Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g25 no. 1 maq. 14-15
  • E-ba le Tšepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba le Tšepo
  • Tsoha!—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
  • SEO U KA SE ETSANG
  • ’MUSO OA MOLIMO KE ENG, HONA O TL’O RE ETSETSA ENG?
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • U ka ba le Tšepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lihlooho Tse Makasineng Ena
    Tsoha!—2025
Bala Tse Ling
Tsoha!—2025
g25 no. 1 maq. 14-15
Lelapa le shebile botle ba sebaka seo le leng ho sona ha le ntse le thabela lijo.

U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?

E-ba le Tšepo

Na theko ea lintho naheng eo u phelang ho eona e ntse e phahama ho feta mokholo oa hao? Na u tšoenyehile ka ho hlokomela uena le ba lelapa la hao? Haeba ho joalo, u ka ’na oa tšoenyeha ka bokamoso. Le maemong a boima joalo, ho ba le tšepo ke ntho ea bohlokoa haholo.

KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?

Ho ba le tšepo ha se feela ho lumela hore lintho tse ntle li tla etsahala. Empa ho akarelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ka boemo boo re tobaneng le bona. Ka mohlala, lipatlisiso li bontša hore batho ba nang le tšepo . . .

  • ba khona ho mamella maemo a boima

  • ba khona ho feto-fetoha le maemo

  • ba etsa liqeto tse ba thusang hore ba lule ba phetse hantle

SEO U KA SE ETSANG

Ntlha ea pele, hlokomela kamoo Bibele e ka u thusang kateng hona joale. Bibele e na le likeletso tse ka u thusang ho sebetsana le litheko tse ntseng li phahama. Likeletso tsena li ka boetse tsa u thusa ho hlokomela hore ho na le seo u ka se etsang hona joale esita le nakong e tlang ha maemo a e-ba boima le ho feta.

“Masene a u lebele, kutloisiso e u boloke.”—Liproverbia 2:​11, Bibele ea Sesotho.


Ntlha ea bobeli, hlokomela seo Bibele e se buang ka bokamoso. Ha u hlokomela kamoo likeletso tsa Bibele li leng bohlokoa kateng, u tla batla ho ithuta haholoanyane ka hore na Bibele e ruta’ng ka bokamoso. Ka mohlala, u tla ithuta hore Molimo ha a u batlele feela hore u be le “tšepo le bokamoso” empa o boetse o fane ka motheo oa tšepo eo, e leng ’Muso oa hae.—Jeremia 29:11.

’MUSO OA MOLIMO KE ENG, HONA O TL’O RE ETSETSA ENG?

’Muso oa Molimo ke puso e tla busa lefatše lohle. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Ka nako eo, ha ho motho ea tla utloa bohloko kapa a futsanehe ’me batho bohle ba tla phela ka khotso ba e-na le lintho tsohle tseo ba li hlokang hore ba thabe. Litemana tse latelang li re:

“U tla thaba ’me u atlehe.”—Pesaleme ea 128:2.

“Ba [busoang ke ’Muso oo ba] ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:23.

“Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng.”—Pesaleme ea 72:16.

Batho ba limilione ba tšepa litšepiso tsena, hobane ba kholisehile hore Molimo ‘a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ke habohlokoa hore u iphe nako ea ho bala Bibele. Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka u thusa ho mamella mathata a lichelete ’me ea u kholisa hore bokamoso bo tla ba molemo.

Ramaz.

Ramaz oa Georgia o re: “Tšepo eo ke nang le eona e thehiloeng ka Bibeleng e nthusa ho hopola hore mathata ao re kopanang le ’ona ke a nakoana. Ho nahana ka taba ena, ho mpha matla a hore ke sebetsane le mathata a lichelete a ntseng a mpefala.”

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Na u ka tšepa seo Bibele e se buang ka bokamoso? Shebella livideo tse latelang websaeteng ea jw.org/st: Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse? le ’Muso oa Molimo ke Eng?

’Mè o nka Bibele moo ho pakiloeng libuka.
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela