Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Daniele o Sebelelitse Molimo a sa Phetse
KE KA seoelo histori e fetohang ka bosiu bo le bong. Leha ho le joalo, seo se ile sa etsahala ka 539 B.C.E., ha ’Muso oa Babylona o ne o lihoa ke Bamede le Bapersia ka lihora li se kae feela. Selemong seo, moprofeta oa Jehova, Daniele o ne a ’nile a phela e le motlamuoa oa Mojuda Babylona ka lilemo tse ka bang 80. Mohlomong a le lilemong tsa hae tsa bo-90, Daniele o ne a le haufi le ho tobana le e ’ngoe ea liteko tse khōlō ka ho fetisisa tsa botšepehi ba hae ho Molimo.
Ka mor’a ho oa ha Babylona, qalong ho ne ho bonahala eka lintho li tsamaela Daniele hantle. Morena e mocha e ne e le Dariuse oa Momede, monna ea lilemo li 62 ea neng a hlompha Daniele haholo. Bohato ba pele ba Dariuse e le morena e bile ho khetha li-satrap (basireletsi ba ’Muso) tse 120 le ho phahamisetsa banna ba bararo boemong ba ho ba bahlanka ba phahameng ba ’muso.a Daniele e bile e mong oa banna bao ba bararo ba hlomphuoang. Ka ho hlokomela bokhoni ba Daniele bo ikhethang, Dariuse o ne a ikemiselitse ho mo phahamisetsa boemong ba ho ba tona-khōlō! Leha ho le joalo, nakong eo ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe eo ka tšohanyetso e ileng ea fetola merero ea morena.
Morero o Bolotsana
Bahlanka-’moho le Daniele ba phahameng ba ’muso, ba felehelitsoe ke sehlopha se seholo sa li-satrap, ba ile ba atamela morena ka khopolo e thahasellisang. Ba ile ba kōpa Dariuse ho etsa molao o reng: “E mong le e mong ea tla etsa thapelo ho molimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, ha e se ho uena, morena, a akheloe lemeneng la litau.” (Daniele 6:7) Mohlomong ho Dariuse ho ne ho bonahala eka banna bana ba ne ba bontša botšepehi ba bona ho eena. Mohlomong joaloka molichaba, o boetse a nahana hore molao ona o ne o tla mo thusa ho tiisa boemo ba hae e le hlooho ea ’muso.
Leha ho le joalo, bahlanka ba ’muso ba phahameng le li-satrap ba ne ba sa rera molao ona ho tiisa boemo ba morena. Ba ne ba “batla sebaka sa ho nģosa Daniele mosebetsing oa ’muso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlōlo, etsoe e be e le motho ea tšepehang, ’me ho no ho sa fumanoe tšito ho eena, leha e le bokhopo.” Kahoo banna bana ba bolotsana ba ile ba re: “Re ke ke ra fumana sebaka leha se le seng sa ho nģosa Daniele, ha e se hobane re ka se fumana bakeng sa molao oa Molimo oa hae.” (Daniele 6:4, 5) Ba hlokometse hore Daniele o ne a rapela Jehova letsatsi le letsatsi, ba ile ba batla hore tlōlo e joalo ea molao e fumantšoe kotlo ea lefu.
Mohlomong bahlanka ba phahameng ba ’muso le li-satrap ba ne ba jere Daniele ka pelo hobane o ile “a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a na a na le moea o phahamileng, ’me morena a hopola ho ’mea holim’a ’muso kaofela.” (Daniele 6:3) Mohlomong botšepehi ba Daniele bo ile ba beha lithibelo tse neng li sa ratehe khahlanong le bobolu le bolotsana. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, banna bana ba ile ba kholisa morena hore a saene molao oo, hore e be karolo ea ‘molao oa Bamede le Bapersia o sa fetoheng.’—Daniele 6:8, 9.
Daniele o Lula a Tšepahala
Ka mor’a ho utloela ka molao o mocha, na Daniele o ile a khaotsa ho rapela Jehova? Le hanyenyane! A khumame ka kamoreng e ka holimo ea ntlo ea hae, o ile a rapela Molimo ka makhetlo a mararo ka letsatsi, “joalo ka ha a na a etsa pele.” (Daniele 6:10) Ha a ntse a rapela, lira tsa hae li ile tsa ‘phutheha, ’me tsa fumana Daniele a ntse a rapela, a etsa thapeli ho Molimo oa hae.’ (Daniele 6:11, BPN) Ha li hlokomelisa morena taba ena, Dariuse o ne a tšoenyehile hobane molao oo a o saenneng o ne o tla tšoasa Daniele. Tlaleho ea re bolella: “A ’na a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la likela.” Empa esita le eena morena o ne a ke ke a hlakola molao oo a o entseng. Ka lebaka leo Daniele o ile a isoa lemeneng la litau leo ka ho hlakileng e neng e le sebaka se sekoti kapa se ka tlas’a lefatše. Morena o ile a tiisetsa Daniele: “Molimo oa hao, oo u o sebeletsang ka tiisetso [“u sa phetse,” NW], o ke o u namolele!”—Daniele 6:12-16.
Ka mor’a ho hlobaela bosiu le ho itima lijo, Dariuse o ile a potlakela lemeneng. Daniele o ne a phela ebile a sa tsoa kotsi! Morena o ile a arabela hang-hang. O ile a laela hore lira tsa Daniele le malapa a tsona li akheloe lemeneng la litau e le tefetso. Dariuse o bile a phatlalatsa hore ‘linaheng tsohle tse leng pusong ea hae batho ba tšabe le ho tšoha Molimo oa Daniele.’—Daniele 6:17-27.
Thuto ho Rōna
Daniele e ne e le mohlala o motle oa botšepehi. Esita le morena, ea neng a sa rapele Jehova, o ile a hlokomela hore Daniele o ne a Mo sebeletsa “a sa phetse.” (Daniele 6:16, 20, bapisa le NW.) Motso oa lentsoe la Searame le fetoletsoeng e le ‘ho se phetse’ ha e le hantle o bolela “pota-pota.” Le fana ka maikutlo a ntho e tsoelang pele. Sena se hlalosa hantle hakaakang botšepehi ba Daniele bo sa khaotseng ho Jehova!
Daniele o ile a hōlisa tsela ea botšepehi bo sa phetseng nako e telele le pele a akheloa ka lemeneng la litau. Ha e ne e le motšoaruoa e mocha Babylona, o ile a hana ho ja lijo kapa ho noa lino tse neng li thibetsoe ke Molao oa Moshe kapa tse neng li silafalitsoe ka mekete ea bohetene. (Daniele 1:8) Hamorao, ka sebete o ile a bolella morena oa Babylona Nebukadnezare molaetsa oa Molimo. (Daniele 4:19-25) Lihora li se kae feela pele Babylona e lihuoa, ka ho hlokang tšabo Daniele o ile a phatlalatsa kahlolo ea Molimo ho Morena Belshatsare. (Daniele 5:22-28) Kahoo, ha Daniele a talimane le lemena la litau, o ile a tsoela pele tseleng ea botšepehi eo a neng a e qalile.
Le uena u ka sebeletsa Jehova u sa phetse. Na u motho e mocha? Joale nka bohato hona joale ho hōlisa tsela ea botšepehi ka ho hana botsoalle bo bobe ba lefatše lena hammoho le boitšoaro bo senyang. Haeba e se e le nako e telele u sebeletsa Molimo, boloka tsela ea ho mamella ka botšepehi. U se ke ua tela hobane teko ka ’ngoe eo re talimanang le eona e re neha monyetla oa ho bontša Jehova hore re ikemiselitse ho mo sebeletsa re sa phetse.—Bafilippi 4:11-13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe “satrap” (leo ka ho toba le bolelang “mosireletsi oa ’Muso”) le supa ’musisi ea khethiloeng ke morena oa Persia ho sebeletsa e le ’musi ea ka sehloohong oa setereke. E le moemeli oa ’muso oa morena, o ne a ikarabella bakeng sa ho bokella makhetho le ho romela chelete ntlong ea borena.