Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 68-leq. 71
  • Bokoenehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokoenehi
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘U se ke ua Phaka ua Sisinngoa Maikutlong a Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Jehova o Tseba ba Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Itebele Khahlanong le Thetso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 68-leq. 71

Bokoenehi

Tlhaloso: Bokoenehi ke ho tlohela kapa ho lahla borapeli le tšebeletso ea Molimo, hantle-ntle ke ho fetohela Jehova Molimo. Bakoenehi ba bang ba ipolela hore ba tseba Molimo ba bile baa o sebeletsa, empa ba hana lithuto kapa litlhokahalo tse beiloeng ka Lentsoeng la oona. Ba bang ba re ba kholoa Bibele empa ba hana mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Na re ka lebella hore bakoenehi ba tla hlaha kahare ho phutheho ea Bokreste?

1 Tim. 4:1: “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona.”

2 Ba-Thess. 2:3: ‘Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane letsatsi la Jehova le ke ke la tla ntle le hore ho etsahale koeneho pele, ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho.’

Matšoao a mang a tsebahatsang bakoenehi—

Ba batla ho etsa ba bang balateli ba bona, kahoo, ba baka likarohano tsa mekha ea bokhelohi

Lik. 20:30: “Ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo [“tse sothehileng,” NW], ho ikhulela barutuoa.”

2 Pet. 2:1, 3: “Le har’a lōna baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang, ’me ka ho latola Morena ea ba lopolotseng, . . . ba tla le thetsa ka lipolelo tsa mano.”

Ba ka ’na ba ipolela hore ba lumela ho Kreste empa ba nka habobebe mosebetsi oa ho bolela le ho ruta oo a o abetseng balateli ba hae

Luka 6:46: “Na le mpiletsa’ng Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke li bolelang?”

Matt. 28:19, 20: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse, . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”

Matt. 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”

Ba ka ’na ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo empa ba hana baemeli ba oona, mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng o bonahalang

Juda 8, 11: “Balori bao le bona ba itšilafatsa nama ka mokhoa o joalo, ’me ba nyefola ba beiloeng boholong, ’me ba nyelisa ba khanyang. Ho malimabe bona, kahobane ba . . . timetse ka khanyetso e joale ka ea Kore.”

Num. 16:1-3, 11, 19-21: “Kore, . . . le banna ba makholo a mabeli a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, lihloho tsa phutheho, . . . Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova na? . . . [Moshe a re:] ka baka lena, uena le ba letšoele lohle la hao, le lumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone eena ke’ng, hore le mo rorele na? Kore a ba memela phutheho eohle pel’a monyako oa tente ea pokano. Eaba khanya ea Jehova e hlahela phutheho kaofela. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re: Ikhetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke e timeletse hang hang.”

Ha ba lahle tumelo ea ’nete feela empa joale ba “otla” le bao e neng e le balekane ba bona, ba ba nyatsa pontšeng le ka mekhoa e meng ho sitisa mosebetsi oa bona; boiteko ba bakoenehi ba joalo ke ho heletsa, e seng ho haha

Matt. 24:45-51: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale, eo morena oa hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae ho ba nea lijo nakong ea teng? . . . Empa ekare ha mohlanka eo a le khopo, ’me a ipolella pelong, a re: Moren’a ka o liehile ho fihla; ’me a qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a e-ja, a e-noa le matahoa; morena oa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng. O tla mo pomahanya likoto, a mo nee kabelo e le ’ngoe le baikaketsi.”

2 Tim. 2:16-18: “U hane mesoaso ea lipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamaeang ka tsona ba tla ’ne ba fetele nyefolong e fetisang; ’me litaba tsa bona li tla tsoela pele joale ka seso se kekang; har’a bona ho na le Hymenea le Filete, ba khelohileng ’nete, ka ho re, tsoho ea bafu e setse e etsahetse, ’me ba liha tumelo ea ba bang.”

Na Bakreste ba khabane ba ka amohela bakoenehi har’a bona, ba ba amohela ka bobona kapa ka ho bala libuka tsa bona?

2 Joh. 9, 10: “Mang le mang ea khelohang, ea sa tiisetseng thutong ea Kreste, ha a na Molimo; . . . Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa.”

Ba-Roma 16:17, 18: “Banab’eso, kea le khothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang likhaohano le likhopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba sesefe. . . . ba khelosa lipelo tsa ba se nang molato ka lipolelo tse khahlehang le ka tse chachehisang.”

Na ho na le kotsi e ka hlahisoang ke ho khotsofatsa takatso ea botho ea ho rata ho tseba hore na bakoenehi ba nahana joang?

Liprov. 11:9: “Ka molomo oa hae monyefoli [“mokoenehi,” NW] o bolaea bahabo.”

Esa. 32:6: “Molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ea hae e neetsoe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka lipuo tsa bohata, a beele moea oa ea lapileng tlala, a time ea nyoriloeng seno.” (Bapisa Esaia 65:13, 14.)

Bokoenehi bo tebile hakae?

2 Pet. 2:1: “Ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang, ’me ka ho latola Morena ea ba lopolotseng, ba tla ikhulela tšenyeho e sehlōhō holimo.”

Jobo 13:16: “Moikaketsi [“mokoenehi,” NW] a ke ke a itlhahisa pel’a oona [Molimo].”

Ba-Heb. 6:4-6: “Ba seng ba kile ba bonesetsoa, ba lekileng neo ea leholimo, ba filoeng kabelo Moeeng o Halalelang, ba latsoitseng lentsoe le monate la Molimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla, bao ha ba ka oa [“joale ha ba ka koeneha,” RS], ha ho kamoo ba ka boelang ba nchafatsoa hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakhisetsa Mor’a Molimo, ba mo etsetsa nyeliso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela