Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 87
  • Jesu e Monyenyane ka Tempeleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu e Monyenyane ka Tempeleng
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Jesu a Ntse a Hola
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lelapa la bo Jesu le ea Jerusalema
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Ile a Ithuta ho Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Maeto a ho ea Jerusalema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 87

PALE EA 87

Jesu e Monyenyane ka Tempeleng

SHEBA moshemane ea buang le banna bana ba hōlileng. Ke baruti tempeleng ea Molimo e Jerusalema. Moshemane enoa ke Jesu. O se a batla a hōlile. O lilemo li 12 joale.

Baruti bao ba makalitsoe haholo ke hore ebe Jesu o tseba ho hongata ka Molimo le ka lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng. Empa ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba le sieo moo? Ba kae? A re bone.

Selemo le selemo Josefa o ea le ba lelapa la hae Jerusalema moketeng oa bohlokoa o bitsoang hore ke oa Paseka. Ba tsamaea sebaka se selelele ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema. Ha ho motho ea nang le koloi, literene le tsona ha li eo. Li ne li le sieo mehleng eo. Batho ba bangata ba tsamaea ka maoto, ’me ba nka matsatsi a mararo ho ea Jerusalema.

Josefa o se a e-na le lelapa le leholo. Kahoo o lokela ho hlokomela baena ba Jesu le likhaitseli tsa hae. Selemong sena Josefa le Maria ba khutlela Nazaretha e hōle le bana ba bang ba bona. Ba nahana hore Jesu o ntse a tsamaea le batho ba bang. Empa ha ba emisa mantsiboea, ha ba fumane Jesu. Ba mo sheba hohle, empa baa mo hloka! Kahoo ba khutlela Jerusalema ho ea mo sheba teng.

Qetellong ba fumana Jesu a e-na le baruti. O ba mametse ebile o ba botsa lipotso. Batho bohle ba makaletse bohlale ba Jesu. Empa Maria o re: ‘Ngoana, u re etselitse’ng tjee? ’Na le ntat’ao re ne re tšoenyehile re leka ho u fumana.’

Jesu o re: ‘Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hore ke lokela ho ba ka tlung ea Ntate?’

Jesu o rata ho ba moo a ka ithutang ka Molimo. Na hase kamoo le rōna re lokelang ho ikutloa kateng? Ha Jesu a se a khutletse ha habo Nazaretha o ea libokeng tsa borapeli beke e ’ngoe le e ’ngoe. Kaha o ne a lula a mamela ka hloko, o ile a ithuta lintho tse ngata ka Bibeleng. A re tšoaneng le Jesu, ’me re etsise mohlala oa hae.

Luka 2:41-52; Matheu 13:53-56.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela