Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 maq. 28-29
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Babatsa Batho ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Babatsa Batho ba Bang?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sheba Litšobotsi Tse Ntle ho Batho ba Bang
  • Ananela Liketso Tse Ntle Tsa ba Bang
  • Pabatso e na le Tšusumetso e Matla
  • “Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Falimehela Bohlokoa ba ho Babatsa Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Babatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ho Babatsa Hoa Khatholla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 4/12 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Babatsa Batho ba Bang?

BATHO ba bangata ba ikutloa eka ba bang ha ba ananele lintho tseo ba li etsang. Ka mohlala, hangata basebetsi ba ikutloa eka bahiri ba bona ha ba ba nke e le batho ba bohlokoa. Batho ba bangata ba lenyalong ba ikutloa eka balekane ba bona ha ba ba tsotelle. Bana ba bang bona ba nahana hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tseo batsoali ba bona ba lebeletseng hore ba li finyelle. Ka ho hlakileng, maikutlo a joalo a ne a ka fokotseha haeba feela re ne re ikemiselitse ho babatsana nako le nako.

Lefatšeng la kajeno pabatso ea sebele ea haella. Sena ha se makatse kaha Bibele e boletse esale pele ea re: “Empa tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng.”—2 Timothea 3:1, 2.

Na u kile oa babatsoa e le kannete? Joale u tseba kamoo seo se ka thabisang motho kateng sa ba sa mo tsosa molota. Bibele e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Mangolo a Halalelang a ka re thusa hore re bontšane mosa.

Sheba Litšobotsi Tse Ntle ho Batho ba Bang

Kaha Molimo o re tsotella e le kannete, o lemoha le ho ananela litšobotsi le liketso tsa rōna tse ntle. Bibele ea re kholisa e re: “Mahlo a [Molimo] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Haeba re bontša hore re rata Molimo ka ho mamela litaelo tsa hae, ruri o tla bona hore rea mo rata.

Jehova Molimo ha a shebe liphoso tsa rōna. Haeba a ne a li sheba, ho ne ho se le ea mong oa rōna ea neng a ka ema ka pel’a hae. (Pesaleme ea 130:3) Ho e-na le hoo, Jehova o tšoana le motho ea sebetsang morafong, eo ka mamello a batlang ka hloko majoe a bohlokoa liqubung tsa majoe. Ha motho eo a fumana lejoe la bohlokoa oa thaba. Lejoe lena le ka ’na la se ke la bonahala e le la bohlokoa empa motho enoa o bona bohlokoa ba lona. Ka ho tšoanang, ha Molimo a hlahloba lipelo tsa rōna o sheba litšobotsi tse ntle eseng liphoso. Ha a li fumana oa thaba. Oa tseba hore haeba re tsoela pele ho ntlafatsa litšobotsi tsena, re ka ba batho ba bohlokoa—barapeli ba tšepahalang le ba inehetseng ba Jehova.

Re ka ithuta mohlaleng oa Molimo. Ha re sheba batho ba bang, re ka ’na ra ba le tšekamelo ea ho sheba liphoso tsa bona. Joale haeba re talima batho ho ea kamoo Jehova a ba talimang kateng, re tla bona litšobotsi tse ntle ho bona. (Pesaleme ea 103:8-11, 17, 18) Ha re fumana hore ba na le litšobotsi tse molemo re ka ba babatsa. Liphello e tla ba life? Ka sebele, mantsoe a rōna a tla ba matlafatsa ’me ba ka ’na ba leka ka matla ho etsa se nepahetseng! Ka lehlakoreng le leng, re tla fumana thabo e tlisoang ke ho ba batho ba fanang.—Liketso 20:35.

Ananela Liketso Tse Ntle Tsa ba Bang

Hangata Jesu o ne a lemoha a bile a ananela liketso tse molemo tsa batho ba bang. Ka nako e ngoe, ha mosali ea kulang ea neng a tšohile a ama ka lekunutu seaparo sa Jesu sa ka ntle e le hore a fole, Jesu o ile a mo babatsa a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse.”—Mareka 5:34.

Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng ea Jerusalema, o ile a bona ha batho ba bangata ba ruileng ba akhela chelete ka letlōleng la polokelo. Eaba o bona mohlolohali ea hlokang a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.” Ba bang ba ne ba nehetse chelete e ngata ho mo feta. Leha ho le joalo, Jesu o ile a babatsa mohlolohali eo phatlalatsa ka ho fana ka seatla se bulehileng, ka ho re: “Kannete kea le bolella, mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho fetang hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.”—Luka 21:1-4.

Re ka etsisa Jesu joang? Bibele e re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.”—Liproverbia 3:27.

Pabatso e na le Tšusumetso e Matla

Lefatšeng lena le hlokang kananelo, kaofela ha rōna re hloka ho ikutloa re le batho ba bohlokoa re bile re ratoa. Ha re babatsa batho ba bang ho tloha pelong rea ba matlafatsa le ho ba khothatsa. Seo se ba susumeletsa hore ba lule ba etsa se molemo.—Liproverbia 31:28, 29.

Bibele e phehella Bakreste bohle ka hore: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheberu 10:24) Lefatše e ka be e le sebaka se fapaneng le seo le leng sona, haeba batho kaofela ba ne ba tsotellana, ba sheba litšobotsi tse ntle ho ba bang ba bile ba ananela liketso tsa bona tse ntle. Pabatso e na le tšusumetso e matla e le kannete!

NA U KILE UA IPOTSA?

● Ke hobane’ng ha re lokela ho babatsa batho ba bang ha ba etsa lintho tse ntle?—Liproverbia 15:23.

● Ha Jehova a hlahloba lipelo tsa rōna ke eng seo a hlileng a se shebang?—2 Likronike 16:9.

● Re lokela ho babatsa batho ba bang neng?—Liproverbia 3:27.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Na u lemoha liketso tse ntle tsa batho ba bang le ho li ananela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela