Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/15 maq. 8-9
  • Maeto a ho ea Jerusalema

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maeto a ho ea Jerusalema
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho ea Jerusalema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lelapa la bo Jesu le ea Jerusalema
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ha Jesu a Ntse a Hola
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jesu e Monyenyane ka Tempeleng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Maeto a ho ea Jerusalema

SELEMO se thoasitse. ’Me ke nako ea hore lelapa la Josefa, hammoho le metsoalle le beng ka eena, ba nke leeto la selemo le selemo ho ea Jerusalema ho ea keteka Paseka. Kaha ba phela hole ba leeto la lik’hilomithara tse ka bang 105, ho na le tabatabelo ea mehla. Jesu o lilemo li 12 joale, ’me o lebelletse mokete ka thahasello e khethehileng.

Ho Jesu le lelapa labo, Paseka hase taba ea letsatsi le le leng feela. Ba boetse ba letela Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang oa matsatsi a latelang a supileng, oo le oona ba o nkang e le karolo ea Paseka. Kahoo leeto lohle ho tloha ha habo bona Nazaretha, ho akarelletsa ho lula Jerusalema, le nka libeke tse ka bang peli. Empa selemong sena, ka lebaka la ntho e ’ngoe e amang Jesu, le ba lelelele.

Bothata bo hlaha ha ba khutla Jerusalema. Josefa le Maria ba nka feela hore Jesu o sehlopheng sa beng ka bona kapa metsoalle ba tsamaeang hammoho. Empa ha a bonahale ha ba emisa ’me ba robaletsa, ’me ba tsamaea ba mo tsoma har’a ba tsamaeang le bona. Ha ba mo fumane. Ka hona Josefa le Maria ba khutlela Jerusalema ho ea mo batla.

Ba mo batla letsatsi lohle ba sa atlehe. Le letsatsing la bobeli ba se ke ba mo fumana. Qetellong, ka letsatsi la boraro, ba ea tempeleng. Moo, ka ho e ’ngoe ea liholo tsa eona, ba bona Jesu a lutse har’a baruti ba Bajode, a ba mametse le ho ba botsa lipotso.

Maria o-oa botsa: ‘Ngoan’a ka, u re etselitse’ng joalo? ’Na le ntat’ao re ne re tšoenyehile haholo, re u batla hohle!’

Jesu o maketse hore e be ba ne ba sa tsebe moo ba ka mo fumanang teng. O-oa botsa: ‘Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hore ke tlameha ho ba mona tlung ea Ntate?’

Jesu ha a utloisise hore na ke hobane’ng ha batsoali ba hae ba ne ba ke ke ba tseba sena. Kahoo, Jesu o khutlela hae le batsoali ba hae ’me o tsoela pele a ikokobeletsa bona. O tsoela pele a hōla ka bohlale le ’meleng ’me a rata Molimo le batho. E, ho tloha bonyenyaneng ba hae, Jesu o bea mohlala o motle e seng feela ho batla lithahasello tsa moea empa hape le ho bontša tlhompho ho batsoali ba hae. Luka 2:40-52; 22:7.

◆ Ke leeto lefe la nako ea selemo leo Jesu a neng a le nka kamehla le lelapa labo, hona le ne le nka nako e kae?

◆ Ho ile hoa etsahala ’ng leetong ha Jesu a le lilemo li 12?

◆ Ke mohlala ofe oo Jesu a o beetseng bacha kajeno?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela