Advertisement
Lipale Tsa Bibele Tse Khahlang Bana
Haesale hoba e lokolloe, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e ’nile ea khahla bana le ba baholo ka ho tšoanang. Ba bacha ba thabela ho balloa lipale tse 116 nako le nako. Buka e na le maqephe a 256, sekoahelo se bosehla ba gauda se ngotsoeng ka bofubelu, le ka khatiso e khōlō. E na le litšoantšo tse khōlō tse fetang 125, boholo li le mebala-bala. Ke R4,50 feela poso e lefelletsoe. (Moneelo o ee o fetohe.) Ngolla ho Watch Tower, u sebelisa aterese e leqepheng la ho qetela.
U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng
Buka ena e koahela linnete tsa motheo tsa Bibele ’me e phahamisa tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng. E akarelletsa likarabelo tse khotsofatsang tsa Bibele lipotsong tse kang: Ho etsahala joang lefung? Tsoho—bakeng sa bo-mang hona hokae? Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo? Bibele e ka u thusa joang hore u be le bophelo bo thabileng ba lelapa? E bonolo ho utloisisoa. E na le litšoantšo tse ntle, tse khōlō le maqephe a 256. E fumaneha ka moneelo oa R4,50. (Moneelo o ee o fetohe.) Ngolla Watch Tower, u sebelisa aterese e leqepheng la ho qetela.