Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/14 maq. 10-11
  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sheba Linonyana Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele
  • Ha Linonyana li Thula Mehaho
    Tsoha!—2009
  • Ithute ho Linonyana Tsa Leholimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Monyaka oa ho Boha Linonyana
    Tsoha!—2001
Tsoha!—2014
g 8/14 maq. 10-11
Nonyana

‘Talimang Linonyana ka Hloko’

LINONYANA li fumaneha hohle lefatšeng ’me ke tse ling tsa liphoofolo tseo ho leng bonolo ho li bona. Ho phaella moo, hoa thabisa ebile ho tlosa bolutu ho bona mefuta e fapaneng ea linonyana, ka mebala ea tsona, ha li letsa meloli le ho li shebella ha li bapala.

Molohi

Molohi

Hape u ka shebella linonyana ka fensetere: ha nonyana e bitsoang European blackbird e ntse e fata liboko, ha tyrant flycatcher e tsoma likokoanyana, ha maeba a mabeli a ferehana, ha lefokotsane le ikitlaetsa ho haha serobe sa lona, kapa ha goldfinch e jesa malinyane a eona a lapileng.

Likhaka

Likhaka

Linonyana tse ling li tla u khahla—joaloka lintsu le liphakoe—ha li ntse li okaokela nyamatsane ea tsona. Tse ling li ka u tšehisa: lirobele tse loanelang lijo, leeba le letona le ntseng le phahamisa lifuba le leka ho khahla le letšehali, kapa sehlopha sa li-galah tse pinki le tse lerootho tse leketlileng palong ea motlakase hobane li sa khone ho tsitsa. Hape hoa hlolla ho bona ha mekotatsie, mehololi le likhantši li falla. Ka sebele, batho ba ’nile ba shebella ho falla ha linonyana tsena ka lilemo tse likete ’me ba hlolloa ke kamoo li khonang ho nka leeto le lelelele le kamoo li bolokang nako ea ho falla kateng. Ha e le hantle, ’Mōpi oa tsona o ile a re: “Mokotatsie maholimong—o tseba hantle linako tsa oona tse behiloeng; le leebana-khoroana le lehaqasi le hlakahlothoana—li boloka hantle nako ea ho kena ha e ’ngoe le e ’ngoe.”—Jeremia 8:7.

Ho Sheba Linonyana Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele

Bibele e bua ka linonyana ka makhetlo a mangata, e le ka morero oa ho re ruta lintlha tsa bohlokoa. Ka mohlala, ha Molimo a ne a bua le Jobo ka mpshe le kamoo e leng lebelo kateng, o ile a re: “Nakong eo e phuphuletsang mapheo a eona holimo, e tšeha pere le mopalami oa eona.”a (Jobo 39:13, 18) Molimo o ile a boela a botsa Jobo a re: “Na ke ka lebaka la kutloisiso ea hao phakoe e fofelang holimo, . . . kapa na ke ka taelo ea hao ntsu e fofelang holimo?” (Jobo 39:26, 27) Ke’ng seo re ithutang sona? Ke hore linonyana li khona ho phetha mesebetsi ea tsona li sa hloke thuso ea rōna. Bokhoni ba tsona ke bopaki ba hore Molimo o bohlale.

Morena Solomone o ile a ngola ka “lentsoe la leebana-khoroana,” le phatlalatsang ho thoasa ha nako ea selemo. (Sefela sa Lifela 2:12) Mopesaleme o ile a bua ka lefokotsane ha a ne a ngola ka takatso ea hae ea ho sebeletsa tempeleng ea Molimo. O ile a bina a re: “Esita le nonyana e fumane ntlo, lefokotsane le iphumanetse sehlaha, moo le behileng malinyane a lona [pel’a] aletare ea hao e khōlō, Jehova.”—Pesaleme ea 84:1-3.

“Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?”—Matheu 6:26

Motho e mong ea kileng a bua hamonate haholo ka linonyana ke Jesu Kreste. Nahana ka mantsoe ana a ho Matheu 6:26: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” Mohlala ona o amang maikutlo o ile oa tiisetsa balateli ba Jesu hore ke ba bohlokoa ho Molimo le hore le ka mohla ha baa lokela ho tšoenyeha ka ho fumana lintho tseo ba li hlokang bophelong.—Matheu 6:31-33.

Kajeno, batho ba bangata ba itlosa bolutu ka ho shebella linonyana—’me seo sea utloahala kaha linonyana lia hlolla ka botle ba tsona, mekhoa ea tsona ea ho fereha le meloli ea tsona. Ho phaella moo, li ka boela tsa ruta batho ba li shebellang ka hloko lintho tsa bohlokoa haholo bophelong. ‘Talima linonyana tsa leholimo ka hloko.’

a Mpshe ke nonyana e khōlō ka ho fetisisa le e lebelo ka ho fetisisa ’me e khona ho matha ka lebelo la lik’hilomithara tse ka bang 72 ka hora.

Na U ka Rata ho Hohela Linonyana Serapeng sa Hao?

Mohetle

Mohetle

Linonyana li batla lintho tse latelang:

  • Moo li ka ipatang Lifate le meru ke libaka tse ntle moo linonyana li ka phomolang hantle le ho itlhoekisa.

  • Lijo Li fumana lijo tsa tsona lifateng le lihlahleng, haholo-holo tse fumanehang naheng eo li lulang ho eona. U ka boela ua li hohela ka ho li behela sejelo.

  • Metsi Linonyana li noa metsi haholo ’me tse ngata li rata ho hlapa.

  • Lihlaha Linonyana li hoheloa ke lifate, lihlahla le matlo a linonyana.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela