Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lffi khao. 2
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
  • U ka ba le Tšepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na u ka Fumana Tšepo Selemong sa 2024?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele
lffi khao. 2
Khaolo ea 2. Ha letsatsi le chaba, ’me mahlaseli a lona a otla masimong a lenngoeng koro.

KHAOLO EA 2

Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Thabisang

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Batho ba bangata lefatšeng ba na le mathata a etsang hore ba lule ba tšohile, ba bile ba utloile bohloko. Na u se u kile oa thulana le bothata bo etsang hore u ikutloe ka tsela ee? Mohlomong u utloile bohloko ka lebaka la ho kula, kapa ho na le motho eo u mo ratang ea hlokahetseng. U ka ’na oa ipotsa, ‘Na lintho li tla ke li ntsamaele hantle bophelong?’ Bibele e araba potso eo ka tsela e khotsofatsang.

1. Bibele e fana ka tšepo efe bakeng sa bokamoso?

Bibele ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho na le mathata a mangata hakana lefatšeng. Hape e re bolella litaba tse monate tsa hore haufinyane mathata ana ’ohle a tla fela. Litšepiso tseo re li fumanang ka Bibeleng li ka re “fa bokamoso le tšepo.” (Bala Jeremia 29:​11, 12) Litšepiso tseo li re thusa hore re mamelle mathata ao re kopanang le ’ona le hore re lule re thabile hona joale le nakong e tlang.

2. Bibele e re tšepisa bokamoso bo joang?

Bibele e re tšepisa hore haufinyane “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng ’me ho siama [masoabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Bala Tšenolo 21:4) Mathata ao hona joale a etsang hore batho ba ikutloe ba se na tšepo, a kang bofutsana, ho hloka toka, ho kula le lefu a tla fela haufinyane. Bibele e tšepisa hore batho ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng mona lefatšeng.

3. U ka kholiseha joang hore litšepiso tse ka Bibeleng li tla fela li phethahale?

Batho ba bangata ba batla ho bona lintho li ba tsamaela hantle bophelong, empa ha baa kholiseha hore seo se tla ke se etsahale. Lintho tseo Bibele e re tšepisang tsona li fapane hole le seo. Re ka matlafatsa tumelo ea rona ho seo Bibele e se buang ka ho “hlahloba Mangolo ka hloko.” (Liketso 17:​11) Ha u ntse u ithuta Bibele, u ka khona ho iketsetsa qeto ea hore na u ka tšepa seo e se buang ka bokamoso kapa che.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute tse ling tsa lintho tseo Bibele e li tšepisang mabapi le bokamoso ’me u bone hore na tšepo eo Bibele e fanang ka eona e thusa batho joang kajeno.

Linepe: Litšoantšo tse peli, se ka morao se hlahisitse maemo ao batho ba kopanang le ’ona hona joale, ha sa bobeli se bontša tšepiso eo Bibele e re’ng e tla phethahala nakong e tlang. Litšoantšo tse bontšang maemo a tšoanang li phetiloe hape.

4. Bibele e tšepisa hore re ka phela ka ho sa feleng re se na mathata

Sheba litšepiso tse latelang tse hlahang ka Bibeleng. Ke litšepiso life tseo u li ratang haholo? Ke hobane’ng ha u rata tsona?

Bala Mangolo a hlahang pel’a litšepiso tseo, ebe u nahanisisa ka lipotso tsena:

  • Na u nahana hore Mangolo aa a u thusitse? Na u nahana hore a ka thusa ba lelapa le metsoalle ea hao?

Ak’u nahane u se u phela lefatšeng leo

HO SENG HO SE MOTHO EA TLA . . . 

MOTHO E MONG LE E MONG A TLA . . . 

  • utloa bohloko, tsofala kapa ea tla hlokahala.​—Esaia 25:8.

  • bona ha batho bao a ba ratang ba tsosoa ’me ba boela ba phela hape mona lefatšeng.​—Johanne 5:​28, 29.

  • kula kapa ea holofetseng.​—Esaia 33:​24; 35:​5, 6.

  • phela hantle a sa kule a bile a le mafolofolo joaloka bocheng.​—Jobo 33:25.

  • tšoaroa ka leeme.​—Esaia 32:​16, 17.

  • ba le lijo, lehae leo a le khotsofalletseng le mosebetsi o thabisang.​—Pesaleme ea 72:​16; Esaia 65:​21, 22.

  • utloisoa bohloko ke lintoa.​—Pesaleme ea 46:9.

  • phela ka khotso.​—Pesaleme ea 37:11.

  • utloa bohloko ka lebaka la ho nahana kapa ho hopola lintho tse bohloko.​—Esaia 65:17.

  • phela ka ho sa feleng lefatšeng le se nang likhathatso.​—Pesaleme ea 37:29.

Moshanyana ea neng a kula o se a phetse hantle ’me o hakile ’me oa hae. Ntate ea neng a se a tsofetse o se a nchafetse ’me o khanna kiribae e tšetseng meroho. Bana ba neng ba lapile ’me ba qobelloa ho sebetsa ba se ba lema lijalo le ho bapala bolo. ’Mè ea neng a lutse fatše a nyahame o se a eme a bile a bososela.

5. Litšepiso tse ka Bibeleng li ka thusa batho

Batho ba bangata ba nyahame ebile ba utloile bohloko ka lebaka la lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng. Ba bang ba leka ka thata ho fetola lintho. Bala hore na ke joang litšepiso tse ka Bibeleng tsa hore lintho li tla loka li thusang batho ba bang kateng. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

VIDEO: Ke ne ke Batla ho Loantša Khethollo (4:07)

Linepe: Litšoantšo tse tsoang videong ea ‘Ke ne ke Batla ho Loantša Khethollo.’ 1. Rafika o ne a kotula boea le batho ba morabe oa hae ha e sa le ngoana. 2. Rafika o thabetse ho bona batho ba merabe e fapaneng ba le hammoho ba thabile, ha a ile kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele.
  • Videong ee, ke ho hloka toka ha mofuta ofe ho neng ho tšoenya ’mè Rafika?

  • Le hoja ho hloka toka ho neng ho mo tšoenya ho sa ka ha fela, Bibele e ile ea mo thusa joang?

Ha re tšepa litšepiso tseo re li balang ka Bibeleng mabapi le bokamoso re ka khona ho hlola ho nyahama, ’me re tla thaba le ha re ntse re e-na le mathata. Bala Liproverbia 17:​22 le Baroma 12:​12 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

  • Na oa lumela hore haeba u tšepa lintho tseo Bibele e li buang mabapi le bokamoso, seo se ka etsa hore u phele hantle hona joale? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?

BATHO BA BANG BA RE: “Litšepiso tse ka Bibeleng tse buang ka bokamoso ke litoro feela.”

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u ipatlele hore seo e leng ’nete ke sefe?

KAKARETSO

Bibele e re fa tšepo ’me e re thusa ho mamella mathata a re hlahelang ka ho re tšepisa bokamoso bo thabisang.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho lula ba e-na le tšepo?

  • Bibele e ruta’ng ka bokamoso?

  • Ho ba le tšepo ea hore lintho li tla loka nakong e tlang ho ka re thusa joang hona joale?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Utloa hore na ho ba le tšepo ho ka u thusa joang ha u e-na le mathata.

“Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?” (Tsoha!, May 8, 2004)

Utloa hore na ho ba le tšepo ka bokamoso ho ka thusa batho ba holofetseng joang.

“Ho Phela ka Boloetse bo sa Phekoleheng​—Na Bibele e ka Thusa?” (Sehlooho se websaeteng)

Ha u ntse u shebelletse video ena ea ’mino, ipone u se u e-na le ba lelapa la hao lefatšeng le lecha la Paradeise leo Bibele e le tšepisitseng.

Nahana ka Lefatše le Lecha (3:​37)

Bala kamoo tšepo ea bokamoso eo Bibele e buang ka eona e ileng ea fetola bophelo ba motho e mong ea neng a loanela litokelo tsa botho.

“Ha ke sa Batla ho Fetola Lefatše” (Molula-Qhooa, July 1, 2013)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela