Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-14 maq. 2-6
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
  • Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele, Jesu Kreste, le Molimo
  • ’Muso oa Molimo
  • Tšepo ea Bokamoso
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela ho Jesu?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
T-14 maq. 2-6

Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?

“Re nahana hore ke ho loketseng hore re utloe seo u se hopotseng, hobane ruri rea tseba hore sehlotšoana sena sa bokhelohi se hanyetsoa hohle.” (Liketso 28:22, New World Translation) Baetapele bana ba motse oa Roma ba lekholong la pele la lilemo ba beile mohlala o motle. Ba ne ba batla ho utloa litaba ho tsoa mohloling oa tsona, e seng ho li utloa ho bahanyetsi ba ka ntle feela.

Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki tsa Jehova hangata li buuoa hampe, ’me e ka ba phoso ho lebella ho li tseba ho tsoa mehloling e leeme. Ka baka leo re thabela ho u hlalosetsa tse ling tsa litumelo tsa rōna tse khōlō.

Bibele, Jesu Kreste, le Molimo

Re lumela hore ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke Molimo ’me le molemo.’ (2 Timothea 3:16) Le hoja ba bang ba itse ha re hlile ha re Bakreste ba ’nete, hona ha se ’nete. Re lumela ka ho feletseng bopaking ba moapostola Petrose mabapi le Jesu Kreste: “Ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”—Liketso 4:12.

Leha ho le joalo, kaha Jesu o itse ke eena “Mora oa Molimo” le hore ‘ke Ntate ea nthomileng,’ Lipaki tsa Jehova li lumela hore Molimo o moholo ho Jesu. (Johanne 10:36; 6:57) Jesu ka boeena o ile a lumela: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28; 8:28) Kahoo ha re lumele hore Jesu o lekana le Ntate, joaloka ha thuto ea Boraro-bo-bong e bua. Ho e-na le hoo, re lumela hore o ile a boptjoa ke Molimo le hore o ka tlaase ho Oona.—Ba-Kolosse 1:15; 1 Ba-Korinthe 11:3.

Ka Sesotho, lebitso la Molimo ke Jehova. Bibele e re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o ’notši lefatšeng lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Ho lumellana le polelo ena, Jesu o ile a buella haholo lebitso la Molimo, a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.” ’Me eena ka boeena o ile a rapela Molimo: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona.”—Mattheu 6:9; Johanne 17:6.

Lipaki tsa Jehova li lumela hore li lokela ho tšoana le Jesu ho tsebahatseng lebitso la Molimo le merero ea oona ho ba bang. Ka baka leo re nkile lebitso Lipaki tsa Jehova kahobane re etsisa Jesu, “Paki e Tšepehang.” (Tšenolo 1:5; 3:14) Ka nepo, Esaia 43:10 e re ho batho ba Molimo ba o emelang: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.”

’Muso oa Molimo

Jesu o rutile balateli ba hae ho rapela, “’Muso oa hao o tle,” ’me o entse ’Muso oo sehlooho se seholo sa ho ruta ha hae. (Mattheu 6:10; Luka 4:43) Lipaki tsa Jehova li lumela hore ’Muso ke puso ea sebele e tsoang leholimong, le hore e tla busa lefatše, le hore Jesu Kreste ke Morena oa eona ea khethiloeng ea sa bonahaleng. Bibele e re, “Borena bo beiloe lehetleng la hae.” ‘O tla hōlisa ’muso ’me a tlise khotso e sa feleng.’—Esaia 9:6, 7.

Leha ho le joalo, Jesu Kreste e ke ke ea e-ba eena feela morena oa ’muso oa Molimo. O tla ba le marena a mangata a tla busa le eena leholimong. Moapostola Pauluse o ngotse, “Ha re mamella . . . le eena, re tla busa le eena.” (2 Timothea 2:12) Bibele e bontša hore batho ba tla tsosetsoa ho busa le Kreste leholimong ba lekanyelitsoe ho ba “likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopollotsoeng lefatšeng.”—Tšenolo 14:1, 3.

’Muso leha e le ofe o tlameha ho ba le bafo, ’me Lipaki tsa Jehova li lumela hore batho ba libillione tse eketsehileng ntle ho babusi bana ba leholimo ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Qetellong lefatše, le nchafalitsoeng ho ba paradeise e ntle, le tla tlala ka bafo bana ba tšoanelehang ba ’Muso oa Molimo, kaofela ba ikokobeletsa puso ea Kreste le babusi hammoho le eena. Kahoo Lipaki tsa Jehova li kholisehile ka matla hore lefatše le ke ke la timetsoa le hore tšepiso ea Bibele e tla phethahala: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29; 104:5.

Empa ’Muso oa Molimo o tla tla joang? Na o tla tla ka hore batho bohle ba ithaopele ho ikokobeletsa ’muso oa Molimo? Ho fapana le hoo, Bibele ka ho toba e bontša hore ho tla ha ’Muso ho tla hloka hore Molimo o kenelle ka ho toba litabeng tsa lefatše: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae. O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

’Muso oa Molimo o tla tla neng? Motheong oa boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse hona joale, Lipaki tsa Jehova li lumela hore o se o le haufi haholo le ho tla. Re u mema ho hlahloba boprofeta bo bong bo supang litšobotsi tsa “mehla ea qetello” ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. Li ngotsoe ho Mattheu 24:3-14; Luka 21:7-13, 25-31; le 2 Timothea 3:1-5.

Hobane re ‘rata Jehova Molimo oa rōna ka pelo tsa rōna tsohle, moea, kelello, le matla, ’me re rata moa-hisani oa rōna joaloka ha re ithata,’ ha re ea arohana ka bochaba, morabe, le ka boemo sechabeng. (Mareka 12:30, 31) Re tsejoa hohle ka lerato le bonahatsoang har’a baena ba rōna ba Bakreste ba lichaba tsohle. (Johanne 13:35; 1 Johanne 3:10-12) Kahoo ha re nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lichaba tseo. Re leka ho tšoana le barutuoa ba pele ba Jesu, bao a itseng ka bona: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Re lumela hore ho ikarola lefatšeng ho bolela ho qoba boitšoaro bo litšila bo tloaelehileng hakana kajeno, ho kopanyelletsa le leshano, ho utsoa, bohlola, bofebe, bosodoma, tšebeliso e fosahetseng ea mali, borapeli ba litšoantšo, le lintho tse ling tse joalo tse nyatsuoang ka Bibeleng.—1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Efese 5:3-5; Liketso 15:28, 29.

Tšepo ea Bokamoso

Lipaki tsa Jehova li lumela hore bophelo ba rōna ba hona joale lefatšeng lena hase bona feela bo leng teng. Re lumela hore Jehova o rometse Kreste lefatšeng ho tla tšolla mali a hae a bophelo e le topollo hore batho ba be le boemo bo lokileng le Molimo ’me ba fumane bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho. Joaloka ha moapostola oa Jesu a itse: “Re se re beiloe ba lokileng ka mali a hae.” (Ba-Roma 5:9; Mattheu 20:28) Lipaki tsa Jehova li leboha haholo Molimo le Mora oona ka tokisetso ena ea topollo e etsang hore bophelo nakong e tlang bo khonehe.

Lipaki tsa Jehova li na le tšepo e feletseng bophelong ba nako e tlang, e theiloeng tsohong ea bafu tlas’a ’Muso oa Molimo. Joaloka ha Bibele e ruta, re lumela hore, ha motho a e-shoa ho ba teng ha hae hoa khaotsa, le hore “ka tsatsi lona leo, merero ea [hae] e felile.” (Pesaleme ea 146:3, 4; Ezekiele 18:4; Moeklesia 9:5) E, bophelo ba nako e tlang bakeng sa bafu bo theiloe ka hore Molimo o ba hopole tsohong.—Johanne 5:28, 29.

Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore ba bangata hona joale ba tla lula ba ntse ba phela ha ’Muso oa Molimo o felisa mebuso eohle ea hona joale ’me, joaloka ha Noe le ba lelapa la hae ba ile ba pholoha Moroallo, ba tla ’ne ba phele ho thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng. (Mattheu 24:36-39; 2 Petrose 3:5-7, 13) Empa re lumela hore pholoho e itšetlehile ka ho finyella litlhoko tsa Jehova, joaloka ha Bibele e re: “Lefatše lea feta, . . . empa ea etsang thato ea Molimo, o phela ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17; Pesaleme ea 37:11; Tšenolo 7:9, 13-15; 21:1-5.

Ha rea koahela litumelo tsohle tsa Lipaki tsa Jehova mona, empa re u mema hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng.

Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, litšupiso tsohle tsa Bibele li hlaha Bibeleng ea Sesotho.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Re nkile lebitso Lipaki tsa Jehova kahobane re etsisa Jesu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela