Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/1 leq. 7
  • O Fumane “Perela ea Theko e Phahameng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Fumane “Perela ea Theko e Phahameng”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lokela ho Hlafuna Betel Nut?
    Tsoha!—2012
  • Ba Fumane “Perela ea Boleng bo Phahameng”
    Bibele e Fetola Batho
  • ‘Ho Fumana Perela e le ’Ngoe e Theko e Phahameng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Batla ‘Perela e Theko e Phahameng’ Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/1 leq. 7

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

O Fumane “Perela ea Theko e Phahameng”

“’MUSO oa maholimo o joaloka mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle. Ha a fumana perela e le ’ngoe ea theko e phahameng, a ea ’me ka potlako a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.” Ka mantsoe ana, Jesu o ne a hlakisa bohlokoa bo fetisisang ba ’Muso oa Molimo. (Matheu 13:45, 46) Hangata, batho ba elang hloko bohlokoa ba ’Muso ba itela haholo e le hore ba o fumane. Sena se hlakisoa ke phihlelo e latelang e tsoang Seterekeng sa Pingtung, Taiwan.

Ka 1991, Monghali le Mofumahali Lin ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha moruti oa sebaka seo ba lulang ho sona a tseba seo, o ile a ba hoka-hoka hore ba ee kerekeng ea hae. Kaha ba ha Lin ba ne ba e-na le khoebo ea ho rekisa bobete ba likolobe le ba matata ’marakeng oa moo, ba ile ba etsa qeto ea ho botsa moruti eo hore na pono ea hae ke efe tabeng eo. O ile a arabela: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e entseng e ka ba lijo tsa motho.” Ka lehlakoreng le leng, Lipaki li ile tsa ba khothalletsa hore ba hlahlobe seo Lentsoe la Molimo le se bolelang. Ba ile ba ithuta hore Jehova Molimo o nka mali a halalela, hobane “bophelo ba sebōpuoa ke mali.” (Levitike 17:10, 11, The New English Bible) Kahoo, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ‘ila mali.’ (Liketso 15:20) Ka lebaka la ho hlahloba Mangolo tabeng ena, ba ha Lin ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho rekisa bobete, le hoja hoo ho ile ha thefula boemo ba bona ba lichelete haholo. Leha ho le joalo, nakoana e seng kae hamorao ba ne ba boetse ba talimane le teko e khōloanyane.

Pele ba ithuta ’nete, ba ha Lin ba ne ba lemme lifate tsa betel nut tse 1300 jareteng ea bona. Le hoja ho ne ho tla nka lilemo tse hlano hore lifate tseo li kenye chelete, hang ha li beha litholoana, ba ha Lin ba ne ba ka lebella ho etsa chelete e kaalo ka R360-000 ka selemo. Ha nako ea pele ea ho kotula e atamela, ba ha Lin ba ile ba lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Ha ba ntse ba ithuta Bibele, ba ile ba tseba hore Bakreste ba lokela ho itlhoekisa “tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea” ka ho qoba ho sebelisa kapa ho khothalletsa mekhoa e litšila, e kang ho tsuba koae, ho sebelisa lithethefatsi hampe le ho hlafuna betel nut. (2 Bakorinthe 7:1) Ba ne ba tla etsa eng?

A tšoenngoa ke letsoalo le neng le mo khathatsa, Monghali Lin o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho bala. Nakong eo, Mofumahali Lin o ile a rekisa li-betel nut tsa lifate tsa bona tse hōlileng ’me a fumana chelete e ka holimo ho R14 000. Seo e ne e mpa e le pontšo feela ea se neng se tla tloha se etsahala haeba ba ne ba ka boloka lifate tsa bona. Leha ho le joalo, letsoalo la Monghali Lin le ile la tsoela pele ho mo khebetla.

O ile a loantšana le bothata bona ho fihlela ha ka letsatsi le leng a kōpa Lipaki tsa moo hore li mo remele lifate tseo tsa betel nut. Lipaki li ile tsa mo hlalosetsa hore eo ke qeto ea hae; ka hona, o tla lokela ho “jara mojaro oa hae” ’me e be eena ea remang lifate tseo. (Bagalata 6:4, 5) Li ile tsa mo khothalletsa hore a hopole tšepiso e ho 1 Bakorinthe 10:13, e reng: “Ha ho moleko o le tšoereng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me ha a na ho le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” Lipaki li ile tsa boela tsa mo behela lebaka, tsa re: “Haeba re u remela lifate tsena, u ka ’na ua ikoahlaea eaba u beha rōna molato.” Nakoana ka mor’a moo, Mofumahali Lin o ile a tsosoa ke lerata la sakha. Monna oa hae le bana ba ne ba rema lifate tsa betel nut!

Monghali Lin o ile a bona hore Jehova o phetha tšepiso ea Hae. O ile a fumana mosebetsi o sieang letsoalo la hae le hloekile, o mo lumellang ho ba mororisi oa Jehova. O ile a kolobetsoa ka April 1996 kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova.

Ka sebele, Monghali Lin o ile a fela a “rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” ’me a reka ‘perela ea theko e phahameng.’ Hona joale o na le tokelo e ke keng ea lekanngoa ea botsoalle le Jehova Molimo le ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso oa Hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela