Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/15 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane—Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Asia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane—Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Asia
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ruta Bana Hoa ba Sireletsa
  • Palo ea Batho ba Shoang ka Mor’a Leholiotsoana
  • Ho Ipolaea ha Maqheku Korea Boroa
  • Ke Phela Nakong ea Liphetoho Tsa Bohlokoa Korea
    Tsoha!—2008
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Bothata bo Ntseng bo Hōla
    Tsoha!—1991
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Ke Bone ha Keketseho e E-ba Teng Korea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 5/15 leq. 3
’Mè le moralinyana oa hae naheng ea Asia

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Asia

Asia ke k’honthinente e nang le batho ba bangata ka ho fetisisa. Chaena le India li na le batho ba etsang karolo ea 33 lekholong ea baahi ba lefatše. Linaha tsa Asia li tobane le mathata afe tabeng ea ho ruta le ho sireletsa baahi ba tsona?

Ho Ruta Bana Hoa ba Sireletsa

Litsebi tsa molao tsa Chaena li re bana e ba mahlatsipa a ho hlekefetsoa ka thobalano haeba batsoali ba sa buisane le bona ka eona ha ba sa le banyenyane. Lilemong tse ’nè tse fetileng ho bile le linyeoe tse ka bang 8 000 tsa tlhekefetso ea bana ka thobalano, Chaena. Setsebi se seng sa molao sa Beijing Normal University se re kaha bana “ha ba tsebe ho itšireletsa, ba hlekefetsoa habonolo. Ho ba ruta ka thobalano ho ka ba thusa hore ba se ke ba hlekefetsoa.”

SEO BIBELE E SE BUANG: Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona ka litsela tsa ho itšireletsa “ho motho ea buang lintho tse khelohileng.”—Liproverbia 2:1, 10-12.

Palo ea Batho ba Shoang ka Mor’a Leholiotsoana

Phuputso e ’ngoe e bontša hore kakaretso ea masea a Philippines a banana a shoang selemo ka mor’a leholiotsoana, e feta hōle palo ea batho ba bolailoeng ke leholiotsoana ka bolona. E ka ’na eaba sena se bakoa ke tlhokahalo ea mesebetsi ka mor’a leholiotsoana, litšenyehelo tsa ho haha hape esita le tsela eo liphallelo li abeloang masea a banana ka eona ho akarelletsa lijo le meriana.

SEO BIBELE E SE BUANG: ‘Le arolele ea lapileng bohobe, le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna. . . . Haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese.’—Esaia 58:7.

Ho Ipolaea ha Maqheku Korea Boroa

Ka 2011, har’a batho ba ipolaileng Korea Boroa, ba fetang kotara e ne e le batho ba lilemo li 65 kapa ho feta. Bafuputsi ba bang ba re sena se bakoa ke hore batho ba ba hlokomelang ha ba ba tšoare hantle le hore ha ba na chelete e lekaneng hore ba itlhokomele—hoo e ka bang halofo ea maqheku a Korea Boroa a lula libakeng tse futsanehileng. Batho ba ka tlaase ho halofo ea baahi ba Korea Boroa ba se ba bona ho le molemo hore bana ba hlokomele batsoali ba bona ba tsofetseng.

SEO BIBELE E SE BUANG: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.”—Baefese 6:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela