Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 9/8 maq. 6-7
  • Lisosa Tsa Khethollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lisosa Tsa Khethollo
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetha ho Lula U se na Tsebo
  • Ho Itokolla
  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?
    Tsoha!—2020
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Mefuta e sa Tšoaneng ea Khethollo
    Tsoha!—2004
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 9/8 maq. 6-7

Lisosa Tsa Khethollo

KETHOLLO e ka ’na ea e-ba le lisosa tse ngata. Leha ho le joalo, lisosa tse peli tse tsebahalang hantle ke (1) takatso ea ho batla motho ea ka behoang molato le (2) lehloeo le bakiloeng ke ho hloka toka ho etsahetseng nakong e fetileng.

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, ha ho hlaha koluoa e itseng, hangata batho ba batla motho eo ba ka mo behang molato. Ha batho ba hlahelletseng ba qosa sehlopha se fokolang ka palo sa batho khafetsa, qoso eo e qetella e amohetsoe ’me khethollo ea jaleha. Ho etsa mohlala o tloaelehileng, nakong eo moruo o theohileng linaheng tsa Bophirimela, hangata ho behoa batho ba linaha tse ling molato oa hore ba nketse batho ba linaha tseo mesebetsi—le hoja hangata batho bao ba etsa mesebetsi eo batho ba bangata ba linaha tseo ba hanang ho e etsa.

Empa hase ka linako tsohle khethollo e bakoang ke ho batla ho beha motho e mong molato. E ka ’na ea bakoa ke se ’nileng sa etsahala nakong e fetileng. Tlaleho ea UNESCO Against Racism e re: “Hase ho feteletsa litaba ho bolela hore khoebo ea ho rekisa batho e le makhoba e entse hore ho be le khethollo ea morabe le ho khesa batho ba batšo.” Batho ba neng ba le khoebong ea makhoba ba ile ba leka ho lokafatsa khoebo eo ea bona e hlabisang lihlong ea ho rekisa batho ka ho bolela hore Maafrika e ne e le batho ba tlaase. Khethollo ena e se nang motheo, eo hamorao e ileng ea namela le bathong ba neng ba le tlas’a lipuso tsa bokolone, e ntse e le teng le kajeno.

Lefatšeng ka bophara, liketsahalo tse tšoanang tsa nakong e fetileng tsa ho hatella ba bang le ho hloka toka li etsa hore khethollo e lule e le teng. Bora pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta Ireland bo qalile morao koana lekholong la bo16 la lilemo, ha babusi ba Engelane ba ne ba hlorisa le ho leleka Mak’hatholike ka har’a naha. Liketso tse sehlōhō tse hlohlelelitsoeng ke ba ipitsang Bakreste nakong ea Lintoa Tsa Bolumeli li ntse li tsosa maikutlo a matla har’a Mamosleme Bochabela bo Hare. Lehloeo le pakeng tsa Maserbia le Macroatia linaheng tsa Balkan le bakiloe ke lipolao tse sehlōhō tsa baahi nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Joalokaha mehlala ena e bontša, histori ea lehloeo pakeng tsa lihlopha tse peli e ka matlafatsa khethollo.

Ho Khetha ho Lula U se na Tsebo

Pelo ea lesea le ithutang ho tsamaea ha e na khethollo. Ho e-na le hoo, bafuputsi ba bolela hore hangata ngoana o sekamela ho bapaleng le ngoana oa morabe o mong. Leha ho le joalo, ha a le lilemo li 10 kapa 11, a ka ’na a qala ho khesa batho ba morabe o mong, ba setso se seng kapa ba bolumeli bo bong. Nakong eo e leng hona a ntseng a iphumana, o fumana likhopolo tsa ba bang tse ka ’nang tsa tšoarella bophelo bohle ba hae.

Mekhoa ee e ithutoa joang? Ngoana o fumana maikutlo a fosahetseng—a buuoang le a sa buuoeng—ho batsoali ba hae pele, ’me hamorao ho metsoalle ea hae kapa matichere. Hamorao baahelani, likoranta, seea-le-moea, kapa thelevishene li ka ’na tsa mo hlohlelletsa le ho feta. Le hoja e ka ’na eaba o tseba ho fokolang kapa ha a tsebe letho ka batho bao a sa ba rateng, nakong eo e bang motho e moholo, o se a entse qeto ea hore ke batho ba tlaase le ba sa tšepahaleng. A ka ba a ba hloea.

Ka lebaka la keketseho ea batho ba tsamaeang le ea likhoebo, ho kopana ha merabe le litso tse sa tšoaneng ho eketsehile linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, motho ea seng a hlaoletse maikutlo a matla a khethollo hangata o tšoarella likhopolong tseo a seng a ntse a e-na le tsona. A ka ba a ’na a tsitlella ho nka batho ba likete kapa ba limilione e le ntho e le ’ngoe, a etsa qeto ea hore kaofela ba na le mekhoa e itseng e mebe. Ntho leha e le efe e mpe e ka mo hlahelang, esita le haeba e ama motho a le mong feela oa sehlopha seo, e se e tiisa maikutlo a hae a khethollo. Ka lehlakoreng le leng, haeba a etsahalloa ke ntho e ntle, hangata motho ea joalo o tla nkoa e le mokhelo.

Ho Itokolla

Le hoja batho ba bangata ba nyatsa khethollo, ke ba ’maloa ba lokolohang litlamong tsa eona. Ha e le hantle, bongata ba batho ba nang le khethollo e matla ba tla tiisa hore ha ba na eona. Ba bang ba re hase ntho e nang le taba, haholo-holo haeba batho ba sa hlahatse maikutlo a bona a khethollo. Leha ho le joalo, khethollo e na le taba kaha e utloisa batho bohloko le ho ba arola. Haeba khethollo ke ngoana oa ho hloka tsebo, joale hangata lehloeo e ba setloholo sa eona. Mongoli Charles Caleb Colton (1780?-1832) o ile a re: “Re hloile batho ba bang hobane re sa ba tsebe; ’me re ke ke ra ba tseba hobane re ba hloile.” Leha ho le joalo, haeba khethollo e ka ithutoa, e ka boetse ea tsoeloa. Joang?

[Lebokose le leqepheng la 7]

Bolumeli—Na bo Khothalletsa Mamellano Kapa Khethollo?

Bukeng ea hae ea The Nature of Prejudice, Gordon W. Allport o bolela hore “ka karolelano, ho bonahala batho ba kenang Kereke ba e-na le khethollo ho feta batho ba sa e keneng.” Sena ha se makatse kaha bolumeli hangata bo ’nile ba baka khethollo ho e-na le ho ba tharollo ea eona. Ka mohlala, baruti ba susumelitse bora khahlanong le Bajuda ka lilemo tse makholo. Ho latela A History of Christianity, Hitler o kile a re: “Ha e le tabeng ea Bajuda, ke mpa ke tsoela pele ka leano leo kereke e K’hatholike e ’nileng ea le sebelisa ka lilemo tse 1500.”

Nakong ea liketso tse sehlōhō linaheng tsa Balkan, ho bonahala lithuto tsa Maorthodox le tsa Mak’hatholike li ne li sitoa ho khothalletsa mamellano le tlhomphano ho baahelani ba neng ba ipolela e le ba malumeli a mang.

Ka ho tšoanang, Rwanda le teng litho tsa kereke li ile tsa bolaea balumeli-’moho le tsona. National Catholic Reporter e ile ea bontša hore ntoa e bileng teng moo e ne e akarelletsa “bohato ba sebele bo neng bo reretsoe ho timetsa morabe o mong ka ho feletseng, boo ka bomalimabe, esita le Mak’hatholike a ikarabellang ho bona.”

Kereke e K’hatholike ka boeona e lemohile tlaleho eo e nang le eona ea ho hloka mamello. Ka selemo sa 2000, ’Miseng oa sechaba o neng o tšoaretsoe Roma, Mopapa John Paul II o ile a kōpa tšoarelo ka “ho kheloha ho bileng teng nakong e fetileng.” ’Miseng oo, ho ile ha buuoa ka ho khetheha ka “ho hloka mamello ha bolumeli le ho hloka toka ho Bajuda, basali, batho ba linaha tse ling, bajaki, bafutsana le bana ba e-s’o tsoaloe.”

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ka holimo: Kampo ea baphaphathehi, Bosnia le Herzegovina, la 20 October, 1995

Baphaphathehi ba babeli ba Maserbia a Bosnia ba emetseng hore ntoa ea lehae e fele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by Scott Peterson/Liaison

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho rutoa lehloeo

Ngoana a ka fumana maikutlo a fosahetseng ho batsoali ba hae, thelevisheneng le linthong tse ling

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela