Mathata a Ikhethang a Malapa a Lenyalo la Bobeli
● Dr. Patricia Papernow, ea ithutileng ka malapa a lenyalo la bobeli o re: “ho leka ho rarolla mathata a lelapa lenyalong la bobeli u sebelisa mohlala oa lenyalo la pele, ho tšoana le ho tsamaea literateng tsa toropong e ’ngoe u sebelisa ’mapa oa toropo e ’ngoe e fapaneng.”
Hase feela hore mathata a teng malapeng a lenyalo la bobeli aa ikhetha empa a boetse a rarahane ho feta a teng malapeng a lenyalo la pele. Ha e le hantle, setsebi sa kelello e leng William Merkel se hlalosa lelapa la lenyalo la bobeli e le “kamano e rarahaneng ka ho fetisisa, eo e seng ea tlhaho le e boima eo batho ba e tsebang.”
Haeba ho le boima ka tsela eo, malapa a lenyalo la bobeli a ka atleha joang? Kamano e teng lelapeng la lenyalo la bobeli e ka tšoantšoa le moroko o kopanyang masela a manyenyane hammoho. Le hoja moroko oo o ke ke oa tiea hantle qalong, qetellong masela a rokeletsoeng hammoho a ka tiea joaloka lesela le e-s’o ka le sehoa—haeba a rokeletsoe hantle.
A re hlahlobeng a mang a mathata a tloaelehileng ao malapa a lenyalo la bobeli a tobanang le ’ona le litsela tse thusitseng malapa a mangata hore a phele a kopane. Joale re tla bala ka mehlala e mene ea malapa a lenyalo la bobeli a ileng a atleha.
BOTHATA BA PELE: HA LINTHO TSE LEBELETSOENG LI SA PHETHAHALE
“Ke ne ke nahana hore bana ba ka ba lenyalong la bobeli ba tla nkamohela haeba ke ba bontša lerato ke bile ke ba tsotella, empa seo ha se e-s’o etsahale esita le ka mor’a lilemo tse robeli.”—Gloria.a
HANGATA batho ba lebella lintho tse khōlō lenyalong la bobeli. Batsoali ba ba le tšepo ea hore ba tla qoba kapa ba lokise liphoso tseo ba ileng ba li etsa lenyalong la pele le ho fumana lerato le tšireletso tse neng li le sieo lenyalong leo. Lintho tse ling tseo ba li nahanang ke litoro feela, empa haeba li sa phethahale, li ka ba bakela khatello maikutlong. Joalokaha Bibele e bolela: “Ha tebello e ntse e chechisetsoa morao, e u kulisa pelo.” (Liproverbia 13:12, Beck) Ho thoe’ng haeba ho se phethahale ha lintho tseo u li lebeletseng ho u kulisa pelo?
SEO U KA SE ETSANG
U se ke ua bipetsa maikutlo, u nahana hore u tla khaotsa ho ikutloa u soetsehile. Ho e-na le hoo, batla hore na ke ntho efe eo u e lebeletseng e sa phethahaleng, e etsang hore u tšoenyehe. Ka mor’a moo, batla lebaka le etsang hore u lebelle ntho eo, e le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha u e lebeletse. Qetellong, leka ho fumana lintho tseo u ka khonang ho li finyella hona joale. Mehlala e meng ke ena:
1. Li sa tloha feela, ke tla rata bana ba ka ba lenyalong la bobeli, ’me le bona ba tla nthata.
Hobane’ng? Haesale ke lakatsa ho ba lelapeng le mofuthu le le momahaneng.
Ho talima lintho ka tsela ea sebele: Lerato la rōna le tla hōla ha nako e ntse e e-ea. Ntho ea bohlokoa hona joale ke hore re ikutloe re sireletsehile re bile re hlomphana ka lapeng.
2. Litho tsohle tsa lelapa le lecha li tla ikamahanya le maemo ka potlako.
Hobane’ng? Re itokiselitse ho qala lintho bocha.
Ho talima lintho ka tsela ea sebele: Hangata, malapa a lenyalo la bobeli a nka lilemo tse ’nè ho isa ho tse supileng pele a tsitsa. Re tobana le mathata a tšoanang le ao malapa a mang a tobanang le ’ona.
3. Re ke ke ra ngangisana ka chelete.
Hobane’ng? Lerato la rōna le tla re thusa ho qoba ho ngangisana ka lintho tse sa reng letho.
Ho talima lintho ka tsela ea sebele: Re bile le mathata a tebileng a lichelete manyalong a rōna a pele. E ka ’na eaba ha re e-s’o lokolohe hore re ka arolelana chelete eohle eo re nang le eona.
BOTHATA BA BOBELI: KAMOO LE KA UTLOISISANANG KATENG
“Re ile ra tloaela maemo a macha kapele—litho tsohle tsa lelapa la rōna le lecha li ile tsa tšoarana hantle ho tloha qalong feela.”—Yoshito.
“Ke nkile lilemo tse ka bang leshome pele ke leka ho sebetsa ka thata e le hore lelapa leso la lenyalong la bobeli le atlehe.”—Tatsuki, mor’a Yoshito oa lenyalong la bobeli.
JOALOKA Yoshito le Tatsuki, ho ka etsahala hore litho tsa lelapa la bobeli li se ke tsa bona lintho ka tsela e tšoanang. Ke hobane’ng ha see se etsahala? Ha ho hlaha mathata, u ka ’na ua batla ho a rarolla kapele. Empa e le hore u atlehe, u lokela ho utloisisa ba lelapa la hao kapa leno pele.
Ke habohlokoa hore u hlokomele tsela eo u buang ka eona, kaha lintho tseo u li buang li ka lokisa boemo kapa tsa bo mpefatsa. Joalokaha Bibele e bolela: “Lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) U ka sebelisa leleme la hao joang ka tsela e tla etsa hore ho be le kutloano ho e-na le ho e sitisa?
SEO U KA SE ETSANG
• Thahasella maikutlo a ba bang ’me u ba utloele bohloko ho e-na le ho ba ahlola. Ka mohlala:
Haeba mor’a hao a re: “Ke hopotse ntate oa ka,” amohela hore o lahlehetsoe. Ho e-na le hore u re, “Ntate oa hao oa bobeli oa u rata ebile o u hlokomela ho feta oa pele,” leka ho re: “E tlameha ebe u thatafalloa e le kannete. Ak’u mpolelle, ke’ng seo u se hopolang haholo ka ntate oa hao?”
Ho e-na le hore u behe molekane oa hao oa bobeli molato ka hore u re, “Haeba u ne u le motsoali ea molemo, mor’a hao a ka be a se mekhoa e mebe hakana,” mo bolelle kamoo u ikutloang kateng. Leka ho re: “Ke kōpa u hopotse Luke hore a ntumelise ha a kena ka tlung. Seo se ka nthabisa.”
• Sebelisang nako ea lijo, ea boithabiso le ea borapeli hore le tsebane.
• Itloaetseng ho ba le seboka sa lelapa bohle ba le teng. Litho tsohle tsa lelapa li lokela ho fuoa monyetla oa ho bua li sa kenoe hanong, li qale ka ho bolela ntho eo li e ratang ka lelapa le lecha ebe li qetella ka ho bolela ntho eo li tšoenyehileng ka eona. Bontša tlhompho le haeba u sa lumellane le taba e itseng, ’me u kōpe ba bang hore ba fane ka tharollo.
BOTHATA BA BORARO: HO ETSA HORE BOHLE BA IKUTLOE E LE KAROLO EA LELAPA
“Mosali oa ka le bana ba hae ba iketsa khokanyana phiri ebe joale ba nkemella ka litletlebo. Ha ke karolo ea lelapa, ke ikutloa eka ke ntšunya khare.”—Walt.
BOIKUTLO ba ho tšaba ho se nkoe u le karolo ea lelapa bo ka tlisa mathata a mangata ho feta kamoo u ka nahanang kateng. Ka mohlala:
• Bana bao pele ho lenyalo ba neng ba utloana le motho ea batlang ho nyalana le motsoali oa bona, hangata ba ba le bothata ka mor’a lenyalo.
• Motsoali oa bobeli o shoela ngoana ea lilemo li tšeletseng mōna.
• Ho phehoa-khang e khōlō ka lintho tse sa reng letho tsa lapeng.
Taba ena e ama le batsoali ba tlileng le bana lenyalong, hobane ba ka ba tlas’a khatello haeba lelapa le sitoa ho phelisana ka khotso. Carmen o re: “Ho leka ho rarolla ho se utloane ho pakeng tsa monna oa ka le bana ba ka ba babeli ho thata haholo.”
Molao oa Khauta o fana ka tharollo bothateng bona. Jesu o itse: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ke’ng seo malapa a lenyalo la bobeli a ka se etsang e le hore litho tsohle li ikutloe e le karolo ea lelapa?
SEO U KA SE ETSANG
• Beha lenyalo la hao sebakeng sa pele. (Genese 2:24) Qeta nako u e-na le molekane oa hao e mocha, ’me u hlakisetse bana hore na boemo ba hae ke bofe ka lapeng. Ka mohlala, haeba ntate a tl’o nyala, a ka bolella bana ba hae sena le pele a nyala: “Ke rata Anna, ’me e tl’o ba mosali oa ka. Kea tseba hore le tla mo hlompha.”
• Behella ka thoko nako eo u tla e qeta le ngoana ka mong. Ho ipha nako ea bona ka ho khetheha ho ka ba bontša hore ke ba bohlokoa ho uena le hore ua ba rata.
• Qeta nako le bana ba molekane oa hao ka bomong, e le hore u thehe setsoalle le bona ho sa hlokahale hore motsoali oa bona a kene lipakeng.
• Etsa hore bana “e be karolo ea lelapa le lecha” u sa leke ho ba lebatsa lelapa la bo bona la pele. Hangata ke hantle hore u se ke ua qobella bana ba lenyalong la bobeli hore ba u bitse ka tsela eo ba neng ba bitsa motsoali oa bona oa sebele ka eona. Qalong bana ba seng ba le baholo ba ka ’na ba thatafalloa ke ho sebelisa mantsoe a kang “lelapa leso” kapa “rōna” ha ba bua ka lelapa la lenyalong la bobeli.
• E-fa ngoana e mong le e mong mosebetsi oo a lokelang ho o phetha ka lapeng, setulo seo a tla lula ho sona ha lelapa le le tafoleng le sebaka sa hae ka tlung. Sena se akarelletsa bana ba sa luleng le lōna kamehla.
• Nahana ka ho falla kapa ho lokisa ntlo eo le seng le ntse le e-na le eona, e le hore litho tse ncha tsa lelapa li ka ikutloa e le karolo ea lelapa.
BOTHATA BA BONE: HO KHALEMELA BANA
“Ha ke leka ho khalemela bana ba Carmen, oa ba tšelisa ho e-na le hore a ntšehetse.”—Pablo.
“Ke utloa bohloko haholo ha Pablo a tšoara bana ba ka hampe.”—Carmen.
KE HOBANE’NG ha ho hōlisa bana ho ka baka ho se utloane lenyalong la bobeli? E ka ’na eaba ho ne ho sa tiisoe letsoho ha ho khalemeloa bana lelapeng la motsoali a le mong. Ha motsoali oa bobeli a sa tsoa fihla lelapeng le lecha, ho ka etsahala hore ebe ha a e-s’o be le lerato le lekaalo ho bana. Phello e ka ba efe? Motsoali oa bobeli a ka bona eka motsoali eo bana e leng ba hae oa ba tetesa, ha ka lehlakoreng le leng motsoali oa bana a bona eka motsoali oa bobeli o ba tšoara hampe.
Bibele e khothalletsa hore ho sebelisoe teka-tekano ha ho hōlisoa bana, e re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova [Molimo].” (Baefese 6:4) Ke habohlokoa hore u rute ngoana ho sebelisa kelello, ho e-na le ho leka ho laola boitšoaro ba hae. Ka nako e tšoanang, batsoali ba khothalletsoa hore ba bontše mosa le lerato, e le hore ba se ke ba halefisa bana ba bona ha ba ba khalemela.
SEO U LOKELANG HO SE ETSA
• Beha melao e mecha e tla lateloa, ho phaella ho eo le seng le ntse le e-na le eona. Hlokomela bohlokoa ba melao e joalo maemong a latelang:
’Mè oa bobeli o re: Jennifer, molao oa mona lapeng ke hore ha ua lokela ho romela melaetsa ka selefouno pele u qeta mosebetsi oa hao oa sekolo.
Jennifer o re: Ha u ’mè oa ka.
’Mè oa bobeli o re: Ke lumellana le uena Jeni, empa ’nete ke hore ke ’na motho e moholo ea le hlokometseng kajeno, ’me molao ke hore ha ua lokela ho romela melaetsa ka selefouno pele u qeta mosebetsi oa hao oa sekolo.
• Qoba ho etsa melao e mengata haholo kapa ho feto-fetola nako ea lintho tseo le tloaetseng ho li etsa. Kōpo e ka bonahalang e le nyenyane ho motsoali oa bobeli, e ka ba moroalo ho ngoana oa lenyalong la bobeli eo bophelo ba hae bo fetohileng ka tšohanyetso. Ke ’nete hore melao e meng e mecha e ka hlokahala, e kang ho apara ka tsela e nepahetseng le ho fa ba bang nako ea ho ba boinotšing, haholo-holo haeba ho e-na le bana ba baholo lelapeng le lecha.
• Buisanang ka lintho tseo le sa lumellaneng ka tsona moo le leng babeli, eseng ka pel’a bana. Ha ngoana a itšoara ka tsela e itseng e sa amoheleheng, sebetsanang le bothata boo, ho e-na le ho nahana hore bo bakoa ke hore ha aa ka a rutoa hantle lelapeng la pele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tsena.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ho ba le lelapa le momahaneng lenyalong la bobeli ho ka ’na ha bonahala eka ke toro e ke keng ea phethahala
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Mamela ka hloko e le hore u utloisise kamoo ba bang ba ikutloang kateng le hore na ba tšoenyehile ka eng
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Haeba batsoali ba sa lumellane ka taba e itseng, ba lokela ho rarolla bothata boo moo ba leng babeli