Selelekela
Kaofela ha rona re hlaheloa ke lintho tse bohloko tse kang bokuli, likotsi, likoluoa tsa tlhaho, lintoa kapa litlhekefetso.
Batho ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li etsahala.
Batho ba bang ba lumela hore re utloa bohloko hobane ho na le ntho e matla ho feta batho e etsang hore re hlaheloe ke lintho tse itseng ebang re rata kapa che. Ba bang bona ba re ha ho na ntho eo re ka e etsang ho qoba ho utloa bohloko.
Ba bang ba lumela hore ho utloa bohloko ke litla-morao tsa ntho e mpe eo re kileng ra e etsa kapa eo re entseng bophelong bo fetileng.
Mathata a etsa hore batho ba bangata ba ipotse lipotso tseo ba se nang likarabo tsa tsona.