Ke Eng eo U Neng U ka e Fetola?
Ke ntho efe e etsahalang lefatšeng e u tšoenyang haholo?
TLALA
BOFUMA
MALOETSE
TLŌLO EA MOLAO
HO HLOKA TOKA
NTOA
TŠILAFALO EA MOEA
KHETHOLLO
Ke ntho efe ho tse latelang eo u ka ratang ho bona e etsahala?
KHOTSO PAKENG TSA LICHABA
THUSO EA BONGAKA E MOLEMO LE E SA BITSENG CHELETE E NGATA
HO FELA HA KHETHOLLO
LIJO TSE NGATA LE METSI A NOOANG
POLOKEHO METSENG EA RŌNA
TIKOLOHO E HLOEKILENG
TOKA HO BATHO BOHLE
Na liphetoho tseo u lakatsang ho li bona li etsahala lefatšeng li tla ke li be teng? Batho ba bang ba re ho hlokahala puso e molemo e le hore lefatše le fetohe. Na babusi ba lefatše ba tla fetola lefatše la rōna hore e be sebaka se molemo? Lintho tse etsahalang li senola eng?