. Qalong, ke ile ka sebeletsa ke le ea thusang ho hlokomela thomello ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! phuthehong. Joale, ka mor’a ho khethoa ke le mohlanka ea sebeletsang, ke ile ka hlokomela thomello ea Libibele, libuka le lingoliloeng tse ling. Ka mor’a nakoana, ke ile ka abeloa ho hlahloba likarete tsa tšimo tse sebelisoang mosebetsing oa rōna oa bopaki ba phatlalatsa. Ho tsepamisa mohopolo likabelong tsena le ho ikitlaelletsa ho li phetha ka makhethe, ho ntliselitse thabo e khōlō.
Ke boetse ke sebelelitse ke le moevangeli oa nako e tletseng hammoho le Tracy lilemong tse robeli tse fetileng. Ka sebele, Jehova o ntlhohonolofalitse le tšobotsing ena. Ha e le hantle, ka linako tse ling ke ee ke nahane hore Jehova o sebelisa bofokoli ba ka ba ho hoeleketsa. Ho batho ba bahlano bao ke bileng le tokelo ea ho ba thusa ho ba Bakreste ba inehetseng, ba babeli ba bona ke mahoelea.
Ke sa ntse ke hopola ka thabo letsatsi leo ka lona ke neng ke khethoa ho sebeletsa ke le moholo phuthehong. Le hoja bokhoni ba ka ba ho ruta sethaleng bo lekanyelitsoe, ke leka ho ameha haholo ka ho thusa batho ka bomong. Bohoelea ha bo sitise bokhoni ba ka ba ho etsa lipatlisiso tsa Mangolo bakeng sa ho thusa litho tsa phutheho tse tobanang le mathata a tebileng.
Lilemong tse fetang tse hlano tse fetileng, ke ’nile ka memeloa ho fana ka lipuo tse eketsehileng. Ntle le ho fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ke ’nile ka khona ho fana ka litsebiso tse khutšoanyane libokeng tse ling. Butle-butle ho bua ha ka phollatsi ho ile ha ntlafala. Empa ka mor’a nako ke ile ka boela ka ba le bothata. Ke ne ke tšohile, ke nahana hore, ‘Nke ke ka fuoa likabelo tse ling hape,’ empa ho makaleng ha ka, lebitso la ka le ile la hlaha lethathamong la tse latelang! Molebeli ea okamelang phuthehong ea rōna o ile a mpolella hore haeba ke thatafalloa hoo ke sitoang ho tsoela pele, ke mo shebe feela, eena o tla hloella sethaleng ’me a tsoele pele. Nkile ka sebelisa thuso ena e lerato hanngoe kapa habeli, empa ha ke e-s’o tlamehe ho e sebelisa likhoeling tsena tsa morao. Ha tsela ea ka ea ho bua e ntse e ntlafala, ke ile ka fuoa likabelo tse teletsana, ho akarelletsa le lipuo tsa phatlalatsa. Ke ile ka hlokomela ka ho feletseng tsoelo-pele eo ke e entseng haufinyane tjena ha ke kōpuoa ho ba le karolo lipontšong tse peli kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova.
Ka ho toba, ha ke utloisise ka ho feletseng lebaka la ho ntlafala ha tsela ea ka ea ho bua. Hape, bohoelea bo ka ’na ba boetse ba tsoha bo mpefetse. Ha e le hantle, ha ke bonahala eka ke entse tsoelo-pele e babatsehang tabeng ea ho bua ke le sethaleng, ke thatafalloa ho bua le batho ka bomong. Kahoo, ena hase taba ea hore ke atlehile ka kutloisiso ea hore ke hlōtse bohoelea. Ha ke boetse ke hoeleketsa, ke leka ho ikhopotsa hore ke tlameha ho amohela mefokolo ea ka ’me ‘ke tsamaee ka boikokobetso le Molimo.’—Mikea 6:8.
Ho sa tsotellehe hore na bokamoso bo tla le eng, ke tla tsoela pele ke leka, ke ntse ke tseba hore lefatšeng le lecha le atamelang la Molimo, bohoelea bo tla felisoa ka ho feletseng. Bibele e re: ‘Maleme a mahoelea a tla raroloha, a bue hantle.’ Ke kholisehile hore sena e tla ba ’nete ka tsela ea sebele esita le ka kutloisiso ea moea esita le hore “leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 32:4, BPN; 35:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Ho Utloisisa Seo Motho ea Lehoelea a se Tšabang,” tokollong ea rōna (ea Senyesemane) ea November 22, 1997.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
’Na le mosali oa ka, Tracy