Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 79
  • Daniele ka Sekoting sa Litau

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Daniele ka Sekoting sa Litau
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Daniele ka Sekoting sa Litau
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Pholosoa Litleneng Tsa Litau!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Daniele o Sebelelitse Molimo a sa Phetse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Dariuse—Morena ea Nang le Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 79

PALE EA 79

Daniele ka Sekoting sa Litau

JO! JO! Ho bonahala eka Daniele o tsietsing e khōlō. Empa litau ha li mo ntše kotsi! Na u tseba lebaka? Ke mang ea kentseng Daniele ka moo ka har’a litau tseo? A re bone.

Hona joale morena oa Babylona ke monna ea bitsoang Dariuse. O rata Daniele haholo hobane Daniele o bohlale ebile o mosa. Dariuse o khetha Daniele hore ebe ’musi e moholo ’musong oa hae. Sena se etsa hore banna ba bang ba ’musong ba shoele Daniele mōna, joale ba etsa tjena.

Ba ea ho Dariuse ba re: ‘Morena re lumellane ka hore u lokela ho etsa molao o reng ka matsatsi a 30 ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea tla rapela molimo kapa motho leha e le ofe e mong haese uena. Haeba motho a sa o mamele, joale motho eo o lokela ho akheloa ka har’a litau.’ Dariuse ha a tsebe lebaka leo banna bana ba batlang hore ho etsoe molao oo ka lona. Empa o nahana hore eo ke taba e ntle, kahoo o ngola molao oo. Joale o ke ke oa fetoloa.

Ha Daniele a utloa ka molao oo, o ea lapeng ’me o rapela joalokaha a tloaetse. Banna bao ba babe ba ne ba tseba hore Daniele ha a na ho tlohela ho rapela Jehova. Ba thabile kaha ho bonahala eka morero oa bona oa ho bolaea Daniele o tla atleha.

Ha Morena Dariuse a utloa lebaka leo banna bana ba neng ba batla hore ho etsoe molao ona ka lona, o utloa bohloko haholo. Empa a ke ke a fetola molao oo, kahoo o tlameha ho laela hore Daniele a akheloe ka sekoting sa litau. Empa morena o re ho Daniele: ‘Ke tšepa hore Molimo oa hao, eo u mo sebeletsang, o tla u pholosa.’

Dariuse o ferekane hoo a sitoang ho robala bosiung boo. Hoseng ka le hlahlamang o mathela sekoting sa litau. Ke eloa moo a leng teng. Oa hoeletsa o re: ‘Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang! Na Molimo eo u mo rapelang o u pholositse litaung?’

Daniele o re: ‘Molimo o rometse lengeloi la hae, ’me le ile la koala melomo ea litau hore li se ke tsa ’ntša kotsi.’

Morena o thabile haholo. O laela hore Daniele a ntšoe ka sekoting. Joale o laela hore banna bao ba babe ba lekileng ho felisa Daniele ba akheloe ka sekoting sa litau. Le pele ba fihla fatše litau lia ba tšoara li ba robokela masapo.

Joale Morena Dariuse o ngolla batho bohle ba ’musong oa hae o re: ‘Ke laela bohle hore ba hlomphe Molimo oa Daniele. O etsa mehlolo e meholo. O pholositse Daniele hore a se ke a jeoa ke litau.’

Daniele 6:1-28.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela