Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/15 leq. 7
  • Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Afrika
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsongoa ha Litšukulu ho Seng Molaong
  • Tjotjo e sa Tlalehoeng
  • Tšebeliso ea Inthanete Afrika
  • Phoofolo e Nang le Manaka a Bohlokoa
    Tsoha!—1995
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 3/15 leq. 7
Litšukulu tse peli

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Afrika

Mekhatlo e mengata le batho ka bomong ba tsoela-pele ho etsa matsapa a ho ntlafatsa bophelo linaheng tsa Afrika. Leha ho le joalo, linaha tsena li ntse li e-na le mathata a mangata.

Ho Tsongoa ha Litšukulu ho Seng Molaong

Ka 2013, ho ile ha bolaoa litšukulu tse 1 004 ka tsela e seng molaong Afrika Boroa, e leng palo e holimo ha e bapisoa le ea tse 13 tse ileng tsa bolaoa ka 2007. Le hoja ho se ho bolailoe litšukulu tse ngata hakana, li tsoela-pele ho bolaoa hobane k’hilograma e le ’ngoe ea lenaka la eona e ka rekoa ka chelete e ngata ho feta khauta. Lenaka le le leng le ka rekisoa ka liranta tse ka bang limilione tse hlano.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na mebuso e tla ke e khone ho felisa tlōlo ea molao?—Jeremia 10:23.

Tjotjo e sa Tlalehoeng

Motho ea fang e mong tjotjo

Mokhatlo oa Machaba o Loantšang Bobolu o re, linaha tse ka Bochabela ho Afrika li itlhomme pele litabeng tsa ho ntšoa ha litjotjo lefatšeng ka bophara. Empa batho ba etsang karolo ea 90 lekholong ba thulanang le bothata bona ha ba bo tlalehe. Moemeli oa mokhatlo ona ea Kenya o re: “Sechaba se bonahala se sa tšepe baeta-pele ba pusong, ke ka hona se sa tlaleheng bobolu.”

SEO BIBELE E SE BUANG: “Tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng.”—Exoda 23:8.

Tšebeliso ea Inthanete Afrika

Ho ea ka Mokhatlo oa Machaba oa Lithelefono, ho ne ho lebeletsoe hore batho ba Afrika ba etsang karolo ea 20 lekholong ba tla be ba sebelisa Inthanete qetellong ea 2014. Palo ea batho ba kenang Inthaneteng ka lifono Afrika e phahama ka sekhahla hoo e imenneng habeli ha e bapisoa le lipalo-palo tsa lefatšeng ka bophara.

1. K’homphieutha e hlahisitseng k’honthinente ea Afrika; 2. Batho ba 20 ho ba lekholo; 3. Letšoao le supileng karolo ea 20 lekholong
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela