Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 15
  • Mosali oa Lota a Hetla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosali oa Lota a Hetla
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Molimo o Etsa Selekane le Abrahama
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Thusa Batho ba Tšoenyehileng Hore ba Mamelle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 15

PALE EA 15

Mosali oa Lota a Hetla

LOTA le ba lelapa la hae ba ne ba lula le Abrahama naheng ea Kanana. Ka letsatsi le leng Abrahama a re ho Lota: ‘Sebaka sena ha sea lekana bakeng sa liphoofolo tsohle tsa rōna. Ke kōpa re arohane. Ha u leba koana, ’na ke tla leba ’nģa e ’ngoe.’

Lota a lekola sebaka. A bona karolo e ntle haholo ea naha e nang le metsi le lekhulo le letle bakeng sa liphoofolo tsa hae. E ne e le Setereke sa Jordane. Kahoo Lota a fallela sebakeng seo le ba lelapa la hae le liphoofolo tsa hae. Qetellong ba haha motseng oa Sodoma.

Batho ba Sodoma ba ne ba le babe haholo. Seo se ne se khopisa Lota, hobane e ne e le motho ea molemo. Se ne se khopisa le Molimo. Qetellong, Molimo a romela mangeloi a mabeli ho ea lemosa Lota hore o tlil’o timetsa Sodoma le motse o haufi le oona, e leng Gomora, ka lebaka la bobe ba eona.

Mangeloi a re ho Lota: ‘Potlaka! Nka mosali oa hao le barali ba hao ba babeli ’me le tsoe mona!’ Lota le ba lelapa la hae ba ne ba lieha ho tsamaea, eaba mangeloi ao a ba tšoara ka matsoho a ba ntša motseng oo. Eaba lengeloi le leng le re: ‘Balehisang bophelo ba lōna! Le se ke la hetla. Balehelang lithabeng, e le hore le se ke la bolaoa.’

Lota le barali ba hae ba mamela ’me ba baleha Sodoma. Ha baa ka ba ema le ka nakoana feela, ’me ha baa ka ba hetla. Empa mosali oa Lota eena ha aa ka a mamela. O ile a ema ’me a hetla ha ba qeta ho tsoa Sodoma. Eaba mosali oa Lota o fetoha sefika sa letsoai. Na ua mo bona moo setšoantšong?

Re ithuta thuto e molemo ho sena. Se re bontša hore Molimo o pholosa ba mo mamelang, empa ba sa mo mameleng ba tla lahleheloa ke bophelo ba bona.

Genese 13:5-13; 18:20-33; 19:1-29; Luka 17:28-32; 2 Petrose 2:6-8.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela