Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 maq. 4-8
  • Ke Eng e Lokelang ho Fetoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Lokelang ho Fetoha?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Lefatše Lohle
  • Tumellano e Kopanetsoeng
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Ke Eng eo U Neng U ka e Fetola?
    Tsoha!—2012
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 maq. 4-8

Ke Eng e Lokelang ho Fetoha?

“’Muso hase tharollo ea mathata a rōna; ke oona o bakang mathata.”—Ronald W. Reagan, puong ea hae ha a qeta ho hlomamisoa e le mopresidente oa bo40 oa United States.

HO SE ho fetile lilemo tse ka holimo ho 30, Ronald Reagan a buile mantsoe ao. Ka nako eo, United States e ne e tobane le qaka e khōlō eo Reagan a ileng a re ke “ho putlama ho hoholo ha moruo.” O ile a phaella ka ho re: “Lintho ha li e-s’o ture hakana haesale historing ea naha ea rōna. Ka lilemo tse mashome re ’nile ra ba le sekoloto ka mor’a sekoloto, e leng se ileng sa re ruisa molemo ka nakoana, empa sa thunthetsa bokamoso ba rōna le ba bana ba rōna. Haeba tloaelo ena e tsoela pele, e tlil’o re bakela mathata a maholo sechabeng, setsong sa rōna, lipolotiking le moruong.”

Le hoja Reagan a ne a bona lintho ka tsela e lerootho joalo, o ne a e-na le tšepo e itseng. O ile a re: “Mathata a moruo ao re nang le ’ona, a ’nile a re hlahela ka lilemo tse ngata. A ke ke a rarolleha ka letsatsi, ka libeke kapa ka likhoeli, empa a tla rarolleha.”

Maemo a joang kajeno? Tlaleho ea 2009 ea Lefapha la Matlo le Ntlafatso ea Litoropo la United States, e ile ea re: “Batho ba bangata . . . ba angoa ke ho haella ha litšebeletso tsa ’muso tse akarelletsang matlo le litšebeletso tsa bongaka. Ha e le hantle, [mokhatlo oa Machaba a Kopaneng], e leng UN-HABITAT, o re o lebeletse hore pele ho fela lilemo tse 30, motho a le mong ho ba bararo o tla be a feletsoe ke tšepo—a se na tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere, metsi a hloekileng, a bile a pepesehetse maemo a leholimo a ntseng a fetoha, a etsang hore maloetse a ate.”

Bothata ba Lefatše Lohle

Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, ak’u nahane ka lipotso tse latelang:

● Na u ikutloa u tsitsitse licheleteng ho feta lilemo tse leshome tse fetileng?

● Na u nahana hore uena le lelapa la hao le fumana thuso ea bongaka e loketseng?

● Na tikoloho eo u phelang ho eona e hloekile ebile e ntlafalitsoe?

● Ha u nahana ka bokamoso, na u bona eka maemo a tla ntlafala lilemong tse leshome, tse 20, kapa tse 30 tse tlang?

Tumellano e Kopanetsoeng

Mebuso e mengata e entse tumellano e kopanetsoeng—e ngotsoeng kapa e etsoang pakeng tsa babusi le baahi e hlalosang ka ho hlaka litokelo le boikarabelo bo lokelang ho phethoa ke mahlakore ka bobeli. Ka mohlala, hangata baahi ba lebeletsoe hore ba mamele melao ea naha, ba lefe lekhetho le hore ba kenye letsoho ho etsa hore ho be le tikoloho e bolokehileng. Ho feta moo, hangata babusi ba tšepisa baahi lintho tse kang, thuso ea bongaka e loketseng, teka-tekano le botsitso licheleteng.

Na mebuso e phethahalitse litšepiso tsee tse tharo? Nahana ka bopaki bo bontšitsoeng maqepheng a mararo a latelang.

Thuso ea Bongaka e Loketseng

Seo batho ba ka thabelang ho se bona: Phekolo e sa bitseng chelete e ngata le e sebetsang.

Se hlileng se etsahalang:

● Tlaleho e mabapi le tsamaiso ea likhoerekhoere le bohloeki e entsoeng ke Banka ea Lefatše e re, “letsatsi le letsatsi, bana ba 6 000 ba bolaoa ke mafu a amanang le tsamaiso e sa lokelang ea likhoerekhoere, litšila le metsi a sa hloekang. Ngoana a le mong o bolaoa ke letšollo metsotsoana e meng le e meng e 20.”

● Phuputsong e entsoeng ka 2008 ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) e mabapi le litšebeletso tsa bongaka “linaheng tse ruileng le tse futsanehileng,” e bontšitse hore “litšebeletso tsa bongaka ha li fanoe ka ho leka-lekana” ’me “ha li finyelle litlhoko tsa sechaba tse ntseng li eketseha tsa ho batla litšebeletso tse seng leeme, tse sa bitseng chelete e ngata le tse lekaneng.”

Lilemo tse peli hamorao, WHO e ile ea fumana hore “mebuso e hlōleha ho lefella litšebeletso tsa bongaka. Ha baahi ba ntse ba tsofala, ba bangata ba tšoaroa ke maloetse a sa foleng, ho hlaha maloetse a macha ’me ho e-ba le mekhoa ea phekolo e theko e boima, litšebeletso tsa bongaka lia bitsa.”

● Ho hlahile liphetoho tse sa lebelloang ho tsa bongaka: Meriana eo pele e neng e tšeptjoa, ha e sa sebetsa. Maloetse ao lilemong tse fetileng a neng a bolaea batho ba limilione, a kang lepera le lefuba, a ne a kokobetsoa ka meriana e thibelang likokoana-hloko e ileng ea qala ho sebelisoa ka bo-1940. Empa hona joale, tlaleho ea WHO ea Letsatsi la Lefatše la Bophelo bo Botle la 2011 e re, “likokoana-hloko tse hlōlang meriana li ntse li ata. Meriana e mengata eo pele ho neng ho tsejoa hore ea phekola, e se e hlōleha. Ha ho na meriana e khonang ho loantša likokoana-hloko tseo.”

Ke eng e lokelang ho fetoha: Re hloka ho bona ho phethahala ha boprofeta ba Bibele bo bolelang esale pele ka nako eo ‘ho tla beng ho se na moahi ea tla re: “Kea kula.”’—Esaia 33:24.

Toka le Teka-tekano

Seo batho ba ka thabelang ho se bona: Ho fela ha khethollo ea morabe o itseng; tlhekefetso ea basali le teka-tekano pakeng tsa batho ba ruileng ka ho fetisisa le ba futsanehileng.

Se hlileng se etsahalang:

● Tlaleho ea Seboka sa Baeta-pele se mabapi le Letlōle la Litokelo Tsa Botho la Thuto e ile ea re: “Litlhaselo tse mabifi khahlanong le batho ka bomong, matlo a borapeli, litsi tsa sechaba ka lebaka la khethollo ea morabe, bolumeli, ho hlaseloa ha batho ba khethang ho ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba bona, kapa batho ba tsoang linaheng tse ling, li phahame haholo ka tsela e sa amoheleheng Amerika.”

● Ha Machaba a Kopaneng a ne a fana ka puo sebokeng sa baqolotsi ba litaba se mabapi le tlaleho ea Progress of the World’s Women: In Pursuit of Justice, a ile a re: “Basali ba limilione lefatšeng ka bophara ba tsoela pele ho tšoaroa ka leeme, ho hlekefetsoa malapeng, mosebetsing le sechabeng.” Ka mohlala, Afghanistan, basali ba etsang karolo ea 85 lekholong ha ba fumane thuso ea lichelete litabeng tsa bongaka ha ba beleha. Yemen, ha ho na melao e khahlanong le tlhekefetso ea malapeng. Athe Democratic Republic of Congo teng, ka kakaretso ho betoa basali ba fetang sekete ka letsatsi.

● Ka October 2011, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, e leng Ban Ki-moon o ile a re: “Lefatše la rōna le na le ho se tšoane ka tsela e makatsang. Ho na le lijo tse ngata, empa batho ba bilione ba bolaoa ke tlala. Batho ba ’maloa ba hafa ka nkatana, empa ba bang ba bangata ba kolla ntši hanong. Ho na le tsoelo-pele e khōlō ho tsa bongaka empa letsatsi le letsatsi ho shoa basali ba bangata nakong ea ho pepa . . . Ho sebelisoa liranta tse libilione ho reka libetsa tse bolaeang batho, ho e-na le ho ba sireletsa.”

Ke eng e lokelang ho fetoha: Re hloka ho bona batho ba merabe e itseng le basali ba tšoaroa ka ho lekana le ho bona ho felisoa batho ‘ba amohang ba hlorileng toka.’—Esaia 10:1, 2.

Moruo o Tsitsitseng

Seo batho ba ka thabelang ho se bona: Batho bohle ba sebetsa; ba tsitsitse licheleteng.

Se hlileng se etsahalang:

● Mokhatlo oa Worldwatch o tlaleha hore “ho na le basebetsi ba bangata ba ka ntlafatsang moruo oa lefatše, empa e ka ’na eaba ha ho na mesebetsi e lekaneng. Ka lebaka la ho putlama ha moruo ho teng hona joale, Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi (ILO) o lekanya hore palo ea batho ba hlokang mosebetsi e nyolohetse ho limilione tse 205, ka 2010.”

● Tlaleho ea litaba ea BBC e re Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi (ILO), o lemosa hore: “Ho putlama ha moruo lefatšeng lohle, ho tlil’o tlisa nako e thata ea hore batho ba fokotsoe mesebetsing, e leng se ka ’nang sa fella ka hore ho be le pherekano sechabeng. Ho se hōle ha moruo ka potlako ho etsa hore ho be le halofo feela ea mesebetsi e hlokahalang. . . . Mokhatlo ona oa [ILO] o boetse o fumane hore batho ba bangata ha baa khotsofala ka lebaka la ho hloka mosebetsi, ’me ba halefisoa ke hore ho bonahala eka batho ba bang ha ba na tšebelisano-’moho e le hore bothata boo bo rarolloe. O ile oa re linaha tse ngata li ka ’na tsa e-ba le merusu, haholo-holo linaha tsa Europe le tsa Maarabo.”

● Buka ea The Narcissism Epidemic e hatisitsoeng ka 2009 e re: United States, “batho ba bangata ba kolota liranta tse ka holimo ho 86 000 likareteng tsa bona tsa ho reka ka mokitlane, e leng likoloto tse imenneng ka makhetlo a mararo ho tloha ka 1990.” Bangoli ba buka eo ba re, batho ba bangata ba ikenya likolotong hore feela ba bonahale eka ba ruile. Buka eo e re: “Maamerika a bona batho ba bang ba tsamaea ka likoloi tse mabaibai, ba apere liaparo tse ntle, ’me ba nahana hore e tlameha ebe batho bao ba ruile. Bonneteng, hangata ho tla u thusa hore u hopole hore batho bao, ba ikentse likolotong.”

Ke eng e lokelang ho fetoha: Ho lokela hore ho be le mosebetsi bakeng sa batho bohle, hammoho le ho sebelisa chelete ka tsela e leka-lekaneng. Bibele ea lumela hore “chelete ke tšireletso” empa e boetse e lemosa hore “chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”—Moeklesia 7:12; 1 Timothea 6:10.

Boitsebisong boo re bo hlahlobileng leqepheng la bone ho ea ho la borobeli, ho ka bonahala eka ha ho na tšepo ka bokamoso. Leha ho le joalo, seo hase bolele hore ha ho na tšepo. Maemo a lefatše la rōna a tla ntlafala—empa eseng a ntlafatsoa ke mebuso ea batho.

[Lebokose/Krafo e leqepheng la 5]

Bana ba re ba ka fetola eng lefatšeng? Ho ea ka Websaete e bitsoang 4children.org, phuputso e entsoeng Brithani baneng ba ka bang 2 000 ba pakeng tsa lilemo tse 4 le tse 14 e bontšitse hore ba ne ba tla felisa lintho tsena tse latelang:

[Krafo]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

100%

TLALA

NTOA BOFUMA

75%

HO SE LEKA-LEKANE

HO FUTHUMALA HA BATHO

HA LEFATŠE

50%

25%

0%

[Lebokose/Krafo e leqepheng la 5]

Phuputso e entsoeng ka 2009 ke Mokhatlo oa Bertelsmann o Jeremane e senotse lintho tseo bacha ba ka bang 500 ba pakeng tsa lilemo tse 14 le tse 18, ba tšoenyehileng haholo ka tsona.

Tse ling tsa lintho tseo bacha ba neng ba li nka e se tsa bohlokoa hakaalo e ne e le bokhukhuni le baahi ba ntseng ba eketseha. Esita le mathata a lichelete a ne a sa re letho ho bona. Mokhatlo oa Bertelsmann o re e ka ’na eaba sena se bakoa ke hore bacha bana ha ba e-s’o ka ba angoa ke mathata a joalo bophelong ba bona.

[Krafo]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

100%

75% BOFUMA

HO FETOHA HA BOEMO BA

HO HAELLA HA LIJO LEHOLIMO LE HO

LE METSI A NOOANG SENYEHA HA TIKOLOHO

50% MAFU A SEOA LE

MALOETSE LEFATŠENG LOHLE

25%

0%

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela