Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 3 maq. 12-13
  • Rata Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rata Batho ba Bang
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata
  • Keletso ea Bibele e Re’ng?
  • Seo U ka se Etsang
  • Ba Ile ba Hlola Khethollo
    Tsoha!—2020
  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?
    Tsoha!—2020
  • Ke ne ke Batla ho Loantša Khethollo
    Bibele e Fetola Batho
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 3 maq. 12-13
Mosali oa le-India o thusa nkhono oa lekhooa ho hloa litepisi ebile o mo tšoarisitse korosari.

Rata Batho Ba Bang

Bothata

Boikutlo ba khethollo ha bo inyamelle feela tjee. Joalokaha ho nka nako hore motho a fole ha a e-na le kokoana hloko, ho hlokahala boiteko e le hore motho a tlose khethollo pelong ea hae. U ka etsa’ng hore u tlose khethollo ho uena?

Keletso ea Bibele e Re’ng?

Litšoantšo: 1. Monna oa Asia o bulela monna e motšo lemati ea tšoereng likopi tsa kofi. 2. Monna eo e motšo o fa basebetsi ’moho le eena kofi, ho akareletsa mosali eane oa le-India ea hlahileng pejana.

“Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”​—BAKOLOSE 3:14.

Temana ee e bolela’ng? Ha batho ba tšoarana ka mosa baa momahana. Ha u bontša ba bang hore oa ba rata, sena se tla u thusa hore u nene khethollo. Ha u leka ka matla hore u rate batho ba bang, sena se tla u thusa hore u qobe maikutlo a fosahetseng ao u ka bang le ’ona khahlanong le bona.

Seo U ka se Etsang

Litšoantšo: 1. Monna oa Asia o bulela monna e motšo lemati ea tšoereng likopi tsa kofi. 2. Monna eo e motšo o fa basebetsi ’moho le eena kofi, ho akareletsa mosali eane oa le-India ea hlahileng pejana.

Leka ho sheba lintho tseo u ka li etsang e le ho bontša lerato ho batho bao e ka ’nang eaba u ne u ba eisa. U se ke oa nahana ka lintho tse mohlolo. Leka ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena:

Haeba u bontša ba bang lerato, sena se tla u thusa hore u nene khethollo

  • E-ba le mekhoa e metle, mohlomong ka ho ba bulela lemati kapa ho phahama setulong e le hore ba ka lula.

  • Leka ho buisana le bona ho se hokae le haeba ba sa bue puo ea hao hantle.

  • U se ke oa ba fella pelo haeba ba etsa ntho eo u sa e utloisiseng.

  • E-ba le kutloelo bohloko ha ba bua ka mathata a bona.

Nahana ka Mohlala Ona: Nazaré (Guinea-Bissau)

“Ke ne ke e-na le khethollo ho bajaki. Ke ne ke ee ke utloele ho thoe bajaki ba bangata ba thetsa ’muso e le hore ba fumane lithuso tsa chelete hape ho ne ho thoe ba bangata ba bona ke linokoane. Sena se ne se etsa hore ke utloe ho le thata hore ke ba amohele. Leha ho le joalo ke ne ke sa nke ke na le khethollo kaha boholo ba batho ba ne ba ba talima ka eona tsela eo.

“Ha nako e ntse e ea, ke ile ka elelloa hore tsela e mpe eo ke neng ke ba talima ke eona e ne e le khethollo. Keletso e bohlale e tsoang Bibeleng e ile ea nthusa hore ke ba bontše lerato. Hona joale ha ke sa ba qoaea. Ho e-na le hoo kea ba lumelisa ’me ke qoqa le bona. Ke leka hore ke ba tsebe hantle. Hona joale ke ba nka e le batho ba bohlokoa ’me ke ikutloa ke lokolohile ha ke e-na le bona.”

“Ke ne ke batla ho loantša khethollo”

Rafika Morris.

Rafika o ile a ikamahanya le sehlopha se neng se loantša khethollo ea merabe. Leha ho le joalo, eitse ha a ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova, o ile a bona kutloano eo a neng a ntse a e batla.

Shebella video ea Rafika Morris: Ke ne ke Batla ho Loantša Khethollo. Batla video ena ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela