Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/13 leq. 16
  • Tsebe e Lethoethoe ea Katydid

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsebe e Lethoethoe ea Katydid
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • Tsebe ea Hao—Setho se Seholo sa Puisano
    Tsoha!—1990
  • Sireletsa Kutlo ea Hao!
    Tsoha!—2002
  • Ananela Limpho Tse Ikhethang Tseo U li Fuoeng
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 10/13 leq. 16

NA E ENTSOE?

Tsebe e Lethoethoe ea Katydid

LITSEBE tsa lerutle le fumanehang Amerika Boroa le bitsoang katydid ha li fete milimithara ka bolelele, empa li sebetsa joaloka litsebe tsa batho. Lerutle lena le khona ho khetholla melumo e mengata e sa tšoaneng ea lintho tse hōle. Ka mohlala, le khona ho khetholla molumo o etsoang ke katydid e ’ngoe le molumo o tlaase oa ’mankhane o ntseng o tsoma.

TSEBE EA KATYDID

Ak’u nahane: Litsebe tsa katydid li maotong a ka pele. Tsebe ea katydid e nka molumo, e ea o fetisa le ho o khetholla, joaloka tsebe ea motho. Empa bo-rasaense ba hlokometse hore ho na le karolo e ’ngoe e ikhethang ka tsebeng ea lerutle lena—e leng mokoti o tletseng metsi o motopo joaloka balune. Karolo ena e sebetsa joaloka moropa oa tsebe oa liphoofolo tse anyesang empa eona e nyenyane haholo. Ke eona e etsang hore litsebe tsa katydid li be lethoethoe.

Moprofesa Daniel Robert oa Univesithi ea Bristol’s School of Biological Sciences e United Kingdom, o re ho sibolloa ha taba ena ho tla thusa baenjiniere “ho etsa mechine e menyenyane e thusang batho ho utloa hantle ho feta ea pele.” Bo-rasaense ba boetse ba lumela hore sena se tla ba thusa ho hlahisa mechine e mecha e utloang melumo e tlaase, ho akarelletsa e nkang litšoantšo lipetlele.

U nahana’ng ka see? Na tsebe e lethoethoe ea katydid e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela