Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/13 maq. 10-11
  • Kamoo U ka Qobang ho Reka Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Qobang ho Reka Haholo
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
  • Likarete Tsa ho Reka ka Mokitlane na li Tla U Sebeletsa Kapa li Tla U Etsa Lekhoba?
    Tsoha!—1997
  • Nka Eetsa’ng Hore ke Sebelise Chelete Hantle?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na ke Lokela ho ba le Karete ea ho Reka ka Mokitlane?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 6/13 maq. 10-11
[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Kamoo U ka Qobang ho Reka Haholo

Ho phaella khatellong eo re e bakeloang ke babapatsi, maikutlo a rōna le lintho tseo re tloaetseng ho li etsa li ka tlatsetsa bothateng ba ho reka haholo. Hlokomela litlhahiso tsena tse tšeletseng tse ka u thusang hore u qobe ho reka haholo.

  1. Qoba ho reka lintho hobane feela u li bona. Na u khotsofatsoa ke thabo e tlisoang ke ho reka le ho fumana linyehlisetso? Haeba ho joalo, u ka iphumana u reka lintho hobane feela u li bona. E le hore u hlōle bothata bona, ema hanyenyane ’me u ke u nahane hantle ka liphello tsa nako e telele tsa ho reka thepa, ho ba le eona le ho e hlokomela. Ikhopotse ka lintho tseo u kileng ua li reka hobane feela u ne u li bona ’me hamorao ua itšola hore ebe u ile ua li reka. Iphe nako ea ho nahanisisa pele u etsa qeto.

  2. Qoba ho reka hore feela u ikutloe u thabile. Ho reka ho ka u thabisa ka nakoana. Empa ha maikutlo a nyahamisang a khutla, u ka ikutloa u imetsoe le ho feta hoo u ka batlang ho ikimolla ka ho reka. Ho e-na le ho reka hore feela u ikutloe u thabile, batla metsoalle e ka u tšehetsang kapa u etse ntho e ’ngoe, e kang ho otlolla maoto.

  3. U se ke ua reka hore feela u itlose bolutu. Litsi tsa mabenkele tse majabajaba li fetotse ho reka boithabiso. Le hoja u ka ’na ua ea setsing sa mabenkele kapa ua kena Inthaneteng ho itlosa bolutu, boholo ba lintho tseo u li bonang li etselitsoe ho u susumetsa hore u li reke. Reka ha ho e-na le ntho eo u e hlokang, ’me u reke eona feela.

  4. Khetha metsoalle ea hao ka hloko. Mokhoa oa bophelo le meqoqo ea metsoalle ea hao li ama takatso ea hao. Haeba u reka haholo hore feela u tšoane le metsoalle ea hao, ho tla hlokahala hore u khethe metsoalle e sa amehang ka chelete le maruo.

  5. Sebelisa likarete tsa mekitlane hantle. Likarete tsa mekitlane li u nolofalletsa ho reka u sa tšoenyehe ka liphello. Leka ho lefa mekitlane eohle ea likarete tsa hao khoeli le khoeli. Ithute hore na karete ea hao ea mokitlane e ba le tsoala e kae le hore na u lokela ho e lefa joang, ’me u e bapise le likarete tse ling tsa mokitlane e le hore u ka fumana e litjeho li tlaase. E-ba hlokolosi ka likarete tsa maemo a holimo tse nang le tsoala e ngata le tse u tšepisang lintho tseo u sa li hlokeng. Ho e-na le ho reka ka mokitlane, boloka chelete ha u batla ho reka thepa e bitsang e le hore u ka e reka ntle ho sekoloto.

  6. Tseba boemo ba hao ba lichelete. Ho bonolo hore u reke haholo ha u sa kholiseha hore na u na le chelete e kae. Boloka litlaleho tsa morao-rao, ’me u tsebe boemo ba hao ba lichelete ka ho feletseng. Etsa moralo oa hore na u tla sebelisa chelete e kae ka khoeli u itšetlehile ka chelete eo u e fumanang le litjeho tsa nakong e fetileng. Hlahloba hore na u sebelisa chelete joang le hore na u e sebelisa ka tsela e lumellanang le moralo oa hao. Kōpa motsoalle eo u mo tšepang hore a u thuse ho utloisisa litaba tse amanang le lichelete tseo u sa li utloisiseng.

Sireletsa Bana ba Hao Hore e se ke ea E-ba Makhoba a ho Reka

Bana ke liphofu tse ka sehloohong tsa babapatsi, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Bacha ba reka ho feta leha e le neng pele. United States, bacha ba sebelisa liranta tse libilione selemo se seng le se seng.

Leha ho le joalo, mofuputsi Juliet Schor o lumela hore bana ba tloaetseng ho reka haholo, hangata ba ba le khatello ea maikutlo le ho tšoenyeha ’me ha ba be le kamano e ntle le batsoali ba bona. U ka sireletsa bana ba hao joang? Nahana ka lintho tseo batsoali ba bang ba ileng ba leka ho li etsa e le hore ba sireletse bana ba bona.

BA RUTE: “U ke ke ua sireletsa bana ba hao ka ho feletseng hore ba se ke ba bona lipapatso hobane li hohle. Kahoo, re ee re hlalosetse barali ba rōna hore babapatsi ba na le merero ea bona ea boithati le hore lik’hamphani tse ba hirileng li ipatlela chelete feela. Ha li tsotelle hore na seo se re ama joang.”​—James le Jessica.

U SE KE UA BA LUMELLA HO U LAOLA: “Bana ba ka u qophella hore u ba rekele lintho ho fihlela u li reka. Empa ke habohlokoa hore u se ke ua ba lumella hore ba u laole. Qetellong ba tla ithuta hore ba ke ke ba fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Ha re ne re hōlisa morali oa rōna re ne re buisana joaloka batsoali hore na re ka bontša ho leka-lekana joang le hore na re tla beha meeli efe.”—Scott le Kelli.

LEKANYETSA LIPAPATSO TSEO BA LI BONANG: “Lelapeng la rōna ha re shebelle thelevishene haholo. Hase karolo ea lintho tseo re tloaetseng ho li etsa. Re sebelisa nako eo re neng re ka shebella thelevishene ka eona ho etsa mesebetsi e meng. Rea pheha re be re je hammoho, ’me bara ba rōna ba rata ho bala.”—John le Jenniffer.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela