Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g19 no. 3 maq. 4-5
  • Ho Phela Hantle ’Meleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Hantle ’Meleng
  • Tsoha!—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITLHOKOMELE
  • QOBA HO ITEMATSA
  • MELAO-MOTHEO E MENG
  • 1 | Sireletsa Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2022
  • Khetho e Amang Bophelo ba Hao
    Tsoha!—2003
  • Tsela ea 5—Ikemisetse ’me U Khothatse le ba Lelapa la Hao
    Tsoha!—2011
  • Lula U E-na le Pono ea Mangolo Litabeng Tsa Kalafo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2019
g19 no. 3 maq. 4-5
Ntate o ja salate

Ho Phela Hantle ’Meleng

Bibele ha se buka ea bongaka. Empa e na le likeletso tse ka re thusang hore re lule re phetse hantle. Utloa hore na e re u ka etsa’ng ha u batla ho phela hantle.

ITLHOKOMELE

MOLAO-MOTHEO: “Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae empa oa e fepa le ho e baballa.”​—Baefese 5:29.

HO BOLELOA’NG? Bibele e re eletsa hore re sebetse ka thata ho hlokomela ’mele ea rona. Koranta e ’ngoe e re mafu a mangata a bakoa ke tsela eo batho ba phelang ka eona. Ekaba hantle hore re etse liqeto tse nepahetseng e le hore re phele hantle.

U KA ETSA’NG?

  • E-ja Hantle. U lokela ho ja lijo tse nang le phepo u be u noe metsi haholo hore u phele hantle.

  • Ikoetlise. U ka lula u phetse hantle haeba feela u ikoetlisa. Taba ena ke ea bohlokoa ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, u na le bokooa kapa u tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Lingaka, metsoalle le beng ka uena ba ka leka ho u thusa hore u lule u ikoetlisa, empa ke uena ea lokelang ho ikhanna.

  • Robala Nako e Lekaneng. Batho ba bang ba nka ho phomola e le ntho e nyane hoo ba qetang nako e telele ba sebetsa ba sa robale ebe ba qetella ba kula. Empa uena u ka ipha nako e lekaneng ea ho robala e le hore u lule u phetse hantle.

QOBA HO ITEMATSA

MOLAO-MOTHEO: “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”​—2 Bakorinthe 7:1.

HO BOLELOA’NG? Re ka phela hantle haeba re sa silafatse ’mele ea rona ka lintho tse kotsi tse kang koae kaha e bakela batho mafu a mangata a qetellang ka ho ba bolaea.

U KA ETSA’NG? Itjoetse hore na u batla ho tlohela ho tsuba neng, ebe u tšoaea letsatsi leo k’halendareng. Pele letsatsi leo u le tšoaileng le fihla, lahla koae le lintho tsohle tseo u li sebelisang ha u tsuba. Hape u qobe ho ea libakeng tseo ho nang le batho ba tsubang. Bolella ba lelapa le metsoalle hore u entse qeto ea ho khaotsa ho tsuba e le hore ba ka u tšehetsa.

MELAO-MOTHEO E MENG

Ntate ea balang Bibele

Haeba u batla ho ba le Bibele, u ka kopa Lipaki Tsa Jehova hore li u fe eona

LULA U SIRELETSEHILE.

“Haeba u haha ntlo e ncha, u etse lehora [lerako] bakeng sa marulelo a hao, e le hore u se ke oa beha molato oa mali ntlong ea hao hobane e mong a ka ’na a oa a le holim’a eona.”​—DEUTERONOMA 22:8.

QOBA HO HALEFA.

“Ea liehang ho halefa o tletse temoho, empa ea felang pelo o phahamisa booatla.”​—LIPROVERBIA 14:29.

U SE KE OA BA MEHARO.

“U se ke oa ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang [lijo] ka bonyollo.”​—LIPROVERBIA 23:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela