Litaba Tse Molemo Tseo li Batlang Hore U li Utloe
HA Jesu a le lefatšeng barutuoa ba hae ba ile ba tla ho eena ’me ba botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” O ile a araba ka hore ho ne ho tla ba le lintoa tse akarelletsang lichaba tse ngata, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, ho ata ha ho hloka molao, mesuoe ea bohata ea bolumeli e khelosang ba bangata, ho hlouoa le ho hlorisoa ha balateli ba hae ba ’nete le ho fola ha lerato la ho loka ho batho ba bangata. Ha lintho tsena li qala ho etsahala, li ne li tla bontša hore Kreste o teng a sa bonahale le hore ’Muso oa leholimo o atametse. Tsena e ne e tla be e hlile e le litaba—litaba tse molemo! Kahoo Jesu o ile a phaella ka mantsoe ana e le karolo ea pontšo: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:3-14.
Lintho tse etsahalang lefatšeng morao tjena ka botsona ke tse hlobaetsang, empa seo li se bolelang ke se thabisang, e leng ho ba teng ha Kreste. Maemo a boletsoeng ka holimo a qalile ho totobala selemong sa 1914 se phatlalalitsoeng ka ho pharaletseng! Se ile sa tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba le ho qaleha ha nako ea ho fetoha ho tloha pusong ea motho ho kena Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.
Pesaleme ea 110 temana ea 1 le 2, le Tšenolo 12:7-12 li ile tsa bontša hore ho ne ho tla ba le nako ea phetoho. Moo ho bontšitsoe hore Kreste o ne a tla lula ka letsohong le letona la Molimo leholimong ho fihlela e e-ba nako ea hore e be Morena. Joale ho ne ho tla qhoma ntoa leholimong e neng e tla fella ka hore Satane a liheloe lefatšeng, a tlise bomalimabe lefatšeng, ’me Kreste o ne a tla busa har’a lira tsa hae. Bokhopo bo ne bo tla felisoa ka ho feletseng ka “matšoenyeho a maholo,” a tla fihla tlhōrōng ntoeng ea Har-magedone ebe ho latela Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete ea khotso.—Matheu 24:21, 33, 34; Tšenolo 16:14-16.
Bibele e re: “Empa tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore lintho tsena li ’nile tsa etsahala historing ea batho, empa ’nete ke hore ha ho mohla li kileng tsa etsahala ka tekanyo e kang ena. Joalokaha bo-rahistori le bahlalosi ba bolela, lefatšeng ha ho e-s’o ka ho e-ba le nako e kang e bileng teng ho tloha ka 1914 ho ea pele. (Bona leqephe la 7.) Ho bile le liketsahalo tsa bomalimabe tse pharaletseng ho feta leha e le neng pele. Ho feta moo, mabapi le litšobotsi tse ling tsa pontšo ea Kreste ea matsatsi a ho qetela, ho lokela hore ho hlahlojoe lintlha tsena: Ho phatlalatsa ho ba teng ha Kreste le ’Muso lefatšeng ka bophara ho ’nile ha etsoa ka tekanyo e ikhethang historing. Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le mahloriso a lekanang le ao Lipaki tsa Jehova li hlasetsoeng ka ’ona ka lebaka la boboleli. Tse baloang ka makholo har’a tsona li ile tsa bolaeloa likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Ho tla fihlela kajeno Lipaki tsa Jehova li thibetsoe libakeng tse ling, ’me ho tse ling lia tšoaroa, li kenngoa literonkong, lia hlokofatsoa li bile lia bolaoa. Sena sohle ke karolo ea pontšo eo Jesu a ileng a fana ka eona.
Joalokaha ho profetiloe ho Tšenolo 11:18, ‘lichaba li halefetse’ Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova, ’me hona ho bontša hore Jehova o tla tšollela lichaba tseo “khalefo” ea hae. Lengolo lena le re Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le nako eo ka eona matla a lefatše a ho boloka bophelo a kileng a sokeloa tjena historing ea batho. Empa, hona joale ho fapane! Bo-rasaense ba bangata ba lemositse hore haeba motho a ntse a tsoela pele ho silafatsa lefatše, le tla hloka baahi. Empa Jehova o ‘le etselitse hore le be le baahi,’ ’me o tla felisa ba silafatsang lefatše pele ba fihla tlhōrōng ea ho le senya ka ho feletseng.—Esaia 45:18.
LITLHOHONOLOFATSO TSA LEFATŠENG TLAS’A ’MUSO
Khopolo ea hore batho ba phele lefatšeng e le bafo ba ’Muso oa Molimo e ka ’na ea utloahala e makatsa ho ba bangata ba lumelang Bibele ba nahanang hore batho bohle ba pholositsoeng ba leholimong. Bibele e bontša hore ke palo e lekanyelitsoeng feela e eang leholimong le hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng e tla ba bongata bo boholo bo sa lekanyetsoang. (Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 7:9;14:1-5) Hore ’Muso oa Molimo o tlas’a Kreste o tla akaretsa lefatše lohle le hore o tla busa holim’a lona ho bontšoa ke boprofeta bo bukeng ea Bibele ea Daniele.
Moo ’Muso oa Kreste o hlahisoa e le lejoe le khephohang bobusing ba Jehova bo kang thaba. Lea otla le bile le felisa setšoantšo se emelang lichaba tse matla tsa lefatše, ’me ‘lejoe le ileng la otla setšoantšo . . . la fetoha thaba e khōlō ’me la tlala lefatše lohle.’ Boprofeta boo bo tsoela pele: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:34, 35, 44.
Lipaki tsa Jehova li lakatsa ho u bolella ka ’Muso ona le tšepo e tšehetsoang ke Mangolo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng le le ntlafalitsoeng. Ba limilione ba phelang hona joale le ba bang ba limilione-milione ba mabitleng hona joale ba tla fumana monyetla oa ho phela ho lona ka ho sa feleng. Joale, tlas’a Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo tse Sekete, morero oa Jehova oa qalong oa ho bōpa lefatše le ho beha banyalani ba pele ba batho ho lona o tla phethahala. Le ka mohla Paradeise ena ea lefatšeng e ke ke ea e-ba e tenang. Feela joalokaha Adama a ne a filoe mosebetsi serapeng sa Edene, batho le bona ba tla ba le mesebetsi e phephetsang ea ho hlokomela lefatše le limela le liphoofolo tse phelang ho lona. Ba “tla thabela mosebetsi oa matsoho a bona ka nako e telele.”—Esaia 65:22, Revised Standard Version; Genese 2:15.
Ho ka hlahisoa mangolo a mangata ho bontša maemo a tlang ho ba teng ha thapelo eo Jesu a re rutileng eona e arabeloa: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Leha ho le joalo, a e ke ebe sena se lekane hona joale: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’ Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’”—Tšenolo 21:3-5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
“Linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,”
’ME “e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Netherlands
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Nigeria