Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/15 maq. 12-13
  • Kamoo U ka Babatsang Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Babatsang Bana
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Ruta Ngoana oa Hao Hore a se ke a Tela
    Se ka Thusang Lelapa
  • Rorisang Jehova, Molimo oa Rōna!
    Binelang Jehova
  • Rorisang Jehova
    Binelang Jehova le Thabile
  • Ho Talima Lintho ka Leihlo la Ngoana
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 11/15 maq. 12-13
Ntate o hakile mora ha mora a ntse a toroea setšoantšo

SE KA THUSANG LELAPA | HO HOLISA BANA

Kamoo U ka Babatsang Bana

BOTHATA

Batho ba bang ba re ho ke ke ha khoneha hore u babatse ngoana oa hao ho feta tekanyo. Ba bang ba re ho lula u babatsa ngoana ho ka mo senya ’me ha etsa hore a ikhohomose a be a nahane hore a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang.

Ho phaella tabeng ea hore na u babatsa ngoana oa hao hakae, u boetse u lokela ho nahana ka hore na u mo babatsa joang. Ke mokhoa ofe oa ho mo babatsa o tla mo khothatsa? Ke ofe o ka ’nang oa mo sitisa ho leka ho etsa lintho tse ling? U ka babatsa ngoana oa hao joang e le hore a tsoele pele ho etsa lintho tse molemo?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Mekhoa ea ho babatsa ngoana ha e tšoane. Nahana ka lintlha tse latelang.

Ho ka ba kotsi ho babatsa ngoana ho tlōla tekanyo. Batsoali ba bang ba babatsa bana ho sa hlokahale e le hore bana ba itšepe. Leha ho le joalo, Dr. David Walsh o re bana ba bohlale ’me baa hlokomela ha ba babatsoa ho feta tekanyo, kahoo ba etsa qeto ea hore motsoali o mpa a bua feela. O boetse o re bana baa tseba ha ba sa lokeloe ke ho babatsoa ’me sena se ka ’na sa etsa hore ba se ke ba u tšepa.a

Ho molemo ho babatsa ngoana ka lebaka la bokhoni ba hae. A re nke hore ngoana oa hao o rata ho toroea. Ke ha tlhaho hore u mo babatse, e leng se tla etsa hore a ikitlaetse le ho feta. Leha ho le joalo, seo se ka baka bothata bo itseng. Ha u babatsa ngoana ka lebaka la talenta ea hae feela, seo se ka etsa hore a nahane hore o lokela ho etsa lintho tseo a nolofalloang ho li etsa feela. A ka ba a tšaba ho etsa lintho tse ncha hobane a tšaba hore o tla hlōleha. A ka ’na a ipehela mabaka a re: “Haeba ho ka ba thata ho etsa ntho e itseng, e tlameha ebe ha kea bōpeloa ho e etsa, kahoo nkeke ka itšoenya.”

Ho molemo ho babatsa ngoana ha a ikitlaetsa. Bana ba babatsoang ha ba ikitlaetsa ho e-na le hore ba babatsoe ka lebaka la litalenta tsa bona, baa hlokomela hore e le hore ba tsebe ho etsa ntho e itseng, ho hlokahala mamello le boiteko. Buka ea Letting Go With Love and Confidence e re ha bana ba tseba seo, “baa ikitlaetsa e le hore ba finyelle se hlokahalang. Esita le ha ba hlōleha, ha ba inke ba hlōlehile, empa ba nka hore ba ithutile ho hong.”

SEO U KA SE ETSANG

Babatsa ngoana ka boiteko boo a bo etsang, eseng feela ka talenta ea hae. Ho molemo hore u re ho ngoana oa hao: “Kea bona hore u entse boiteko bo matla ho toroea setšoantšo sena,” ho feta hore u re: “Ho toroea ho maling a hao.” Ke ’nete hore lipolelo tsena ka bobeli li babatsa ngoana. Empa polelo ea bobeli e fana ka maikutlo a hore lintho tseo ka tlhaho ngoana a li etsang hantle, ke tsona feela tseo a ka khonang ho li etsa.

Ha u babatsa ngoana ka boiteko ba hae, u mo ruta hore haeba a ikitlaetsa, a ka atleha. Kahoo, ngoana oa hao a ka ’na a thabela ho etsa lintho tse ncha.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 14:23.

Thusa ngoana oa hao hore a se ke a nyahama ha a hlōleha. Batho ba tsebang ho etsa lintho tse itseng hantle, le bona ba etsa liphoso, mohlomong ka makhetlo. (Liproverbia 24:16) Empa le ka mor’a hore ba etse liphoso, ha ba tele, ho e-na le hoo ba ithuta liphosong tsa bona ebe ba tsoela pele. U ka thusa ngoana oa hao joang hore a etse se tšoanang?

U boetse u lokela ho sheba boiteko boo a bo etsang. Nahana ka mohlala ona: A re re kamehla u ee u re ho morali oa hao, “Thuto ea lipalo e maling a hao,” ebe oa e feila. A ka ’na a ikutloa eka o hlōlehile ho etsa ntho eo a bōpetsoeng ho e etsa, kahoo a ke ke a hlola a itšoenya.

Leha ho le joalo, ha u sheba boiteko boo ngoana a bo etsang, u mo thusa hore a mamelle. U mo thusa hore a hlokomele hore ha se hore ha a na thuso. Kahoo, ho e-na le hore a tele, a ka ’na a sebetsa ka thata kapa a leke leqheka le leng.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 3:2.

Mo bontše hore na a ka lokisa hokae. Ha u bontša ngoana oa hao hore na a ka lokisa hokae, seo se ke ke sa mo nyahamisa, ho e-na le hoo, se tla mo thusa. Hape, haeba u babatsa ngoana oa hao ka tsela e nepahetseng, ho ka ba bonolo hore a amohele ha u mo fa keletso hore na a ntlafatse hokae. Kahoo, o tla thaba ha a finyella ntho itseng ’me le uena u tla thaba.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 13:4.

a Boitsebiso bona bo nkiloe bukeng ea No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Mesebetsi eohle e na le moputso oa eona.”—Liproverbia 14:23 (BPN).

  • “Kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.

  • “Moea oa ba khothetseng o tla nona.”—Liproverbia 13:4.

HO TOBANA LE LIPHEPHETSO

Bibele e bua ka batho ba ileng ba etsa lintho tseo ka tlhaho ba neng ba ke ke ba khona ho li etsa. Ka mohlala, Moshe o ne a le leqe ho ea ka pel’a morena oa Egepeta ea neng a le matla a bile a le manganga. Moshe o ile a re: “Ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi.” (Exoda 4:10) Jeremia o ile a bua ka tsela e tšoanang ha a ne a khethoa hore e be moprofeta. O ile a re: “Ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jeremia 1:6) Leha le joalo, ka bobeli Moshe le Jeremia ba ile ba phetha likabelo tsa bona hantle.

Re ithuta’ng litlalehong tsee? Bokhoni ba ngoana oa hao ha boa itšetleha feela ka hore na ka tlhaho o khona ho etsa eng. Ha u mo babatsa ka seo a ikitlaelletsang ho se etsa, a ka ’na a etsa lintho tseo uena le eena le neng le sa nahane hore a ka li etsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela