Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng
Molimo o tšepisa bophelo bo sa feleng ho ba o tlotlisang. Lentsoe la oona lea re tiisetsa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Empa, hore u tle u balelloe har’a “ba lokileng,” ho hlokahala u etse ho eketsehileng ho feta ho tseba ka thuto ea Boraro-bo-bong. Ho hlokahala u tsoele pele ho tseba ka Molimo. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa, haeba ha u e-so fumane thuso eo. Ngolla Watch Tower atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ka tlaase, u kōpe boitsebiso bo eketsehileng kapa hore e mong oa Lipaki tsa Jehova a tle lelapeng la hao ’me a ithute Bibele le uena ka mehla ntle le tefello.