THUTO EA 32
Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete
Joshua o ile a shoa a le lilemo li 110 ka mor’a hore e be moeta-pele oa Baiseraele ka lilemo tse ngata. Ha a ntse a phela, Baiseraele ba ne ba rapela Jehova. Empa ka mor’a hore a shoe, ba qala ho etsisa Bakanana, ba rapela melimo ea litšoantšo. Kaha Baiseraele ba ne ba se ba sa rapele Jehova, o ile a ba tlohela hore morena oa Mokanana ea bitsoang Jabine a ba phelise ka thata. Baiseraele ba ile ba kopa Jehova hore a ba thuse. Kahoo, Jehova a ba fa moeta-pele e mocha ea bitsoang Barake. O ile a ba thusa hore ba sebeletse Jehova hape.
Debora eo e neng e le moprofeta, o ile a bitsa Barake. A mo bolella hore Jehova o re: ‘Tsamaea le banna ba 10 000 le e’o loantša masole a Jabine Nokeng ea Kishone. Le tla hlola Sisera, e leng molaoli oa sesole sa Jabine.’ Barake o ile a re ho Debora: ‘Ke tla ea haeba feela u tsamaea le ’na.’ Debora o ile a re: ‘Ke tla tsamaea le uena. Empa ha se uena ea tla bolaea Sisera. Jehova o itse ke mosali ea tla bolaea Sisera.’
Debora o ile a tsamaea le Barake le masole a hae ba ea Thabeng ea Tabore ho itokisetsa ntoa. Hang ha Sisera a utloa ka taba ena, a theoha le masole a hae, a mang a tsamaea ka likoloi tsa ntoa, a mang ka maoto. Debora o ile a re ho Barake: ‘Kajeno Jehova o tl’o etsa hore u hlole Sisera.’ Barake le masole a hae a 10 000 ba ile ba theoha thabeng ho ea kopana le masole a matla a Sisera.
Jehova o ile a etsa hore Noka ea Kishone e tlale. Likoloi tsa ntoa tsa Sisera tsa tetebela seretseng. Sisera a siea koloi ea hae ea ntoa moo eaba oa baleha. Kahoo, Barake le masole a hae ba hlola masole a Sisera empa Sisera eena a phonyoha. A balehela ka tenteng ea mosali ea bitsoang Jaele. Mosali eo a mo fa lebese, ka mor’a moo a mo apesa kobo. Sisera a robala kaha o ne a khathetse. Eaba Jaele o nka tšepe ea tente o mo kokotela hloohong ka eona. Sisera a shoa.
Barake a fihla a ntse a batla Sisera. Jaele a tsoela ka ntle eaba o re ho Barake: ‘Kena ka tenteng, ke tl’o u bontša monna eo u ntseng u mo batla.’ Barake a fumana Sisera a shoele ka tenteng. Barake le Debora ba rorisa Jehova ka pina hobane a thusitse Baiseraele ho hlola masole a Sisera. Ka mor’a moo, Baiseraele ba phela ka khotso ka lilemo tse 40.
“Basali ba phatlalatsang litaba tse monate ke lebotho le leholo.”—Pesaleme ea 68:11