Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/12 leq. 5
  • 2. Li Boloke li Hloekile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2. Li Boloke li Hloekile
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kichine e ka ba Sebaka se Nyakallisang
    Tsoha!—1997
  • Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2015
  • Ho Talimana le Phephetso ea Bohloeki
    Tsoha!—1988
  • Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 6/12 leq. 5

2. Li Boloke li Hloekile

FEELA joalokaha ngaka e buoang e sireletsa bakuli ba eona ka hore e hlape matsoho, e bolaee likokoana-hloko thepeng eo e e sebelisang le ho boloka phaposi eo e sebeletsang ka ho eona e hloekile, u ka sireletsa lelapa la hao ka hore u itlhoekise, u hloekise kichine ea hao le lijo.

● Hlapa matsoho.

Mokhatlo oa Sechaba oa Bophelo bo Botle, Canada o re “matsoho a jala likokoana-hloko tse ka etsang karolo ea 80 lekholong tsa maloetse a tšoaetsanoang a kang sefuba le feberu.” Kahoo, hlapisisa matsoho ka sesepa le metsi pele u e-ja, ka mor’a hore u sebelise ntloana le ha u pheha.

● Boloka kichine ea hao e hloekile.

Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore le hoja batho ba leka ka matla ho boloka ntloana e le sebaka se hloekileng ka ho fetisisa ka tlung, “lintho tse silafalitsoeng haholo ke baktheria e tsoang mantleng ke seponche le lifatuku tse ka kichineng.”

Kahoo, lula u chencha lifatuku, ’me u sebelise metsi a chesang a nang le sesepa kapa sesepa se bolaeang likokoana-hloko ha u hloekisa bokaholimo ba thepa e ka kichineng. Ke ’nete hore ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo. Mosali e mong ea bitsoang Bola, o lula ka tlung e se nang pompo ea metsi. O re: “Ho boima haholo. Empa re etsa bonnete ba hore re lula re e-na le sesepa le metsi, e le hore re boloke kichine ea rōna le ntlo e hloekile.”

● Tsokotsa meroho le litholoana.

Pele meroho le litholoana li rekisoa, e ka ’na eaba li se li silafalitsoe ke metsi a litšila, liphoofolo, mantle kapa lijo tse ling tse tala. Kahoo, le haeba u rera ho ebola litholoana kapa meroho, e tsokotse hantle e le hore u ka tlosa libaktheria tse kotsi. Ho nka nako ho etsa joalo. Daiane, e leng ’mè ea lulang Brazil o re: “Ha ke etsa salate, ke leka hore ke se ke ka tata e le hore ke tiise hore ke hlatsoisisa meroho hantle.”

● Beha nama e tala thōko le lijo tse ling.

E le hore u thibele baktheria ho ata, koahela kapa u phuthele hantle nama e tala, nama ea khōhō le tlhapi, ’me u li behe thōko le lijo tse ling. Sebelisa liboroto le lithipa tse sa tšoaneng ha u seha nama, kapa u hlatsoe boroto le thipa eo ka sesepa le metsi a chesang pele kapa ka mor’a hore u sehele nama e tala kapa tlhapi holim’a eona.

Kaha hona joale u itlhoekisitse, u hloekisitse lintho tseo u li sebelisang le lijo tseo u li phehang, u ka etsa joang hore u phehe ka tsela e sireletsehileng?

[Lebokose le leqepheng la 5]

KOETLISA BANA: “Re ruta bana ba rōna hore ba hlape matsoho pele ba e-ja kapa ba lahle lijo tse oetseng fatše.”—Hoi, Hong Kong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela