Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 50
  • Basali ba Babeli ba Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basali ba Babeli ba Sebete
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ka Tumelo, Barake o Ile a Qhalakanya Lebotho le Matla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ithaopele ho Rorisa Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 50

PALE EA 50

Basali ba Babeli ba Sebete

HA Baiseraele ba kena khathatsong, ba llela ho Jehova. Jehova o arabela ka ho ba fa baeta-pele ba sebete hore ba ba thuse. Bibele e bitsa baeta-pele bana baahloli. Joshua e ne e le moahloli oa pele, ’me ba bang ba ileng ba mo hlahlama e ne e le Othniele, Ehude le Shamgare. Empa batho ba bang ba babeli ba ileng ba thusa Iseraele ke basali ba bitsoang Debora le Jaele.

Debora ke moprofeta oa mosali. Jehova o mo tsebisa lintho tse tla etsahala nakong e tlang, ebe o joetsa batho seo Jehova a se bolelang. Hape Debora ke moahloli. O lula tlas’a sefate se seng sa palema sebakeng se lithaba, ’me batho ba tla ho eena hore a ba thuse ka mathata a bona.

Jabine ke morena oa Kanana nakong ena. O na le likoloi tsa ntoa tse 900. Lebotho la hae la ntoa le matla hoo Baiseraele ba bangata ba qobeletsoeng hore e be bahlanka ba Jabine. Molaoli oa lebotho la Morena Jabine o bitsoa Sisera.

Ka letsatsi le leng Debora o bitsa Moahloli Barake ’me o re ho eena: ‘Jehova o itse: “Nka banna ba 10 000, u ba ise Thabeng ea Tabore. Ke tla u tlisetsa Sisera moo. ’Me ke tla etsa hore u mo hlōle hammoho le lebotho la hae.”’

Barake o re ho Debora: ‘Ke tla ea haeba le uena u ea le ’na.’ Debora o ea le eena, empa o re ho Barake: ‘U ke ke ua rorisoa ka tlhōlo, hobane Jehova o tla nehela Sisera letsohong la mosali.’ ’Me ha fela ha etsahala joalo.

Barake o theoha Thabeng ea Tabore ho ea kopana le masole a Sisera. Kapele Jehova o tlisa moroallo, ’me masole a mangata a sera a khangoa ke metsi. Empa Sisera o theoha koloing ea hae oa baleha.

Ka mor’a nakoana Sisera o tla tenteng ea Jaele. Jaele o re a kene ’me o mo fa lebese. Le mo tšoarisa boroko, ’me kapele oa khaleha. Joale Jaele o nka thakhisa ea tente o e khokhothela hloohong ea monna enoa e mobe. Hamorao, ha Barake a fihla, o mo bontša setopo sa Sisera! Kahoo ua bona hore seo Debora a se boletseng se phethahetse.

Qetellong le Morena Jabine oa bolaoa, ’me Baiseraele ba boela ba e-ba le khotso ka nakoana.

Baahloli 2:14-22; 4:1-24; 5:1-31.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela