Na U Lokela ho Hlafuna Betel Nut?
SETERATENG se seng sa Asia Boroa, motho ea mosa oa bososela, ’me ho hlaha meno a ntšofetseng le lehano le tletseng mathe a mafubelu tlere. Motho eo o tšoella fatše tselaneng e katiloeng ka majoe, ’me o siea letheba le lefubelu moo. O ntse a hlafuna betel nut.
Ho tloha Afrika Bochabela, Pakistane le India ho pholletsa le Asia e Boroa-bochabela ho ea Papua New Guinea le Micronesia, batho ba sebelisang betel nut ba baloa ka limilione tse makholo—e leng hoo e ka bang karolo ea leshome lekholong ea baahi ba lefatše. Barekisi ba betel nut, bao ka linako tse ling ba tsamaeang le bana ba bona, ba beha litafole limmarakeng tsa sechaba le mebileng. Barekisi ba bang ba sebelisa mabone a khahlang a khanyang le banana ba apereng ka tsela e tsosang takatso—“bo-’mabotle ba betel nut”—e le hore ba hohele bareki.
Lefatšeng ka bophara khoebo ea betel nut e kenya libilione tsa liranta. Empa betel nut ke’ng? Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba e hlafuna? Tloaelo ee e ama bophelo ba bona joang? Bibele e re’ng ka eona? Batho ba e sebelisang ba ka hlōla tloaelo ee joang?
Betel Nut Ke’ng?
Seo ka tloaelo se bitsoang betel nut, ha e le hantle ke tholoana e tenya ea areca palm (betel palm), e leng semela se fumanoang linaheng tse chesang tsa Pacific le Asia e Boroa-bochabela. Lebitso betel le nkiloe semeleng sa pepere sa betel se sa amaneng le betel nut. Batho ba hlafunang betel nut ba phuthela karoloana ea tholoana ea areca ka lekhasi la semela sa pepere sa betel, hammoho le kalaka. Kalaka e etsa hore tholoana eo e ntše metsoako e thethefatsang. Batho ba bang ba e hlafunang ba e tšela linōko, koae kapa lintho tse tsoekere, e le hore ba natefise tatso ea eona.
Ho kopanngoa ha lintho tsena ho etsa hore mathe a be mangata ka hanong, ’me a be mafubelu tlere. Ka lebaka leo, batho ba e hlafunang ba tšoela mathe khafetsa, esita le ha ba tsamaea ka likoloi, ’me ka linako tse ling ba tšoela batho ba tsamaeang haufi le tsela!
Ba Hlafuna Ntho e ka ba Ntšang Kotsi!
Tlaleho ea makasine ea Oral Health e re: “Haesale areca nut e sebelisoa ho tloha mehleng ea boholo-holo ’me e ’nile ea phetha karolo e khōlō mesebetsing ea sechaba, ea setso le ea bolumeli. Hangata batho ba e sebelisang ba re ha e kotsi ’me ba ikutloa ba phetse hantle, ba khotsofetse ba bile ba nyakaletse ha ba e sebelisitse . . . Leha ho le joalo, bopaki bo bontšitse hore e kotsi.” Ka tsela efe?
Balaoli ba thibelo ea tšebeliso ea lithethefatsi, ba lumela hore betel nut e na le motsoako o itseng o ka etsang hore motho a e lemalle. Ha e le hantle, batho ba bang ba e sebelisang ba hlafuna li-betel nut tse ka bang 50 ka letsatsi! Ka mor’a nako e itseng, meno a ba le matheba, ’me lefu la marenene le ka ’na la latela. Ho ea ka makasine ea Oral Health, batho ba e lemaletseng ba ka ba le boloetse bo bitsoang “chewers mucosa”—e leng matheba a ntšofatsang esita le ho sosobanya lera la mahanana. Ba ka boela ba e-ba le “maqeba a sa foleng . . . mahananeng,” e leng boloetse bo bitsoang oral submucous fibrosis.
Ho hlafuna betel nut ho boetse ho amahanngoa le mofuta o mong oa kankere ea lehano o bitsoang squamous cell carcinoma, e ka boela ea hlaha kamora ’metso. Palo e holimo ea batho ba baholo ba tšoaroang ke kankere ea lehano Asia e Boroa-bochabela e totobatsa sena. Naheng ea Taiwan, batho ba etsang hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong ba tšoaroang ke kankere ea lehano, ba hlafuna betel nut. Ho feta moo, koranta ea The China Post e re: “Sekhahla sa batho ba nang le kankere ea lehano Taiwan—e leng bo bong ba boloetse bo ka sehloohong ho a leshome a bolaeang batho sehlekehlekeng seo—se imenne ka makhetlo a mane lilemong tse 40 tse fetileng.”
Boemo bo batla bo tšoana le libakeng tse ling. Koranta ea Papua New Guinea Post-Courier e re: “Ho latela Mokhatlo oa Kalafo oa PNG, ntho eo batho ba ratang ho e hlafuna ka ho fetisisa Papua New Guinea, e leng betel nut, e bolaea hoo e ka bang batho ba 2 000 selemo le selemo, ’me hape e baka mathata a mangata a bophelo.”. Ho ea ka ngaka e ’ngoe eo e bileng e leng mongoli, “ho lemalla betel nut ho batla ho e-na le liphello tse fapa-fapaneng joaloka tse bakoang ke ho tsuba koae” ’me li akarelletsa lefu la pelo le methapo.
Bibele e Re’ng ka Taba ee?
Bibele hase buka ea bongaka, ebile ha e bue ka ho hlafuna betel nut ka ho toba. Leha ho le joalo, e na le letoto la melao-motheo e ka re thusang hore re phele ka tsela e hloekileng, re phele hantle ’meleng ’me re phele ka tsela e molemo. Nahana ka litemana tse latelang tsa Bibele le lipotso tseo li li hlahisang.
“Baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) ‘Le hlahise ’mele ea lōna . . . e halalela, e amoheleha ho Molimo.’ (Baroma 12:1) Na motho a ka halalela kapa a hloeka mahlong a Molimo, haeba a silafatsa ’mele oa hae ka ho hlafuna betel nut?
“Ka eena [Molimo] re na le bophelo.” (Liketso 17:28) “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo.” (Jakobo 1:17) Bophelo ke mpho e babatsehang e tsoang ho Molimo. Na motho ea inehellang mekhoeng e ka mo bakelang maloetse o bontša hore o hlompha mpho eo ea bophelo?
“Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli.” (Matheu 6:24) “Nke ke ka itlohella hore ke laoloe ke ntho leha e le efe.” (1 Bakorinthe 6:12) Na motho ea batlang ho khahlisa Molimo a ka itlohella hore e be lekhoba la tloaelo e litšila, a e lumella hore e laole bophelo ba hae?
“U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mareka 12:31) “Lerato ha le etse oa habo motho hampe.” (Baroma 13:10, Bibele ea Sesotho) Na re tla be re bontša hore re rata batho ba bang e le kannete ha re tšoella mathe a litšila le a mafubelu mebileng le litselaneng tseo batho ba tsamaeang ho tsona, kapa libakeng tse ling?
Joang kapa joang, ‘re kotula seo re se jalang.’ (Bagalata 6:7, 8) Ona ke molao o ka sehloohong oa tlhaho. Kahoo, haeba re jala mekhoa e mebe, re tla kotula se sebe. Leha ho le joalo, haeba re phela ka tsela eo Molimo a neng a re reretse hore re phele ka eona, e akarelletsang ho ba le mekhoa e metle, re ke ke ra kotula se setle feela, empa re tla boela re fumane thabo ea ’nete le e tšoarellang. Haeba u lemaletse betel nut empa joale u se u batla ho phela bophelo bo molemo haholoanyane ka ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo, u ka hlōla tloaelo ee joang? Ke hobane’ng ha u sa rapele ebe u nahanisisa ka mehato e latelang e meraro e lekiloeng?
Mehato e Meraro ea ho Khaotsa Tloaelo eo
1. Ikemisetse. E le hore u hlōle tloaelo e mpe, ho hlokahala hore ho be le ntho e u susumetsang e fetang ho tseba feela hore e ka u kulisa. Etsoe ho na le batho ba bangata ba tsoelang pele ho hlafuna betel nut, ho tsuba koae kapa ho sebelisa lithethefatsi hampe, le hoja ba tseba hantle hore ba beha bophelo ba bona kotsing. E le hore u matlafatse boikemisetso ba hao, u ka ithuta ka ’Mōpi oa hao le ka lerato leo a u ratang ka lona ka hore u bale Bibele. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”
2. Kōpa Molimo hore a u thuse. Jesu Kreste o ile a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Etsoe e mong le e mong ea kōpang oa amohela, ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.” (Luka 11:9, 10) Ha Molimo oa ’nete, e leng Jehova a u bona u rapela ka tieo u kōpa thuso le tšehetso ea hae, a ke ke a iphapanyetsa uena. Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Motho e mong ea ileng a bona bonnete ba seo, ke moapostola oa Mokreste Pauluse. O ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
3. Batla tšehetso ea ba bang. Batho bao u tloaelanang le bona ba ka u susumetsa haholo, ebang ke ho etseng lintho tse ntle kapa tse mpe. Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Kahoo, khetha metsoalle ka bohlale! Har’a Lipaki Tsa Jehova, ho na le ba bangata ba kileng ba sebelisa betel nut. Empa ka ho tloaelana le balumeli-’moho le bona le ka ho ithuta Bibele, ba ile ba fumana thuso e eketsehileng eo ba neng ba e hloka, e le hore ba hlōle tloaelo ea bona e sa hloekang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
BA ILE BA HLŌLA TLOAELO EO
Tsoha! e ile ea buisana le batho ba bahlano bao pele ba neng ba hlafuna betel nut empa ba khaotsa tloaelo eo. Nahana ka seo ba se buang.
Ke hobane’ng ha u ile ua qala ho hlafuna betel nut?
Pauline o re: Batsoali ba ka ba ile ba nthuta betel nut ke sa le monyenyane. Seo e ne e le moetlo motsaneng o sehlekehlekeng sa Papua New Guinea, moo ke hōletseng teng.
Betty o re: Ntate oa ka o ile a mpha betel nut ha ke le lilemo li peli. Ha ke le lilemong tsa bocha, ke ne ke nka li-betel nut tse ngata hoo e neng eka ke sefate sa tsona! Ke ne ke lemaletse betel nut hoo hoseng ho hong le ho hong ke neng ke qala letsatsi ka ho e hlafuna.
Wen-Chung o re: Ke qalile ho hlafuna betel nut ke le lilemo li 16. Ho ne ho thoe motho o bohlale ebile o hōlile ha a e sebelisa, ’me ke ne ke batla ho amoheleha.
Jiao-Lian o re: Ke ne ke iphelisa ka ho rekisa betel nut. E le hore ke atlehe, ke ne ke nka hore ke lokela ho tiisa hore sehlahisoa sa ka ke sa boemo bo phahameng, kahoo ke ile ka qala ho e latsoa. Seo se ile sa fella ka hore ke e lemalle.
Tloaelo ee e ile ea ama bophelo ba hao joang?
Jiao-Lian o re: Lehano, meno le molomo oa ka li ne li e-na le matheba a bofubelu ba mali. Kea soaba ha ke sheba lifoto tseo ke ileng ka li nka ka nako eo. Ke ntse ke tšoenngoa ke liso tsa molomong.
Pauline o re: Ke ne ke atisa ho tsoa liso ka hanong, ke nyekeloa ke pelo ke bile ke e-ba le letšollo.
Betty o re: Ke ne ke le boima ba lik’hilograma tse 35 feela, e leng boima bo bonyenyane haholo ha bo bapisoa le lilemo tsa ka le bolelele. Meno a ka a ne a le mabe, ’me hangata ke ne ke a hloekisa ka steel wool.
Sam o re: Ke ne ke atisa ho ba le letšollo le boloetse ba marenene. Hona joale ke na le leino le le leng feela! ’Me ho ne ho sa nthuse ka letho ho hloekisa meno a ka ka steel wool.
Ke hobane’ng ha u ile ua khaotsa tloaelo ee?
Pauline o re: Ke ile ka bala ka Bibeleng ho 2 Bakorinthe 7:1 hore Molimo o batla hore re ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama.’ Ke ile ka etsa qeto ea hore ke lokela ho leka ka tieo ho khahlisa ’Mōpi oa ka.
Sam o re: Ke ne ke batla hore moea o halalelang oa Jehova Molimo o sebetse bophelong ba ka, kahoo ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke hlōle teko ea ho hlafuna betel nut. O ile a araba lithapelo tsa ka. Ho se ho fetile lilemo tse 30 joale, ke sa sebelise betel nut.
Jiao-Lian o re: Ha ke ntse ke bala Bibele, ke ile ka kopana le mantsoe a reng, “Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe.” (Jakobo 4:8) Mantsoe ao a ile a nkama haholo. Na ke tla be ke etsa hantle ha ke sebelisa ke bile ke rekisa betel nut, le hoja ke tseba hantle tšenyo eo e ka e bakang? Ka eona nako eo, ke ile ka etsa qeto ea ho ‘hloekisa matsoho a ka’ tloaelong ena e silafatsang ’meleng le moeeng.
U ruile molemo ofe ka ho khaotsa tloaelo ee?
Wen-Chung o re: Ke ile ka qala ho hlafuna betel nut hobane ke ne ke batla ho amoheloa ke lithaka tsa ka. Hona joale ke thabela botsoalle ba bohlokoa ka ho fetisisa le Jehova hammoho le bara le barali beso ba moea.
Sam o re: Hona joale ke phetse hantle haholoanyane—’meleng le moeeng. Hape, kaha ha ke sa sebelisa chelete ho reka betel nut, ke khona ho hlokomela lelapa la ka ka tsela e molemo haholo.
Pauline o re: Ke ikutloa ke lokolohile ke bile ke hloekile. Meno a ka a masoeu ’me a matla. Ntlo ea ka le jarete ha li sa na makhapetla a betel nut le matheba a mabe a mafubelu.
Betty o re: Ke na le letsoalo le hloekileng hammoho le bophelo bo botle. Ha e le hantle, ke khona ho sebetsa ke le tichere ke bile ke le mosebeletsi oa nako e tletseng oa Mokreste.
[Litšoantšo]
Betty
Pauline
Wen-Chung
Jiao-Lian
Sam
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho lemalla betel nut ho ka bakela motho mathata a tebileng a bophelo
Meno a nang le matheba le boloetse ba marenene
Oral submucous fibrosis
Oral squamous cell carcinoma
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Li-betel nut tse phuthetsoeng ka lekhasi la semela sa pepere sa betel