‘Litaba tse Molemo’ Tseo li Ratang ha U li Utloa
Ha Jesu a le lefatšeng barutuoa ba hae ba ile ba tla ho eena ’me ba botsa: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše.” A arabela ka hore ho ne ho tla ba le lintoa tse amang lichaba tse ngata, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, ngatafalo ea bokhopo, baruti ba bohata ba bolumeli ba khelosang ba bangata, ho hlouoa le ho hlorisoa ha balateli ba hae ba ’nete, le ho rata ho loka ho ne ho tla tapa ho batho ba bangata. Ha lintho tsena li ne li qala ho etsahala, ho ne ho tla bontša ho ba teng ha Kreste a sa bonahale le hore ’Muso oa leholimo o tla be o le haufi. Hona e ne e tla ba litaba, le hona tse molemo! Kahoo Jesu a phaella ka mantsoe ana e le karolo ea pontšo eo: “Evangeli [“Litaba tsena tse molemo,” NW] ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:3-14.
Ka botsona liketsahalo tsa haufi tjena tsa lefatše li mpe, empa seo li se bolelang, e leng, boteng ba Kreste, se setle. Ka baka leo, Jesu o itse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.” (Luka 21:28) Lintho tsena li qalile ho etsahala ka selemo sane se phatlalalitsoeng ka bophara, 1914! Se tšoaile bofelo ba Mehla ea Lichaba le qaleho ea nako ea phetoho ho tloha pusong ea motho ho ea pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete.
Hore ho ne ho tla ba le nako ea phetoho ho bontšitsoe ke Pesaleme ea 110, litemana 1 le 2, le Tšenolo 12:7-12. Mono ho bontšitsoe hore Kreste o ne a tla lula ka letsohong le letona la Molimo leholimong ho fihlela a e-tla la bobeli. Joale ntoa leholimong e ne e tla fella ka hore Satane a liheloe lefatšeng, bomalimabe lefatšeng, ’me Kreste o ne a tla busa har’a lira tsa hae nako e sa feteng ea moloko o le mong. Bokhopo bo ne bo tla felisoa ka ho feletseng ka ‘mahlomola a maholo,’ a fihlang tlhorong ka ntoa ea Harmagedone ’me e lateloe ke puso ea khotso ea Kreste ea lilemo tse sekete.—Mattheu 24:21, 33, 34; Tšenolo 16:14-16.
Bibele e re: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.” (2 Timothea 3:1-5) Hona joale, ba bang ba ka ’na ba pheha khang hore lintho tsena li ’nile tsa etsahala historing ea batho.
Leha ho le joalo, joalokaha bo-rahistori le bahlalosi ba bolela, ha ho e-so ho be le nako lefatšeng e kang e latsoitsoeng ho tloha ka 1914 ho ea pele. Malimabe e bile a eketsehileng ho feta leha e le neng pele. Ho feta moo, mabapi le litšobotsi tse ling tsa “pontšo” ea Kreste ea mehla ea qetello, lintlha tsena li lokela ho hlahlobjoa: Phatlalatso ea lefatšeng ka bophara ea boteng ba Kreste le ’Muso e bile ea bohlokoa bo fetisisang historing. Ha ho mahloriso a lekanang le ao a kileng a lebisoa ho Lipaki tsa Jehova ka lebaka la ho bolela. Tse baloang ka makholo li ile tsa bolaoa likampong tsa mahloriso tsa Hitler. Ho tla fihlela kajeno li thibetsoe linaheng tse ngata, ’me ho tse ling lia tšoaroa, li kenngoa literonkong, lia hlokofatsoa le ho bolaoa. Kaofela tsena ke karolo ea “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona.
Joalokaha ho profetiloe ho Tšenolo 11:18, ‘lichaba li halefetse’ lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, ’me hona ho bontša hore “bohale” ba Jehova bo tla ba holim’a lichaba tseo. Lona lengolo lena le re Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le nako historing ea motho ea ha matla a lefatše a bolokang bophelo a kileng a e-ba kotsing hakana. Leha ho le joalo, hona joale ho fapane! Bo-ramahlale ba bangata ba lemositse hore haeba motho a ntse a tsoela pele ho silafatsa lefatše, le tla hloka baahi. Empa Jehova o “le bōpetse hore le ahuoe,” ’me o tla tlosa basilafatsi pele ba phetha tšenyo ea bona ea lefatše.—Esaia 45:18.
Mahlohonolo a lefatšeng tlas’a ’muso
Ho nahana ka batho ba phelang lefatšeng e le bafo ba ’Muso oa Molimo ho ka ’na ha bonahala ho makatsa ho balumeli ba bangata ba Bibele ba nahanang hore bohle ba pholositsoeng ba ea leholimong. Bibele e bontša hore ke palo e lekanyelitsoeng feela e eang leholimong, le hore ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng e tla ba bongata bo boholo ba batho bo se nang palo. (Tšenolo 14:1-5; 7:9; Pesaleme ea 37:11, 29) Hore ’Muso oa Molimo ka Kreste o tla tlala lefatšeng le ho busa holim’a lona ho bontšoa ke boprofeta ba buka ea Bibele ea Daniele.
Mono ’Muso oa Kreste o emeloa ke lejoe le khephohang boreneng bo kang thaba ba Jehova. Le otla le ho felisa setšoantšo se emelang lichaba tse matla tsa lefatše, ’me “lejoe le neng le thesetse setšoantšo, la fetoha thaba e kholo, la tlala lefatše lohle.” Boprofeta bo tsoela pele: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:34, 35, 44.
Ke ’Muso ona le tšepo e tšehelitsoeng ka Mangolo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng le le ntlafalitsoeng tseo Lipaki tsa Jehova li lakatsang ho u bolella ka tsona. Makholo a likete a ba phelang hona joale le limillione tse ngata-ngata tseo hona joale li leng mabitleng a tsona li tla ba le monyetla oa ho lula ho lona ka ho sa feleng. Joale, tlas’a puso ea Kreste Jesu ea lilemo tse 1 000, morero oa Jehova oa mathomo oa ho bōpa lefatše le ho bea batho ba babeli ba pele ho lona o tla phethahatsoa. Paradeise ena ea lefatšeng e ke ke ea tena. Joalokaha Adama a ne a filoe mosebetsi Tšimong ea Edene, kahoo batho ba tla ba le merero e phephetsang bakeng sa ho hlokomela lefatše le bophelo ba limela le ba liphoofolo tse ho lona. Ba “tla thabela mesebetsi ea matsoho a bona ka nako e telele.”—Genese 2:15; Esaia 65:22, Revised Standard Version.
Ho ne ho ka hlahisoa mangolo a mangata ho bontša maemo a tla ba teng ha thapelo eo Jesu a re rutileng eona e arabeloa: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Leha ho le joalo, a re ke re khotsofatsoeng ke lena hona joale: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:3-5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
“Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko” EMPA “topollo ea lōna e tla be e atametse”