Na Kereke ea Pele e ne e Ruta Hore Molimo ke Boraro-bo-bong?
Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
Na Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong? Na baeta-pele ba kereke ba makholong a mangata a lilemo a latelang ba ile ba e ruta? E ile ea qaleha joang? ’Me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsebe seo e leng ’nete ka tumelo ee? Ho qala ka Karolo 1 tokollong ena, Molula-Qhooa o tla arabela lipotso tsena letotong la lihlooho. Lihlooho tse ling letotong lena li tla hlaha nako le nako litokollong tse latelang.
BA AMOHELANG Bibele joaloka Lentsoe la Molimo baa hlokomela hore ba na le boikarabelo ba ho ruta ba bang ka ’Mōpi. Ba boetse baa hlokomela hore seo ba se rutang ka Molimo e tlameha hore e be ’nete.
Molimo o ile oa khalemela “batšelisi” ba Jobo ka baka la ho hlōleha ho etsa seo. “Jehova a re ho Elifaze oa Themane: Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli, hobane ha lea ka la bolela tsa ka hantle, joale ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa ka.”—Jobo 42:7.
Moapostola Pauluse, ha a bua ka tsoho, o ile a re re ne re tla “fihleloa re le lipaki tsa leshano tsa Molimo” haeba re ne re ka ruta ntho e ’ngoe eo e seng ’nete mabapi le mesebetsi ea Molimo. (1 Ba-Korinthe 15:15) Haeba boemo e le boo tabeng ea thuto ea tsoho, re lokela ho ba hlokolosi hakaakang ha re sebetsana le thuto e mabapi le hore na Molimo ke mang!
Thuto ea Boraro-bo-bong
Hoo e ka bang likereke tsohle tsa Bokreste-’mōtoana li ruta hore Molimo ke Boraro-bo-bong. The Catholic Encyclopedia e bitsa thuto ea Boraro-bo-bong “thuto e ka sehloohong ea bolumeli ba Bokreste,” ’me e e hlalosa ka tsela ena:
“Ho Molimo o le mong ho na le Batho ba Bararo, Ntate, Mora, le Moea o Halalelang, Batho bana ba Bararo ba khethollohile e mong ho e mong. Kahoo, mantsoeng a Tumelo ea Athanasius: ‘Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo, le hoja e se Melimo e meraro empa e le Molimo o le mong.’ . . . Batho bana ha ba na qalo le qetello ebile baa lekana: Kaofela ha bona ha baa bōptjoa ebile ba matla ’ohle.”1
The Baptist Encyclopædia e fana ka tlhaloso e tšoanang. E re:
“[Jesu] ke . . . Jehova ea se nang qalo le qetello . . . Moea o Halalelang ke Jehova . . . Mora le Moea ba boemong bo lekanang hantle le Ntate. Haeba ke Jehova le bona ka ho tšoanang.”2
Lianathema tse Phatlalalitsoeng Holim’a Bahanyetsi
Ka 325 C.E., lekhotla la babishopo le neng le le Nicea e Asia Minor le ile la qapa tumelo e ileng ea re Mora oa Molimo ke “Molimo oa ’nete” hantle feela joalokaha Ntate e le “Molimo oa ’nete.” Karolo ea tumelo eo e ile ea bolela hore:
“Empa ha e le ka ba reng, ho bile le [nako] eo ka eona [Mora] a neng a le sieo, ’me, Pele a hlaha O ne a le sieo, le hore O bile teng e le ha a ne a e-s’o be teng pele, kapa ba tiisang hore Mora oa Molimo ke oa boleng bo fapaneng, kapa o bōpiloe, kapa boleng ba hae bo ka fetoloa—bana Kereke e K’hatholike e ba etsa anathema.”3
Kahoo, motho ofe le ofe ea neng a lumela hore Mora oa Molimo ha a lekane le Ntate ka ho hloka qalo le qetello kapa hore Mora o ile a bōptjoa o ne a tla ea kahlolong ea lihele ka ho sa feleng. Motho a ka inahanela hore na ke khatello e kae e neng e behoa holim’a bongata ba balumeli feela ba tloaelehileng e le hore ba ka lumellana le sena.
Selemong sa 381 C.E., lekhotla le leng le ile la kopana Constantinople ’me la phatlalatsa hore moea o halalelang o lokela ho rapeloa le ho tlotlisoa hantle feela joaloka Ntate le Mora. Ka mor’a selemo se le seng, ka 382 C.E., seboka se seng se ile sa tšoareloa Constantinople ’me se ile sa tiisa bomolimo bo felletseng ba moea o halalelang.4 Selemong sona seo, ka pel’a lekhotla le neng le kopanetse Roma, Mopapa Damasus o ile a fana ka letoto la lithuto tse lokelang ho latoloa ke kereke. Tokomane eo, e bitsoang Buka ea Damasus, e ne e akarelletsa lipolelo tse latelang:
“Haeba mang kapa mang a hana hore Ntate ha a na qalo le qetello, hore Mora ha a na qalo le qetello, le hore Moea o Halalelang ha o na qalo le qetello: ke mokhelohi.”
“Haeba mang kapa mang a hana hore Mora oa Molimo ke Molimo oa ’nete, hantle feela joalokaha Ntate e le Molimo oa ’nete, o matla ’ohle, o tsebang lintho tsohle, le hore o lekana le Ntate: ke mokhelohi.”
“Haeba mang kapa mang a hana hore Moea o Halalelang . . . ke Molimo oa ’nete . . . o matla ’ohle o bileng o tsebang lintho tsohle, . . . ke mokhelohi.”
“Haeba mang kapa mang a hana hore batho ba bararo, Ntate, Mora, le Moea o Halalelang, ke batho ba sebele, ba lekanang, ba se nang qalo le qetello, ba nang le lintho tsohle tse bonahalang le tse sa bonahaleng, ba matla ’ohle, . . . ke mokhelohi.”
“Haeba mang kapa mang a re [Mora ea] entsoeng nama o ne a se leholimong le Ntate nakong ea ha a ntse a le lefatšeng: ke mokhelohi.”
“Haeba mang kapa mang, ha a re Ntate ke Molimo le Mora ke Molimo le Moea o Halalelang ke Molimo, . . . a sa re ke Molimo o le mong, . . . ke mokhelohi.”5
Liithuti tsa Majesuti tse ileng tsa fetolela mantsoe a ka holimo ho tloha Selatineng li ile tsa phaella ka polelo ena: “Ho bonahala eka Mopapa Mohalaleli Celestine I (422-32) o ne a talima lithuto tsena tsa kereke e le molao; li ka ’na tsa hlokomeloa e le litlhaloso tsa tumelo.”6 ’Me seithuti Edmund J. Fortman o tiisa hore buka ena e emela “thuto ea boraro-bo-bong e utloahalang le e kopaneng.”7
Haeba u setho sa kereke e amohelang thuto ea Boraro-bo-bong, na lipolelo tsee li hlalosa tumelo ea hao? ’Me na u elelletsoe hore ho lumela thuto ea Boraro-bo-bong joalokaha e rutiloe ke likereke ho u hloka hore u lumele hore Jesu o ne a le leholimong nakong ea ha a ntse a le lefatšeng? Thuto ena e tšoana le seo monna oa kereke oa lekholong la bone la lilemo Athanasius a ileng a se ngola bukeng ea hae On the Incarnation:
“Lentsoe [Jesu] le ne le sa sitisoe ke ’mele oa Lona, leha e le hore boteng ba Lona ka ’mele bo ne bo Le thibela ho ba teng sebakeng se seng sesele. Ha Le ne le tsamaisa ’mele oa Lona Le ne le boetse le sa khaotse ho laola bokahohle ka Kelello ea Lona le matla. . . . E ntse e le Mohloli oa bophelo bokahohleng bohle, le teng likarolong tsohle tsa bona, le hoja le le ka ntle ho bona ka kakaretso.”8
Se Boleloang ke Thuto ea Boraro-bo-bong
Ba bang ba entse qeto ea hore ho bitsa Jesu Molimo kapa ho bolela hore o na le bomolimo ke sohle seo thuto ea Boraro-bo-bong e se bolelang. Ho ba bang, ho lumela ho Boraro-bo-bong ho bolela feela ho lumela ho Ntate, Mora, le moea o halalelang.
Leha ho le joalo, tlhahlobo e hlokolosi ea litumelo tsa Bokreste-’mōtoana e senola hore na likhopolo tse joalo li na le likhaello tse soabisang hakaakang ha li bapisoa le thuto e hlomamisitsoeng. Litlhaloso tsa litsebi li hlakisa hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e bonolo. Ho e-na le hoo, ke letoto la likhopolo tse arohaneng le tse rarahaneng tse bokelletsoeng hammoho ka nako e telele tseo ho entsoeng hore li lumellane.
Tlhalosong ea thuto ea Boraro-bo-bong e ileng ea hlaha ka mor’a Seboka sa Constantinople ka 381 C.E., Bukeng ea Damasus ka 382 C.E., Tumelong ea Athanasius e ileng ea tla nako e itseng hamorao, le litokomaneng tse ling, re ka lekanyetsa ka ho hlaka seo Bokreste-’mōtoana bo se bolelang ka thuto ea Boraro-bo-bong. E akarelletsa likhopolo tse latelang tse tobileng:
1. Ho boleloa hore ho na le batho ba bararo ba nang le bomolimo—Ntate, Mora, le moea o halalelang—ho Molimo o le mong.
2. Ho boleloa hore e mong le e mong oa batho bana ba bararo ba arohaneng ha a na qalo le qetello, ha ho ea bileng teng pele kapa ka mor’a e mong.
3. Ho boleloa hore e mong le e mong o matla ’ohle, ha ho e moholo ho e mong kapa e monyenyane ho e mong.
4. Ho boleloa hore e mong le e mong o na le tsebo e felletseng, o tseba lintho tsohle.
5. Ho boleloa hore e mong le e mong ke Molimo oa ’nete.
6. Leha ho le joalo, ho boleloa hore hase Melimo e meraro empa ke Molimo o le mong feela.
Ho hlakile hore thuto ea Boraro-bo-bong ke pokello ea likhopolo tse rarahaneng tse akarelletsang bonyane likarolo tse ka holimo tseo e leng tsa bohlokoahali le e akarelletsang tse ling tse eketsehileng, joalokaha ho ile ha senoloa ha ho hlahlojoa makolopetso. Empa haeba re hlokomela likhopolo tsena tsa motheo tse ka holimo feela, hoa bonahala hore haeba tse ling li ka tlosoa, ho salang ha e sa le Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana. Ho fumana tlhaloso e felletseng, likotoana tsena kaofela li tlameha ho ba teng.
Ka kutloisiso ena e molemonyana ea lentsoe “Boraro-bo-bong,” joale re ka botsa: Na e ne e le thuto ea Jesu le barutuoa ba hae? Haeba ho joalo, e lokela hore ebe e ile ea hlahella ka ho felletseng lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. ’Me kaha seo ba ileng ba se ruta se fumaneha ka har’a Bibele, kahoo thuto ea Boraro-bo-bong ke thuto ea Bibele kapa hase eona. Haeba e le eona, e lokela ho rutoa ka ho hlaka ka Bibeleng.
Ho nahana hore Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba ka ruta batho ka Molimo empa ba se ke ba ba bolella hore na Molimo ke mang ha ho utloahale, haholo-holo ha ho ne ho tla hlokahala hore balumeli ba bang ba tele esita le bophelo ba bona bakeng sa Molimo. Kahoo, Jesu le barutuoa ba hae ba ka be ba ile ba etelletsa pele taba ea ho ruta ba bang thuto ena ea bohlokoa.
Hlahloba Mangolo
Liketso khaolo 17, temana 11, (NW) e bolela hore batho ke ba “likelello li bulehileng” kahobane ba ne ba “hlahloba Mangolo ka hloko ka mehla ho tseba hore na litaba tsena li joalo ruri na,” e leng lintho tseo moapostola Pauluse a neng a li ruta. Ba ne ba khothalletsoa hore ba sebelise Mangolo ho tiisa hore esita le lithuto tsa moapostola li nepahetse. U lokela ho etsa se tšoanang.
Hopola hore Mangolo a ‘bululetsoe ke Molimo’ ’me a lokela ho sebelisoa bakeng sa ‘ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka ba le litšoaneleho tse felletseng, a hlomelloa ka ho felletseng bakeng sa mesebetsi eohle e molemo.’ (2 Timothea 3:16, 17, NW) Kahoo Bibele e phethahetse litabeng tsa thuto. Haeba thuto ea Boraro-bo-bong e le ’nete, e lokela ho hlaha ka Bibeleng.
Re u mema hore u etse phuputso ka Bibeleng, haholo-holo libukeng tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, e le hore u iponele hore na Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba ruta Boraro-bo-bong. Ha u ntse u fuputsa, ipotse:
1. Na nka fumana lengolo le buang ka “Boraro-bo-bong”?
2. Na nka fumana lengolo le reng Molimo o entsoe ka batho ba bararo ba sa tšoaneng, Ntate, Mora, le moea o halalelang, empa bana ba bararo ke Molimo o le mong feela?
3. Na nka fumana lengolo le reng Ntate, Mora, le moea o halalelang ba lekana ka litsela tsohle, tse kang ho se be le qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale?
Esita leha u ka fuputsa ka ho felletseng, u ke ke ua fumana lengolo leha le le leng le sebelisang lentsoe Boraro-bo-bong, leha e le hore u ka fumana le reng Ntate, Mora, le moea o halalelang baa lekana ka litsela tsohle, tse kang ho se be le qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale. Ha ho lengolo leha le le leng le reng Mora o lekana le Ntate ka litsela tseo—’me haeba ho ne ho e-na le lengolo le joalo, e ne e sa tl’o ba le tiisang thuto ea Boraro-bo-bong empa le ne le tla be le tiisa thuto ea “bobeli bo bong.” Ha ho moo Bibele e lekanyang moea o halalelang le Ntate.
Seo Liithuti tse Ngata li se Buang
Liithuti tse ngata, ho akarelletsa le Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong, li lumela hore Bibele ha e na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong. Ka mohlala, The Encyclopedia of Religion e re:
“Kajeno bahlalosi le litsebi tsa thuto ea bolumeli ba lumela hore Bibele ea Seheberu ha e na thuto ea Boraro-bo-bong . . . Le hoja Bibele ea Seheberu e hlalosa Molimo e le ntate oa Iseraele ’me e sebelisa mareo a mothofatsang Molimo a kang Lentsoe (davar), Moea (ruah), Bohlale (hokhmah), le Boteng (shekhinah), e ne e tla ba ho fetela ka ’nģane ho morero le maikutlo a Testamente ea Khale ho kopanya likhopolo tsena le thuto ea morao tjena ea Boraro-bo-bong.
“Ho feta moo, bahlalosi le litsebi tsa thuto ea bolumeli ba lumela hore Testamente e Ncha le eona ha e na thuto e tobileng ea Boraro-bo-bong. Molimo Ntate ke mohloli oa tsohle tse teng (Pantokrator) hape ke ntate oa Jesu Kreste; ‘Ntate’ hase tlotla bakeng sa motho oa pele oa Boraro-bo-bong empa ke lentsoe le tšoanang le Molimo. . . .
“Testamenteng e Ncha ha ho na tlhaloso e ikemetseng ea sebōpeho sa Molimo se phahametseng kutloisiso ea motho (‘boraro-bo-bong bo phahametseng kutloisiso ea motho’), leha e le hore Testamente e Ncha e na le puo ea litsebi ea thuto ena e hlahileng hamorao (hupostasis, ousia, substantia, subsistentia, prosōpon, persona). . . . Ha ho pelaelo hore thuto ena e ke ke ea pakoa ka bopaki bo tsoang ka mangolong feela.”9
Mabapi le linnete tsa histori tse mabapi le taba ena, The New Encyclopædia Britannica e re:
“Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto ena ka ho hlaka ha li hlahe Testamenteng e Ncha . . .
“Thuto ena e ile ea tsoela pele butle-butle ho theosa le makholo a mangata a lilemo ’me e ile ea thulana le likhanyetsano tse ngata. . . .
“E bile feela lekholong la bone la lilemo moo ho khetholloa ha batho bana ba bararo le bonngoe ba bona li ileng tsa kopanngoa hammoho hore e be thuto e le ’ngoe e hlomamisitsoeng ea boleng bo le bong le batho ba bararo.”10
New Catholic Encyclopedia e etsa polelo e tšoanang mabapi le qaleho ea Boraro-bo-bong:
“Bahlalosi le litsebi tsa thuto ea Bibele ho akarelletsa le lenane le ntseng le hōla la Litho tsa Kereke e K’hatholike, ba hlokomela hore motho ha aa lokela ho bua ka Thuto ea Boraro-bo-bong Testamenteng e Ncha ka ntle le hore a e hlalose ka ho teba. Bo-rahistori ba thuto ena le litsebi tsa thuto ea bolumeli bao e leng batsamaisi ba hlokometse taba e tšoanang ea hore ha motho a bua ka Thuto ea Boraro-bo-bong e sa hlalosoeng, o suthela hōle le tšimoloho ea Bokreste ho ea ho hoo e ka bang kotareng ea ho qetela ea lekholo la bone la lilemo. Ke ka nako eo moo ho neng ho ka ’na ha bitsoa tlhaloso ea Thuto ea Boraro-bo-bong ea ‘Molimo o le mong ho Batho ba Bararo’ ho ileng ha amoheloa ka ho felletseng bophelong le mohopolong oa Bokreste. . . .
“Mantsoe ana ka booona ha a bontše se ileng sa hlokomeloa hang-hang qalong; e bile phello ea mosebetsi oa makholo a mararo a lilemo a khōlo ea thuto ena.”11
Na e “Bontšitsoe ka Mokhoa o sa Tobang”?
Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong li ka ’na tsa re Bibele e ‘bontša Boraro-bo-bong ka mokhoa o sa tobang.’ Empa polelo ena e boletsoe nako e telele ka mor’a hore Bibele e ngoloe. Ke boiteko ba ho kenya ka Bibeleng se fetolang moelelo oa eona, e leng seo baeta-pele ba bolumeli ba morao-rao tjena ba ileng ba ikhethela sona ka bobona hore e be thuto.
Ipotse: Ke hobane’ng ha Bibele e ka “bontša ka mokhoa o sa tobang” thuto ea eona ea bohlokoa ka ho fetisisa—Molimo ke mang? Bibele e hlakile lithutong tse ling tsa motheo; ke hobane’ng ha e ke ke ea hlaka joalo thutong ee, ea bohlokoa ka ho fetisisa? Na ’Mōpi oa bokahohleng o ne a ke ke a qapa buka e hlakisang ho ba ha hae Boraro-bo-bong haeba hoo e ne e le ’nete?
Lebaka leo ka lona Bibele e sa ruteng thuto ea Boraro-bo-bong ka tsela e hlakileng le e bonolo ke lena: Hase thuto ea Bibele. Haeba Molimo e ne e le Boraro-bo-bong, ka sebele o ka be o ile oa hlakisa sena e le hore Jesu le barutuoa ba hae ba ka se ruta ba bang. ’Me boitsebiso boo ba bohlokoa bo ka be bo kenyellelitsoe Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. Bo ne bo ke ke ba tlohelloa hore bo sokolise batho ba sa phethahalang makholong a lilemo a latelang.
Ha re hlahloba litemana tse fanoang ke Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong e le bopaki ba hore Bibele e ‘bontša Boraro-bo-bong ka mokhoa o sa tobang,’ re fumana’ng? Ho lekanyetsa taba ka mokhoa o tšepahalang ho senola hore mangolo ao ho fanoang ka ’ona ha a bue ka Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana. Ho e-na le hoo, litsebi tsa thuto ea bolumeli li leka ho qobella likhopolo tsa Boraro-bo-bong tse inahaneloang ka mangolong. Empa likhopolo tseo ha li eo litemaneng tsa Bibele. Ha e le hantle, likhopolo tseo tsa Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong li hanyetsana le bopaki bo hlakileng ba Bibele eohle.
Mohlala oa litemana tse joalo o fumanoa ho Mattheu 28:19, 20. Litemana tsena li bua ka Ntate, Mora, le moea o halalelang hammoho. Ba bang ba bolela hore sena se bontša Boraro-bo-bong ka mokhoa o sa tobang. Empa ipalle litemana tsena. Na ho na le ntho leha e le efe litemaneng tsee e bontšang hore ba bararo baa ke Molimo o le mong o lekanang ka ho se be le qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale? Che, ha e-eo. Karabo e tšoanang e sebetsa le litemaneng tse ling tse buang ka ba bararo bana hammoho.
Ha e le ka ba bonang ho na le se bontšang Boraro-bo-bong ho Mattheu 28:19, 20 tšebelisong ea eona ea “lebitso” le ka bonngoeng bakeng sa Ntate, Mora, le moea o halalelang, ka kōpo bapisa sena le tšebeliso ea “lebitso,” le ka bonngoeng, bakeng sa Abrahama le Isaaka ho Genese 48:16.—King James Version; New World Translation of the Holy Scriptures.
Hape Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong li tšehetsa tumelo ea tsona ka Johanne 1:1 (NW) liphetolelong tse ling, tse buang ka “Lentsoe” e le le neng “le e-na le Molimo” le leo e leng “Molimo.” Empa liphetolelo tse ling tsa Bibele li re Lentsoe e ne e le “molimo” kapa le “e-na le bomolimo,” e leng ho hlileng ho sa boleleng Molimo empa ho bolelang motho ea matla. Ho feta moo, temana eo ea Bibele e re “Lentsoe” le ne le “e-na le” Molimo. Seo se le khetholla ka tsela e utloahalang ho Molimo oo. ’Me ho sa tsotellehe hore na ho etsoa qeto efe ka “Lentsoe,” ’nete ke hore ho buuoa ka batho ba babeli feela ho Johanne 1:1, eseng ba bararo. Ka makhetlo a mangata, litemana tsohle tse sebelisoang ho leka ho tšehetsa thuto ea Boraro-bo-bong li hlōleha ka ho felletseng ho etsa joalo ha li hlahlojoa ka botšepehi.a
Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e nahanisisa ke ena: Haeba Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong, ka sebele baeta-pele ba kereke ba ileng ba ba teng hang ka mor’a bona ba ka be ba ile ba e ruta. Empa na banna bao, bao kajeno ba bitsoang Bo-ntate ba Kereke, ba ne ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong? Karolo 2 ea letoto lena la lihlooho e tla arabela potso ena tokollong e latelang ea Molula-Qhooa.
Litšupiso
1. The Catholic Encyclopedia, 1912, Buka XV, leqephe 47.
2. The Baptist Encyclopædia, e hlophisitsoeng ke William Cathcart, 1883, maqephe 1168-9.
3. A Short History of Christian Doctrine, ea Bernhard Lohse, Khatiso ea 1980, leqephe 53.
4. Ibid., maqephe 64-5.
5. The Church Teaches, e fetoletsoeng le ho hlophisoa ke John F. Clarkson, S.J., John H. Edwards, S.J., William J. Kelly, S.J., le John J. Welch, S.J., 1955, maqephe 125-7.
6. Ibid., leqephe 125.
7. The Triune God, ea Edmund J. Fortman, Khatiso ea 1982, leqephe 126.
8. On the Incarnation, e fetoletsoeng ke Penelope Lawson, Khatiso ea 1981, maqephe 27-8.
9. The Encyclopedia of Religion, Mircea Eliade, mohlophisi ea ka sehloohong, 1987, Buka 15, leqephe 54.
10. The New Encyclopædia Britannica, Khatiso ea bo15, 1985, Buka 11, Micropædia, leqephe 928.
11. New Catholic Encyclopedia, 1967, Buka XIV, leqephe 295.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e felletseng ea litemana tseo, bona bukana e lekanang le makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Church at Tagnon, France