Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 3 leq. 3
  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?
  • Tsoha!—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na U Tlas’a Khatello ea Leeme?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lisosa Tsa Khethollo
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 3 leq. 3
Banna ba babeli ba tl’o fetana tseleng. Monna e mong o nka seriti sa e mong se tšosa.

Khethollo​—Na E U Tšoaelitse?

Khethollo e tšoana le kokoana-hloko. E lematsa liphofu tsa eona ’me hangata batho ba nang le eona ha ba elelloe.

Hangata batho ba khetholla ba bang ho ea ka hore na ke ba sechaba, morabe, kapa puo efe. Empa ka linako tse ling ba boetse ba khetholla ba bang ka bolumeli, bong ba bona kapa maemo a bona sechabeng. Batho ba bang ba eisa ba bang hobane ba le lilemong tse itseng, e le libali-bali kapa ba sa ruteha, ba e-na le bokooa bo itseng kapa ba shebahala ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, batho ba eisang ba bang ka tsela eo ba ntse ba nahana hore ha ba leeme.

Na ho ka etsahala hore ebe u na le khethollo? Batho ba bangata ba khona ho bona ha motho e mong a e-na le khethollo. Empa ho ka ba thata hore motho a ipone ha e le eena ea nang le khethollo. Bonneteng, motho e mong le e mong o na le khethollo ho isa boholeng bo itseng. Moprofesa David Williams, eo e leng setsebi thutong ea kahisano o re hangata ha batho ba nyatsa batho ba sehlopha se itseng, ba ka “khetholla motho ea tsoang sehlopheng seo ’me ka linako tse ling ba bile ba sa elelloe.”

Ka mohlala, Europe boroa-bochabela moo Jovica a lulang, ho na le sehlotšoana sa batho seo boholo ba batho ba lulang naheng eo ba sa se rateng. O re: “Ke ne ke sa lumele hore ho na le motho ea lokileng ea ka hlahang har’a batho bao. Empa ke ne ke sa nahane hore ke na le khethollo. Ha e le hantle, ke ne ke utloa ke sa fosa kaha ke ne ke nka ke ba tseba hantle.”

Mebuso e mengata e etsa melao e le ho loantša khethollo ea morabe hammoho le mefuta e meng ea khethollo. Leha ho le joalo, khethollo e lutse e le teng. Lebaka ke hore seo melao eo e ka khonang ho se etsa ke ho thibela liketso empa e ke ke ea thibela menahano ea motho kapa boikutlo ba hae. Khethollo e simoloha ka kelellong le ka pelong ea motho. Joale, na ho loantša khethollo ke ho hobella letlapeng? Na pheko e teng bakeng sa khethollo?

Lihloohong tse latelang, re tla bua ka likeletso tse hlano tse ileng tsa thusa batho ba bangata ho loantša khethollo e neng e ba nanaretse ka lipelong le likelellong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela