Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/13 maq. 12-13
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA JESU KE MOLIMO?
  • KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO AMEHA KA TABA EE?
  • Karolo 4—Thuto ea Boraro-bo-bong e Ile ea Hōla Neng Hona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 8/13 maq. 12-13

Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?

Batho ba fetang libilione tse peli ba ipolela hore ke Bakreste. Ba bangata ba bona ba kena likereke tse rutang thuto ea Boraro-bo-bong, ea hore Ntate, Mora le moea o halalelang ke Molimo a le mong. Ho tlile joang hore malumeli a rute thuto ee ea Boraro-bo-bong? Potso ea bohlokoa le ho feta ke hore na thuto ee e lumellana le Bibele kapa che?

BIBELE e ile ea qetoa ho ngoloa lekholong la pele la lilemo C.E. Empa lithuto tse hlahisitseng thuto ea Boraro-bo-bong li qalile ka 325 C.E., sebokeng se neng se tšoaretsoe motseng oa Nicaea o Asia Minor, oo hona joale o bitsoang Iznik, Turkey, lilemo tse fetang makholo a mabeli ka mor’a hore Bibele e phethoe. Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, Sebokeng seo sa Nicaea kereke e ile ea qala ho hlalosa lithuto tsa kereke, tse akarelletsang tlhaloso ea Molimo le Kreste. Joale, ke hobane’ng ha kereke e ile ea bona ho hlokahala hore e hlalose Molimo le Kreste lilemo tse makholo ka mor’a hore Bibele e phethoe? Na ke hobane Bibele e sa hlalosa taba ee ea bohlokoa ka ho hlaka?

NA JESU KE MOLIMO?

Ha Constantine e ne e le Moemphera oa Roma, batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea hore na Molimo le Kreste ba amana joang. Na Jesu e ne e le Molimo? Kapa na o bōpiloe ke Molimo? E le ho rarolla bothata boo, Constantine o ile a bitsetsa baeta-pele ba kereke Nicaea, eseng hobane a ne a batla ’nete ea bolumeli, empa hobane a sa batle hore bolumeli bo arole ’muso oa hae.

“Ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna.”​—1 Bakorinthe 8:6, Bibele ea Sesotho

Constantine o ile a kōpa babishopo ba ka bang makholo a ’maloa hore ba fihlele tumellano, empa ba hlōleha. O ile a etsa tlhahiso ea hore lekhotla le amohele khopolo e sa hlakang ea hore Jesu ke “motho a le mong” (homoousios) le Ntate. Filosofi ena ea Segerike e sa thehoang Bibeleng, e ile ea e-ba motheo oa thuto ea Boraro-bo-bong, ’me hamorao ea kenyelletsoa lithutong tsa motheo tsa kereke. Ha e le hantle, ho elella qetellong ea lekholo la bone la lilemo, thuto ea Boraro-bo-bong e ne e se e hlalosoa ka tsela eo e rutoang ka eona kajeno, e se e akarelletsa moea o halalelang oo ho thoeng ke karolo ea boraro ea Molimo.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO AMEHA KA TABA EE?

Jesu o ile a re “barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka . . . ’nete.” (Johanne 4:23) ’Nete eo e ngotsoe ka Bibeleng. (Johanne 17:17) Na Bibele e ruta hore Ntate, Mora le moea o halalelang ke batho ba bararo ba etsang Molimo a le mong?

Taba ea pele, Bibele ha e bue ka “Boraro-bo-bong.” Lebaka le leng ke hore ha ho mohla Jesu a kileng a re o lekana le Molimo. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a rapela Molimo. (Luka 22:41-44) Taba e ’ngoe hape ke tsela eo Jesu a sebelisanang ka eona le balateli ba hae. Esita le ka mor’a hore a tsosoe bafung ho il’o phela sebakeng sa moea, Jesu o ile a bitsa balateli ba hae “barab’eso.” (Matheu 28:10) Na e ne e le barab’abo Molimo ea Matla ’Ohle? Che! Empa ka tumelo ea bona ho Kreste—Mora oa Molimo ea ka sehloohong—le bona ba ile ba fetoha bara ba Ntate a le mong. (Bagalata 3:26) Bapisa mangolo a mang le lipolelo tse latelang tse nkiloeng lithutong tseo ho thoeng li hlahisitsoe ke Seboka sa Nicaea.

Seo Lithuto Tsa Nicene li se buang:

“Re lumela ho . . . Morena a le mong Jesu Kreste . . . eo e leng ntho e le ’ngoe le Ntate, Molimo oa Molimo, Leseli la Leseli, Molimo ka Boeena.”

Seo Bibele e se buang:

  • “Ntate o moholo ho ’na [Jesu].”​—Johanne 14:28.a

  • “[’Na Jesu] ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.”​—Johanne 20:17.

  • “Ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna.”​—1 Bakorinthe 8:6.

  • “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.”​—1 Petrose 1:3.

  • “Ke tsena tse boleloang ke eo e leng Amen [Jesu], . . . hlooho ea libopuoa tsa Molimo.”​—Tšenolo 3:14.b

a Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna. Litemana tsena li nkiloe Bibeleng ea Sesotho.

b Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e thusang batho ho ithuta Bibele, e akarelletsa lihlooho tsena tse peli: “Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?” le se reng “Jesu Kreste ke Mang?” U ka iphumanela eona ho Lipaki Tsa Jehova kapa ua e bala Inthaneteng ho www.jw.org/st.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG:

  • The New Westminster Dictionary of Church History e re: “Ha e le hantle, Lithuto Tsa Nicene ha lia hlahisoa ke Seboka sa Pele sa Nicaea (325) . . . empa li hlahisitsoe ke Seboka sa Pele sa Constantinople (381).”

  • “Seboka sa Nicaea se ileng sa tšoaroa ka 325, se ile sa rala motheo oa thuto [ea Boraro-bo-bong] ha se bolela hore Mora ‘ke ntho e le ’ngoe le . . . Ntate.’”—Encyclopædia Britannica.

Seboka sa pele sa Nicaea (setšoantšo se toroiloeng) se ile sa betlela thuto ea Boraro-bo-bong tsela

“Bibeleng ea Bakreste, ho akarelletsa Testamente e Ncha, ha ho na moo ho buuoang ka boraro-bo-bong kapa ntho leha e le efe e amanang le molimo oa boraro-bo-bong.”—Encyclopædia Britannica.

“Thuto ea boraro-bo-bong . . . hase ea mehleng ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ’me ha ho moo e hlalositsoeng ka ho hlaka pele ho lekholo la bobeli la lilemo.”—Library of Early Christianity—Gods and the One God.

“E le hore e hlalose thuto ea Boraro-bo-bong, Kereke [e K’hatholike] e ile ea lokela ho qapa mantsoe ao e a nkileng lifilosofing.”—Catechism of the Catholic Church.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela