Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 8/8 maq. 16-18
  • Phoofolo e Nang le Manaka a Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phoofolo e Nang le Manaka a Bohlokoa
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phomotsa Kelello ho Ratoang Haholo
  • Efe ke Efe?
  • Manaka ao a Bohlokoa
  • Na ho na le Sebaka se Lekaneng Bakeng sa Batho le Liphoofolo?
    Tsoha!—1993
  • Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Afrika
    Tsoha!—2015
  • Liphoofolo Tse Hlaha Tsa Afrika Tse Felang—Na li Tla Lula li le Teng?
    Tsoha!—1987
  • Maele a Sezulu—A U Manollela ka Afrika
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 8/8 maq. 16-18

Phoofolo e Nang le Manaka a Bohlokoa

KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

KA NAKO le motsotso, tšukulu e ne e tla e khorohile ka lebelo le leholo. Monna eo o ile a qhomela ka lehlakoreng le leng ’me a mathela sefateng se senyenyane se leng haufi. Empa tšukulu e ile ea thinya ka bonolo bo makatsang, e sa mo fe sebaka sa ho hloella moo ho sireletsehileng. E ile ea mo pota-potisa sefate ka makhetlo a ’maloa pele e mo haka ka lenaka e ba e mo akhela holimo sebakeng. Monna oa batho o ile a theohela mahetleng a tšukulu pele a ratlana fatše. O ile a tjapalla moo, a lebeletse hore e mo hatikele kapa e mo hlabe ka lenaka ho fihlela a e-shoa. Ha tšukulu e atamela, monna enoa o ile a phahamisa leoto, empa tšukulu e ile ea le fofonela feela ’me ea tloha e hlehla!

Ena ke tšukulu e ntšo ea Afrika—e bohele-hele, e leqhōko ’me e tšoha lifōtle. Haeba matla a hlollang a tšukulu a ho fofonela kapa a ho utloa a e lemosa ka ntho eo e ke keng ea e bona (kaha e fokolloa ke mahlo), e tla khorohela ntho eo—ebang ke ntho e khōlō joaloka terene kapa e nyenyane joaloka serurubele! Le hoja e le bolelele ba limithara tse 1,5 ho fihla lehetleng la eona ’me e le boima ba lik’hilogramo tse 1 000, e ka matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 55 ka hora ’me ea thinya hona hoo!

Ka linako tse ling e khoroha ntle ho mabaka kapa ka mokhoa o tšehisang. Yuilleen Kearney, ea kileng a rua tšukulu e nyenyane e ntšo e bitsoang Rufus, o bolela hore “Rufus e ne e thaba haholoanyane haeba ho ka tsoha lerōle le lengata.” Ka lerato o hopola lekhetlo leo ka lona Rufus e ileng ea tla e “hemela holimo, e hemesela ’me e soahlamanya” lihlahla, “e tla e tiile ka jareteng ’me e ema khekhenene ka pel’a foranta, e itsamaela butle ho hloa methati ’me e botha pel’a setulo se phuthoang.”

Batho ba bangata ba ithutileng tšukulu e ntšo ba na le kameho ena e lerato ho eona. Leha ho le joalo, bohle baa lumela hore botho ba litšukulu bo fapane joaloka ba batho. Ka hona, hlokomela e hlileng e leng bohale! Buka e tsebahalang ea tataiso ka liphoofolo tsa Afrika e ka boroa e lemosa hore tšukulu e ntšo “ha e-ea lokela ho tšeptjoa le ka mohla, ’me e lokeloa ho fuoa sebaka se bulehileng.” Ka masoabi, ho hlorisoa ke batho hangata ke hona ho e bakang mabifi. Moprofesa Rudolf Schenkel, ea ileng a pholoha tlhaselo e hlalositsoeng pejana ea tšukulu, o tletleba ka hore motho o ikentse sera se le seng feela seo tšukulu e nang le sona.

Ho thoe’ng ka tšukulu e ’ngoe ea Afrika, e tšoeu? Botho ba eona bo khutsitseng bo e etsa hore e fapane haholo le motsoal’a eona ea lerata. Hape e batla e le boholo ba tšukulu e ntšo ka makhetlo a mabeli, ’me ke phoofolo ea boraro e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Hlooho ea eona e khōlō e boima hoo ho hlokahalang banna ba bane ho e phahamisa! Leha ho le joalo, e ntse e tsamaea ka potlako joaloka motsoal’a eona e motšo.

Hangata ha tšukulu e tšoeu e ka teana le motho naheng, e-ea baleha ha e bona, e utloa, kapa e fofonela monkho oa motho. Leha ho le joalo, bukeng ea bona ea Rhino, Daryl le Sharna Balfour ba lemosa khahlanong le ho nka hore ho joalo kamehla. Baa ngola: “Tšukulu e tšoeu e bakile likotsi tse ngata ho feta e ntšo lilemong tsa morao tjena,” ba phaella ka hore mohlomong sena se bakiloe ke hore motho “ha a e hlomphe.”

Ho Phomotsa Kelello ho Ratoang Haholo

Litšukulu tsa Afrika li rata ntho e tšoanang ka ho khetheha. Li rata seretse—se sengata! Bongata ba tsona boa potlaka ha bo atamela letangoana la tsona le ratoang haholo la seretse ’me bo etsa melumo ea thabo ka lebaka la se larileng ka pele. Ba ha Balfour, ba ileng ba hlokomela sena hangata, ba bolela hore tšukulu e kena seretseng butle, “ebe ho utloahala ho feheloa, ’me phoofolo e khotsofetseng e otla ka lehlakore ka metsotso e se mekae . . . pele e tsoela pele ho itlhatsoa, hangata e ipitika ka mokokotlo, e raha-raha maoto e kakaletse.”

Ka linako tse ling mefuta e ’meli ea litšukulu e sebelisa letangoana le le leng la seretse ’me ha li tsotelle letho ka lebaka la lerato la tsona la seo li itlosang bolutu ka sona. Rufus e nyenyane e boletsoeng ka holimo, e ne e chesehela ho tola ka seretse hoo “ka linako tse ling e neng e ema ka potlako pele e qeta ho tola, ebe e thala ka jareteng, e tlola joaloka pere, ’me e khutlele letamong ho ea qalella hape.”

Leha ho le joalo, seretse se na le molemo o mong ho feta feela ho fetisa nako hamonate. Se fetoha sebaka sa ’mōka oa botsoalle le litšukulu tse ling le liphoofolo tse ling tse ratang seretse, se tlosa lintsintsi tse tenang tse lomang litšukulu ’me se pholisa ’mele ea tsona mochesong oa letsatsi. Ka hona ha ho makatse hore ebe ka linako tse ling litšukulu li bonoa li iketlile betheng ea tsona ea seretse ka lihora tse ngata.

Efe ke Efe?

Ke joang motho a ka khonang ho khetholla tšukulu e ’ngoe ho e ’ngoe? Na e ’ngoe ehlile e ntšo ’me e ’ngoe e tšoeu? Che. Ka bobeli li thōkoa—empa bothōkoa bo sa tšoaneng—ebang u khona ho khetholla ’mala o mothōkoa. Seo u tlang ho se bona hantle ke ’mala oa seretse sa letamo leo li qeteletseng ho ba ho lona, oo joale o khomaretseng letlalong la tsona.

Empa sebōpeho sa molomo se tla u bolella hang-hang hore na efe ke efe. Tšukulu e ntšo, kaha e ja makhasi, molomo oa eona o ka holimo o motsu ’me e o sebelisa ho sotha le ho haka makhasi le mahlomela a lihlahla. Ka hona lebitso la eona le nepahetseng haholoanyane ke tšukulu e molomo o nang le hakisi. Ka lehlakore le leng, tšukulu e tšoeu, e-ea fula. Ka hona, sefena sa eona se otlolohile, hoo e kutang joang joaloka mochine o kutang mohloa. Ha ho makatse hore ebe lebitso la eona le nepahetseng haholoanyane ke tšukulu e molomo o sekoere. Empa ka lebaka le itseng, ho li khetholla ka ’mala o motšo le o mosoeu, hoo ho bonahalang ho qapiloe ke baahi ba pele ba Madache Afrika e ka boroa, ho tsetsepetse.

Manaka ao a Bohlokoa

Lebitso tšukulu (rhinoceros) le tsoa mantsoeng a mabeli a Segerike a bolelang “lenaka le kang nko.” Manaka a tšukulu a entsoe ka eng? Batho ba bang ba hlalosa hore ke boea bo ririellaneng, kaha a bonahala a foforeha qalong ea moo a melang teng. Leha ho le joalo, Dr. Gerrie de Graaff eo e leng moeletsi oa tsa saense ho National Parks Board ea Afrika Boroa, o bolela hore hase boea ba sebele, empa “ha ho sebelisoa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho a tšoana le litlhako tsa [liphoofolo tse nang le litlhako].”

Lenaka ha le khaotse ho hōla, joaloka manala. Tšukulu e tummeng e ntšo e bitsoang Gertie e ne e khaba ka le fetang limithara tse 1,4 ka bolelele, ’me lenaka la tšukulu e tšoeu le hōla ho fihlela le e-ba limithara tse peli! ’Me haeba lenaka le ka robeha, joalokaha ho etsahala ka linako tse ling, le tla mela hape ka lisenthimithara tse ka bang robeli ka selemo.

Ke hobane’ng ha manaka a tšukulu a nkoa e le a bohlokoa hakaale? Batho ba bangata ba a sebelisa bakeng sa meriana, ’me ba bang ba thabela botumo ba ho ba le koakoa e nang le mofeng oa lenaka la tšukulu. Le batloa haholo ’me khoebo ea lona e lefa chelete e ntle hoo litšukulu tse likete li bolailoeng ke batho ba meharo ea ho fumana se itseng.

Tšukulu e tšoeu, e kileng ea batla e fela, hona joale e boetse e-ea fumaneha, ka lebaka la boiteko bo matla ba batho ba hlokomelang tlhaho. Empa ha ho joalo ka motsoal’a eona e motšo. Ho li khaola manaka ke o mong oa mekhoa e fapa-fapaneng e reretsoeng ho khaotsa tloaelo ea ho li bolaea ntle le tumello. Empa mosebetsi ona o moholohali o ipaka o se molemo hakaalo. Kaha theko ea manaka a tšukulu ke R7 000 k’hilogramo, ba li bolaeang ntle le tumello ba nahana hore esita le kutu ea lenaka le khaotsoeng la tšukulu e bohlokoa hoo e ka ntšuoang. Leha ho le joalo, ho tšeptjoa hore meharo ea motho e ke ke ea atleha, hoo meloko e tlang le eona e tlang ho khona ho thabela ho tloaelana le phoofolo ena e bohehang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

U ka tseba phapang ea tšukulu e ntšo le e tšoeu joang, kaha li thōkoa ka bobeli?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Tšukulu e tšoeu le namane ea eona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

National Parks Board of South Africa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela