Mathata a Ikhethang a Malapa a Lenyalo la Bobeli
HOA KHONEHA HORE HO BE LE MALAPA A LENYALO LA BOBELI A THABILENG! JOANG?
Lelapa le lenyalong la bobeli e se e le mofuta o atileng oa lelapa likarolong tse ngata tsa lefatše. Leha ho le joalo, malapa a lenyalong la bobeli a na le mathata a ikhethang. Ntle ho pelaelo, bothata bo boima ka ho fetisisa ke ba ho hōlisa bana. Leha ho le joalo, joalokaha lihlooho tse peli tse latelang li tla leka ho bontša, hoa khoneha ho hōlisa bana ka katleho lelapeng la lenyalo la bobeli.
KA TLOAELO, BO-NTATE BA BOBELI LE BO-’MÈ BA BOBELI BA BUUOA HAMPE. HA RE SA LE BANA, bongata ba rōna re ’nile ra utloa ka tšōmo e kang ea Mopheme ea neng a sotleha haholo ka lebaka la tšoaro e mpe ea ’mè oa hae oa bobeli ea neng a le khopo. Bana ba Europe le bona ba ithuta ka tšōmo ea Snow White and the Seven Dwarfs. ’Mè oa Snow White oa bobeli e ne e le moloi ea khopo!
Na litšōmo tse joalo li fana ka maikutlo a nepahetseng ka malapa a lenyalo la bobeli? Na batsoali bohle ba bobeli ba khopo hakaalo? Che. Boholo ba bona ba batla feela se molemo bakeng sa bana bao ba ba fumaneng lenyalong la bona la bobeli. Empa ba tlameha ho tobana le mathata a boima a tloaelehileng bophelong ba lelapa la lenyalo la bobeli.
Mathata a ho Hōlisa Bana
Ha lenyalo la pele le qhalana, hangata sesosa ke ho se hōle likelellong ka ho lekaneng ha balekane. Lenyalong la bobeli, ho sebetsana le bana ho ka fana ka khatello kamanong ea lenyalo. Litlaleho tse ling li bontša hore malapa a fetang a mane ho a leshome a lenyalo la bobeli a qetella ka tlhalo lilemong tsa ’ona tse hlano tsa pele.
Banyalani ba bacha ba ka ’na ba se ke ba hlokomela pherekano ea maikutlo, ntoa ea ho tšepahala, mōna hammoho le ho khopeha tseo ho fihla ha motsoali oa bobeli ho li bakang ho bana ba motsoali e mong. Ba ka ’na ba nahana hore motsoali oa bobeli o tlil’o ba nkela lerato la motsoali oa bona. Ho feta moo, motsoali oa bona ea siiloeng ke molekane a ka ’na a fumana ho le boima ho utloisisa kamano e ntseng e tsoela pele ea bana ba hae le molekane oa hae oa pele. Moshemane e mong o ile a leka ho hlalosa kamano e ntle eo a neng a e-na le eona le ntate oa hae, a re: “’Mè, kea tseba hore Ntate o ne a u tšoere hampe, empa ’na o ntšoere hantle!” Tlhaloso e joalo, le hoja e tšepahala, e ka ’na ea etsa hore ’mè a hloee ntate oa ngoana.
Ntate e mong eo e leng motsoali oa bobeli o ile a bolela: “Ke ne ke hlile ke se boemong bo loketseng ba ho sebetsana le mathata ’ohle a amanang le ho hōlisa bana bao ke ba fumaneng lenyalong la ka la bobeli. Ke ne ke nahana hore kaha ke nyetse ’m’a bona, ke ntat’a bona. Ke ne ke sa bone letho le thata mono! Ke ne ke sa utloisise kamano eo bana bana ba nang le eona le ntate oa bona, ’me ke ile ka etsa liphoso tse ngata.”
Likhohlano li ka hlaha, haholo-holo tabeng ea taeo. Bana ba hloka taeo e lerato, empa hangata baa e hana esita leha ba e fuoa ke motsoali oa bona oa sebele. Joale ho thata hakaakang ho e amohela ha e tsoa ho motsoali oa bona oa bobeli! Ka ho tloaelehileng, ngoana oa motsoali e mong ha a talimane le taeo a ka ’na a bua se kang sena, “Ha u Ntate!” Mantsoe ao a ka utloisa bohloko hakaakang ho motsoali oa bobeli ea nang le boikemisetso bo botle!
Na bana ba ka hōlisoa ka katleho lelapeng la motsoali oa bobeli? Na batsoali ba bobeli ba ka phetha karolo e ntle ho haheng lelapa le atlehileng? Karabo ea lipotso tsena ka bobeli ke e, haeba bohle ba amehang ba latela keletso ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
“Ha u Ntate!”