Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 leq. 5
  • Kōpa Thuso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kōpa Thuso
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Batsoali ba Entseng Mosebetsi oa Bona oa Hae
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 leq. 5

Kōpa Thuso

Ho bohlokoa ho ba le batho ba u thusang, eseng feela ha u le sekolong empa le linthong tseo u tla li etsa nakong e tlang ha u se u le motho e moholo.

KE BO-MANG ba ka u thusang boitekong ba hao ba hore u atlehe sekolong?

Lelapa.

Ngoanana ea lilemo li 18 oa Brazil ea bitsoang Bruna o re: “Ha ke ne ke hloka ho thusoa ka mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng, Ntate o ne a ntlhalosetsa, ebe o mpotsa lipotso tse nthusang ho fumana likarabo. Empa a ntlohela hore ke iphumanele tsona.”a

Tlhahiso: E le hore u qale, botsa motsoali oa hao hore na o ne a sebetsa joang thutong e u hlōlang. Haeba o ne a e pasa, mohlomong a ka khona ho u thusa.

Matichere.

Matichere a mangata a thabisoa ke ho tseba hore seithuti se batla ho atleha e le kannete, ’me a ka thabela ho se thusa.

Tlhahiso: Bua le tichere ea hao u re, “Thuto ena ea ntlhōla, empa ke batla ho e pasa. U ka mpha keletso efe?”

Batho ba u eletsang.

Mohlomong u ka kōpa thuso ho motsoalle oa lelapa. Thuso eo e ka u tsoela molemo ka litsela tse peli: Tsela ea pele, u tla fumana thuso eo u e hlokang; ea bobeli, u tla ithuta ho itšetleha ka batho ba bang ha ho hlokahala—e leng mokhoa o tla u tsoela molemo ha u se u le motho e moholo. ’Nete ke hore, hangata katleho e finyelloa ha batho ba sebetsa hammoho, eseng ha motho a sebetsa a le mong.—Liproverbia 15:22.

Tlhahiso: Botsa batsoali ba hao hore na ke mang motho ea loketseng ea ka u eletsang.

Ntlha ea bohlokoa: Ha ho letho le phoso ka ho kōpa thuso!

Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Etsa lethathamo la batho ba babeli kapa ba bararo ba u behelang mohlala—bao u ka ratang ho ba etsisa. Na bathong bao u ba khethileng, ho na le ea ka khonang ho u thusa ka mosebetsi oa hao oa sekolo?

a U ka boela ua thusoa ke ausi kapa abuti oa hao.

“Tichere eo ke e Ratang Haholo”

“Tichere eo ke e ratang haholo e ne e le bohale, empa bana bohle ba ne ba e hlompha. E ne e cheseha. Tichere ena e ne e bua ka matsoho, ebe e ntse e e-ea koana le koana ka tlelaseng. E ne e re kenyelletsa kaofela moqoqong. Haeba ho e-na le ntho eo u sa e utloisiseng, e ne e e hlalosa ka mamello ho fihlela u e utloisisa. Khafetsa e ne e re bolella hore e thabela lipotso tsa rōna. E ne e re lipotso ha li e thuse feela hore e bone moo re sa utloisiseng teng, empa li boetse li e thusa hore e be tichere e molemo. E ne e thahasella bana bohle. Liithuti tse ngata li ile tsa khetha ho tsoela pele ka thuto ea accounting—e leng thuto eo e neng e e ruta, ka mor’a hore li qete selemo feela li rutoa ke eona!”—Alana, Australia.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela