Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/15 maq. 3-4
  • Na Bokamoso ba Rōna bo Ngotsoe Esale Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bokamoso ba Rōna bo Ngotsoe Esale Pele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o se a Ntse a Rerile Qetello ea Rōna Esale Pele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Batlisisa Qetello ea Motho e Reriloeng Esale Pele
    Tsoha!—1999
  • Na ho Lumela Thuto ea ho Hlolloa Bokamoso ho Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na ke ho Hlolloa Kapa e Mpa e le Ntho e Iketsahaletseng Feela Tjee?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/15 maq. 3-4

Na Bokamoso ba Rōna bo Ngotsoe Esale Pele?

MOKRESTE, Momosleme, Mojuda, Mohindu, kapa ea lumelang bolumeling bo bong—batho ba litumelo tsohle ba hlaheloa ke tlokotsi ’me baa sareloa ka lebaka la eona.

Ka mohlala, ka la 6 December, 1997, ho ile ha hlaha tlokotsi e tšabehang motseng oa Irkutsk, Siberia. Sefofane se seholo se nkang thepa sa AN-124 se ne se sa tsoa phahama ha lienjine tsa sona tse peli li khaotsa ho sebetsa. Sefofane seo se neng se tletse peterole, se ile sa oela holim’a mohaho oa bolulo. Malakabe a ile a aparela matlo a mangata, a bolaea le ho lematsa baahi ba bangata ba neng ba sa khone ho ithusa, ho kopanyelletsa le bana ba se nang molato.

Sebakeng seo sa Siberia moo kotsi eo e hlahileng teng, mohlomong ho na le batho ba nang le maikutlo a fapa-fapaneng a bolumeli. Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ba lumela Bokresteng, leha ho le joalo, ba ne ba ntse ba ka nahana hore tlokotsi eo e bakiloe ke qetello e reriloeng esale pele e neng e ke ke ea qojoa. Bona le ba bang ba ka ’na ba nahana hore, ‘E ne e le thato ea Molimo, le hore haeba bao ba shoeleng ba ne ba ke ke ba shoa ka tsela eo, ba ka be ba ntse ba shoele ka tsela e ’ngoe e itseng—e ne e le qetello eo ba ileng ba e rereloa esale pele eo ba neng ba ke ke ba e qoba.’

Monahano o joalo, ebang oa boleloa kapa ha o boleloe, o bontša khopolo e tloaelehileng malumeling a mangata ho pota lefatše—qetello e reroang esale pele e ke keng ea qojoa. Batho ba bangata ba lumela hore bokamoso ba rōna, ho tloha mohla re hlahang ho fihlela mohla re shoang, bo ngotsoe esale pele ka tsela e itseng.

Ho lumela qetellong e reriloeng esale pele e ke keng ea qojoa, ho na le libōpeho tse ngata, e leng ho etsang hore tlhaloso ea hona e akaretsang e be thata. Ha e le hantle, qetello e reriloeng esale pele e ke keng ea qojoa e fana ka maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang, ketso e ’ngoe le e ’ngoe, ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe—ebang e ntle kapa e mpe—e ke ke ea qojoa; e ile ea reroa esale pele hore e etsahale hobane e ile ea hla ea hloloa ke matla a phahameng haholoanyane, a ke keng a laoloa ke motho. Khopolo e joalo e ka fumanoa bonoheng ba linaleli, ho karma ea Mahindu le Mabuddha, hammoho le thutong ea Bokreste-’mōtoana ea ho rereloa qetello esale pele. Khale koana Babylonia ea boholo-holo, batho ba ne ba lumela hore melimo e laola qetello e reriloeng esale pele le bokamoso ka ho sebelisa tokomane e ngotsoeng. Ho ne ho lumeloa hore molimo leha e le ofe ea neng a laola “litokomane [tsena] tsa lintho tse reriloeng esale pele,” o ne a ka rera esale pele qetello e ke keng ea qojoa ea batho, ea mebuso, esita le ea eona melimo ka boeona.

Balumeli ba bangata ba lumela hore pele batho ba hlaha, ka qeto ea hae Molimo o rera tsohle tse tla hlahela batho, ho kopanyelletsa le hore na ba tla phela nako e kae, hore na e tla ba batho ba batona kapa ba batšehali, barui kapa mafutsana, ba mesarelong kapa ba thabileng. Ho boleloa hore tsena tsohle li teng kelellong ea Molimo kapa li ngotsoe bukeng pele li etsahala. Kahoo, ho tloaelehile hore ha ho hlaha tlokotsi molumeli a re, “mektoub,”—ke se ngotsoeng! Ho boleloa hore kaha Molimo o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe pele e etsahala, e tlameha ebe o rera esale pele hore na ke bo-mang ba tla mo mamela le hore na ke bo-mang ba sa tl’o mo mamela. Kahoo, batšehetsi ba bangata ba lumela hore esita le pele motho a hlaha, Molimo o se a ntse a rerile hore na qetello ea hae e tla ba thabo ea ka ho sa feleng Paradeiseng kapa o tla timetsoa ka ho sa feleng.

U ka ’na ua ba le maikutlo a hore sena se utloahala se tšoana hantle le thuto eo likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li e rutang ea ho rereloa qetello esale pele. Moprostanta ea neng a le ka sehloohong ho buelleng taba ea ho rereloa qetello esale pele e ne e le Raliphetoho oa Mofora oa lekholong la bo16 la lilemo, John Calvin. O ile a hlalosa ho rereloa qetello esale pele e le “qeto ea ka ho sa feleng ea Molimo, eo ka eona a rerileng hore na o batla ho etsa eng ka motho e mong le e mong. Hase bohle ba bōpiloeng ba le boemong bo tšoanang, empa bophelo bo sa feleng bo khethetsoe ba bang esale pele ’me ba bang ba khethetsoe pheliso ea ka ho sa feleng.” Calvin o ile a boela a re: “Hase feela hore Molimo o ile a bona esale pele hore motho oa pele o ne a tla etsa sebe ’me a senyetse bana ba hae; empa ka ho rata ha hae, o ile a boela a lokisetsa hoo.”

Leha ho le joalo, hase litho tsohle tsa malumeli a rutang hore qetello e reroa esale pele kapa hore lefu le ke ke la qojoa, tse hlileng li lumelang seo. Ka nepo, ba bang ba bontša hore libuka tsa bolumeli li bua ka hore motho o na le bolokolohi ba ho ikhethela. Ha e le hantle, ho ’nile ha e-ba le khang e khōlō ka taba ea liketso tsa motho, hore na ebe ke phello ea bolokolohi ba hae ba ho ikhethela kapa ke hobane li hlile tsa reroa esale pele ke Molimo. Ka mohlala, ba bang ba ’nile ba pheha khang ea hore motho o lokela ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela le ba ho etsa seo a se batlang, hobane Molimo ea lokileng o nka motho a ikarabella bakeng sa liketso tsa hae. Ba bang ba ’nile ba re Molimo o bōpella motho le liketso tse itseng, empa ka tsela e itseng, motho oa li “amohela” ebe oa ikarabella bakeng sa tsona. Leha ho le joalo, bonneteng batho ba bangata ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, ebang e khōlō kapa e nyenyane, e khethiloe ke Molimo.

Uena u lumela eng? Na Molimo o se a ntse a rerile hore na bokamoso ba hao e tla ba bofe? Na ruri batho ba na le bolokolohi ba ho ikhethela, matla a ho iketsetsa khetho ea sebele mabapi le bokamoso ba bona? Ke ho isa bohōleng bofe qetello ea rōna e itšetlehileng ka liketso tsa rōna? Sehlooho se latelang se tla leka ho arabela lipotso tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

SEL/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela