Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/03 leq. 1
  • Ho Babatsa Hoa Khatholla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Babatsa Hoa Khatholla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lentsoe le Buuoang ka Nako ea Lona e Nepahetseng le Molemo Hakaakang!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Falimehela Bohlokoa ba ho Babatsa Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Babatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Babatsa Batho ba Bang?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 11/03 leq. 1

Ho Babatsa Hoa Khatholla

1 Ngoananyana e mong o ile a lla ha a robala a re: “Na ke ne ke sa itšoara hantle kajeno?” Potso eo e ile ea makatsa ’mè oa hae. Le hoja a ne a hlokometse kamoo moralinyana oa hae a neng a leka ka matla kateng ho itšoara hantle letsatsing leo, ha aa ka a bua letho ho mo babatsa ka seo. Likhapha tsa ngoananyana eo li lokela ho re hopotsa hore kaofela ha rōna—ba bacha le ba baholo—re hloka ho babatsoa. Na re khatholla ba haufi le rōna ka ho ba babatsa ka lintho tse ntle tseo ba li etsang?—Liprov. 25:11.

2 Re na le mabaka a mangata a utloahalang a ho babatsa Bakreste-’moho le rōna. Baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho ba sebetsa ka thata ho phethahatsa boikarabelo ba bona. (1 Tim. 4:10; 5:17) Batsoali ba tšabang Molimo ba etsa sohle se matleng a bona ho hōlisa bana ba bona ka litsela tsa Jehova. (Baef. 6:4) Bacha ba Bakreste ba loana ka thata ho hanela “moea oa lefatše.” (1 Bakor. 2:12; Baef. 2:1-3) Ba bang ba sebeletsa Jehova ka botšepehi le hoja ba hōlile lilemong, ba kula, kapa ba tleloa ke liteko tse itseng. (2 Bakor. 12:7) Kaofela ha bona ba lokela ho babatsoa. Na re ananela boiteko bo babatsehang boo ba bo etsang?

3 Ho Babatsa Motho ka Mong le ka ho Toba: Ka sebele kaofela ha rōna re thabela ho utloa re babatsoa sethaleng. Leha ho le joalo, ho khatholla le ho feta ha re babatsoa re le batho ka bomong. Ka mohlala, khaolong ea 16 ea lengolo la hae le eang ho Baroma, har’a ba bang Pauluse o ile a qolla Fibi, Priska le Akuila, Tryfina le Tryfosa le Persise, a ba babatsa. (Bar. 16:1-4, 12) E tlameha ebe mantsoe a hae e bile a khathollang hakaakang ho bao ba tšepahalang! Thoriso e joalo e tiisetsa bara le barali babo rōna hore rea ba hloka ’me ea re momahanya. Na morao tjee u babalitse motho ea itseng ka ho toba?—Baef. 4:29.

4 Ho Tsoa Pelong: E le hore pabatso e be e khathollang e le kannete, e lokela ho etsoa ka botšepehi. Batho ba khona ho bona ha re bua se tsoang pelong le ha re mpa feela re ‘rorisa ho tlōlisa ka leleme.’ (Liprov. 28:23) Ha re ntse re itloaetsa ho hlokomela se molemo ho ba bang, lipelo tsa rōna li tla susumelletseha ho ba babatsa. E se eka re ka babatsa ba bang ka bolokolohi ho tsoa pelong, re tseba hore “lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!”—Liprov. 15:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela