Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/15 maq. 10-15
  • ‘U se ke ua Phaka ua Sisinngoa Maikutlong a Hao’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘U se ke ua Phaka ua Sisinngoa Maikutlong a Hao’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Se Be Moo Le Sebelisanang Le Bakoenehi
  • Ho Tšepa Jehova
  • Bokoenehi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Tšoarella ka Tieo Thutong ea Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • U se ke Ua Lumella Diabolose Sebaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Itebele Khahlanong le Thetso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/15 maq. 10-15

‘U se ke ua Phaka ua Sisinngoa Maikutlong a Hao’

“Re le kōpa hore le se ke la phaka la sisinngoa maikutlong a lōna kapa hona ho tšosoa ke polelo e bululetsoeng, kapa molaetsa oa molomo kapa lengolo leo ho thoeng le tsoa ho rōna.”—2 BATHESSALONIKA 2:1, 2, NW.

1. Ke mehopolo efe e monate e tlang kelellong ha re nahana ka nako ea ha re qala ho ithuta ’nete?

NAKO le nako ho tla mehopolo e monate kelellong ha, joaloka Bakreste, re ikhopotsa ka nako ea ha re qala ho ithuta ’nete Lentsoeng la Molimo. E ne e le ntle, e utloahala, e bile e khotsofatsa. Lipelo tsa rōna li ile tsa kokomoha hakaakang ke kananelo ha re ithuta ka Jehova le ka litšoaneleho tsa hae tse phahameng, ho akarelletsa le lerato la hae le leholo le mohau oa hae! Re ile ra thaba ha re kopana le balumeli bahabo rōna ba ileng ba bontša lerato la ’nete la Bokreste le ho phela ka metheo ea Bibele.

2. Joaloka bahlanka ba Jehova, re lebelletse eng, ’me re iphumana re le boemong bofe ba moea?

2 Re ile ra leboha hakaakang ha re ithuta hore Jehova o tla tloha a tlosa bohloko, masoabi, haesita le lona lefu. (Tšenolo 21:3, 4) Nahana, ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, ka bophelo bo phethahetseng le thabo e feletseng! Ho ne ho le hotle hoo e neng eka ke toro. Empa e ne e le ’nete. Ho ne ho tšehelitsoe ke Lentsoe la Molimo. E ne e le ho thabisang! Ha ho pelaelo hore re ile ra ikutloa hantle joaloka barutuoa ba Jesu ha a ne a itlhahisa ho bona kamor’a hore a tsohe. Ba bolellana: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese kahare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?” (Luka 24:32) E, eitse ha re ithuta ’nete ’me re nehela bophelo ba rōna ho Jehova, re iphumane re le paradeiseng ea moea. Ebile tlhohonolofatso e kaakang!

3. Diabolose le bahanyetsi ba bang ba batla ho re amoha melemo ea paradeise ea moea joang?

3 Empa ho ba paradeiseng ea moea ea Jehova hase ntho eo re ka e nkang habobebe. Re kene paradeiseng ena ka boithatelo; re ka ’na ra tsoa (kapa ra ntšoa) haeba re fetoha ba sa lumeleng kapa re tlōla ka boomo melao e lokileng ea Jehova. Ha e le hantle, hona ho ke ke hoa etsahala haeba re boloka ‘lerato la rōna la pele’ le le matla, haeba re tsoela pele ho ananela litokisetso tsohle tsa Jehova tsa ho re boloka re le matla moeeng. (Tšenolo 2:4) Empa Diabolose le bahanyetsi ba bang ba borapeli ba ’nete ba na le tsebo e matla ea ho thetsa. Le kamohla re se ke ra lebala hore ke malala-a-laotsoe a emetseng ho roba botšepehi ba rōna haeba ba ka ho khona. Mashano a bona a reretsoe ho fokolisa tumelo ea rōna, ho tapisa lerato la rōna bakeng sa Molimo, ho jala lipelaelo likelellong tsa rōna, e, ho etsa hore paradeise ea moea e fetohe paradeise e sieo ho hang.

4. Ho ka hlaha eng haeba re lumella hore tumelo ea rōna e fokole le ho lumella lipelaelo tse matla hore li hōle?

4 Ka mantsoe a mang, re ka ba ra fihla ntlheng eo ho eona re ho fumanang ho le thata, mohlomong ebile e le ho ke keng hoa etsahala, ho bona bohlokoahali ba paradeise ea moea ka lebaka la ho nyakurela batho ba sa phethahalang ba ka ho eona hona joale. Thabo eo re neng re e-na le eona ha re ithuta Lentsoe la Molimo, tšepo e matla eo re neng re e-na le eona, lerato leo re ileng ra le hōlisa bakeng sa Molimo le baena ba rōna ba moea le cheseho eo re neng re e-na le eona bakeng sa tšebeletso ea Jehova, li ka nyamela. Haeba ho sa nkoe mehato e matla ho etsolla ho theoha leha e le hofe ho joalo hoa moea, litlhokahalo tse lerato tsa Molimo li ka potlakela ho ba tse hatellang. Lijo tse hahang tsa moea tse tsoang ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale” li ka ’na tsa bonahala e le ntho e eisehang, ’me boena ba bahlanka ba lerato ba Jehova bo ka bonahala e le ntlo ea lira. (Mattheu 24:45-47) Joale mohlomong motho o se a ka khotsofatsoa feela ka mokhoa o sothehileng ke hore a qale ho otla bahlanka bahabo ka ketselletso le ka linnete tse sothiloeng.—Mattheu 24:45-51.

5. Motho a ka ’na a lahleheloa ka tsela e tšoanang le eo Adama le Eva ba lahlehetsoeng ka eona joang ka hore ba lelekoe Paradeiseng ea Edene?

5 E, re ke ke ra lahleheloa feela ke mahlohonolo a paradeise ea moea hona joale empa, ho tebileng haholoanyane, re ka ra boetse ra lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng. ’Me re ka lahleheloa ka lebaka le tšoanang le leo Adama le Eva ba ileng ba lahleheloa ke Paradeise ea Edene ka lona. Ba ne ba e-na le sohle seo ba neng ba se hloka hore ba thabe ka ho phethahetseng ’me ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng. Empa boitaolo—hantle-ntle thuto e fapaneng—bo ne bo le bo bohlokoa haholo ho bona ho feta ho utloa Jehova le mahlohonolo a Edene. Eva o ile a thetsoa. Le hoja Adama a sa ka a thetsoa, o ile a lumella hore maemo a matla, a akarelletsang tšusumetso e matla ea mosali oa hae, li mo etse hore le eena a sitoe. Ka lebaka leo, ba ntšoa Paradeiseng, ho ea phela bophelo bo bosula ho fihlela lefung la bona. Ba itahlela tebello ea bophelo bo sa feleng ‘me ba tlisetsa bana ba bona lefa la sebe le lefu. (Genese 3:1-7, 14-19, 24; 1 Timothea 2:14; Ba-Roma 5:12) Ba ile ba lefa ka matla hakaakang bakeng sa boipuso-’mōtoana ba bona!

6. (a) Pauluse o bontšitse kameho joang mabapi le ba bang ba ka phuthehong ea Korinthe? (b) Kameho e tšoanang e ile ea bontšoa joang ho se ngoletsoeng phutheho ea Thessalonika?

6 Moapostola Pauluse o ile a ipolela a amehile ka tsela ena: “Empa ke tšohile, e se re mohlomong, joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha, ea timelloa ke ’nete e ho Kreste.” (2 Ba-Korinthe 11:3) Pauluse o ile a fumana ho hlokahala hore a ngole mabapi le lithuto tse itseng tse fosahetseng tse neng li likoloha mehleng ea hae. Lengolong la hae la bobeli le eang ho phutheho ea Thessalonika, O ile a ngola: “Rea le kōpa hore le se ke la phaka la sisinngoa maikutlong a lōna kapa hona ho tšosoa ke polelo e bululetsoeng kapa molaetsa oa molomo kapa lengolo leo ho thoeng le tsoa ho rōna, le reng letsatsi la Jehova le haufi. Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong.”—2 Bathessalonika 2:1-3, NW.

Ho Se Be Moo Le Sebelisanang Le Bakoenehi

7. (a) Ke lipotso life tse hlahang haeba lingoliloeng tsa bokoenehi li amoheloa ka poso? (b) Mabapi le ho itšireletsa tšusumetsong ea bokoenehi, ke hobane’ng ha ho itšepa ho tlōla tekanyo ho le kotsi?

7 Joale, u tla etsa joang ha u tobana le thuto ea bokoenehi, maikutlo a bolotsana a bolelang hore seo u se lumelang joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova hase ’nete? Ka mohlala, u tla etsa joang ha u amohela lengolo kapa ntho e ’ngoe e ngotsoeng, ha u e bula, ’me u bona hang feela hore e tsoa ho mokoenehi? Na ho rata litaba ho tla u etsa hore u e bale feela hore u bone hore e re’ng? U ka ’na ua bea lebaka la hore: ‘E ke ke ea nkama ka letho, ke matla haholo ’neteng. ’Me, ntle ho moo, haeba re e-na le ’nete, ha ho letho leo re ka le tšohang. ’Nete e tla tiisetsa teko.’ Ka ho nahana ka tsela ena, ba bang ba ile ba fepa likelello tsa bona ka maikutlo a bokoenehi ’me ea e-ba bahlaseluoa ba lipotso tse matla le ho belaela ho matla. (Bapisa Jakobo 1:5-8.) Ka hona hopola temoso e ho 1 Ba-Korinthe 10:12: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”

8. Ba bang ba imetsoeng ke lipelaelo ba hloka thuso efe?

8 Ka thuso e lerato ea baena ba tsotellang, ba bang ba nang le lipelaelo tse jetsoeng ke bakoenehi ba ile ba hlaphoheloa kamorao ho nako ea ho ba le morusu le moferefere moeeng. Empa bohloko bona bo ka be bo ile ba qojoa. Ho Liproverbia 11:9 rea bolelloa: “Ka molomo oa hae monyefoli o bolaea bahabo, empa ba lokileng ba bolokoa ke tsebo.” Juda o ile a bolella Bakreste bahabo hore ba ‘hauhele ba bang ba likalikang; ’me ba pholose ba bang ka ho ba tšosa, ba ba tlose mollong.’ (Juda 22, 23) Pauluse o ile a eletsa molebeli Timothea hore a rute “ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekoe hore na mohlomong Molimo o ke se ke oa ba nea pako, ba be ba lemohe ’nete; ’me ba tlohe lerabeng la Diabolose, ea ba tšoasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.”—2 Timothea 2:25, 26.

9. Phello e bohloko bakeng sa ba furallang borapeli ba ’nete ke efe?

9 Ho bohloko, ba bang ba ile ba kena lefifing le letšo, ba bile ba khutlela lithutong tse fosahetseng tsa Bokreste-’mōtoana. Moapostola Petrose o ile a ngola ka phello e bohloko e hlahetseng ba bang ba neng ba tsamaea ’neteng empa ba e furaletse. A re: “Ha ba ne ba se ba balehetse litšila tsa lefatše, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna, ’me ba boetse ba itšoasitse ho tsona, ’me ba hlōtsoe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello li mpe ho fetisa tsa pele.” Petrose o itse ba tšoana le ntja e khutletseng mahlatseng a eona le kolobe eo kamor’a hore e hlatsuoe e ipitikang hape seretseng.—2 Petrose 2:20-22.

10. (a) Jehova o re’ng ka ho mamela bakoenehi? (b) Ho bala libuka tsa bokoenehi ho ka tšoana le eng?

10 Ha motho e mong a re ho rōna, ‘U se ke ua bala ntho ena’ kapa, ‘U se ke ua mamela ntho eo,’ re ka ’na ra kena molekong oa ho hlokomoloha keletso ea hae. Empa hopola, tabeng ena Jehova ke eena Ea re bolellang, Lentsoeng la hae, hore na re etse joang. ’Me o re’ng ka bakoenehi? “Ba sesefe” (Ba-Roma 16:17, 18); “le se ke la kopana” le bona (1 Ba-Korinthe 5:11); ’me “le se ke la [ba] amohela matlung a lōna, ’me le se ke la [ba] lumelisa” (2 Johanne 9, 10). Ana ke mantsoe a matla, tataiso e hlakileng. Haeba, ka lebaka la ho rata litaba, re ne re ka bala libuka tsa mokoenehi ea tsebisahalang, na hoo ho ne ho sa tl’o tšoana le ho memela sera see sa borapeli ba ’nete ka malapeng a rōna hore se lule le rōna e be se bua maikutlo a sona a bokoenehi?

11, 12. (a) Ho fanoe ka mohlala ofe ho re thusa ho ananela hore re ke ke ra bala libuka tsa bokoenehi ka ho hloka tsebo? (b) Hona ho ka sebelisoa joang kamehong ea Jehova ka batho ba hae?

11 A re ke re etse mohlala ka tsela ena: A re re mohlomong mora oa hao ea tlaase lilemong o amohela ka poso libuka tsa boitšoaro bo bobe. U ne u tla etsa joang? Haeba a ne a ka lakatsa ho li bala ka lebaka la ho rata litaba, na u ne u tla re, ‘E, mora, tsoela pele u bale. Li ke ke tsa u etsa letho. Ho tloha bonyenyaneng re u rutile hore boitšoaro bo bobe ha boa loka. Ntle ho moo, ho hlokahala hore u tsebe hore na ke eng ho etsahalang lefatšeng e le hore u bone hore ruri ho hobe’? Na u ne u tla ba le maikutlo a joalo? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, ka sebele u ne u tla supa likotsi tsa ho bala lingoliloeng tsa boitšoaro bo bobe e be joale u laela hore li senngoe. Hobane’ng? Hobane ho sa tsotellehe hore na motho o matla hakae ’neteng, haeba a fepa kelello ea hae ka maikutlo a sothiloeng a fumanoang libukeng tse joalo, mohopolo oa hae le pelo ea hae li tla ameha. Takatso e fosahetseng e ka sephiring sa pelo e chachehelang lintho e ka qetella e bōpile takatso e fosahetseng ea litakatso tsa botona kapa botšehali. Phello ea e-ba efe? Jakobo o bolela hore ha takatso e fosahetseng e emara, e tsoala sebe, ’me sebe se isa lefung. (Jakobo 1:15) Kahoo ke hobane’ng ha u ka qala letoto lee?

12 Kahoo, haeba re ne re tla etsa qeto e matla hakaalo ho sireletsa bana ba rōna hore ba se phetlehele libuka le litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe, na re ke ke ra lebella hore Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo ka ho tšoanang o ne a tla re lemosa le ho re sireletsa bohloleng ba moea, ho akarelletsa bokoenehing? O re, Le bo sesefe!

13. Ho ka etsoa joang haeba lipotso tse phephetsang tse theiloeng ho seo bakoenehi ba se buang kapa ba se ngotseng li hlahisoa ha re le mosebetsing oa boboleli?

13 Empa ha re re mohlomong re bolela litaba tse molemo ’me batho ba botsa lipotso kapa ba hlahisa likhanyetso tse tšoanang le tse etsoang ke bakoenehi? Ha e le hantle, haeba motho a se na ’nete a mpa a lakatsa ho phea khang feela, hangata ho molemo hore re kōpe tšoarelo ’me re ikele ntlong e hlahlamang. Empa haeba motho a botsa kannete ka lipolelo tse itseng tsa bakoenehi, re ka etsa joang? Pele, re ka botsa hore na hantle-ntle ke eng se entseng hore a amehe. Mohlomong e ka ’na ea e-ba ntlha e le ’ngoe kapa tse peli feela. Joale re ka tšoarella ho tsona ’me ra arabela ka Mangolo, ka libuka tsa Mokhatlo le seo re se tsebang kannete ka taba eo. Ha ho hlokahale hore re fihlele qeto ea hore re lokela ho bala buka kapa pampitšana e tletseng ketselletso le linnete tse sothiloeng e le hore re ka hlōla lipolelo tsa bohata le lithuto tsa bahanyetsi.

Ho Tšepa Jehova

14. Ke kameho efe e lerato eo Ntate oa rōna oa leholimo a nang le eona ka rōna, hona ke hobane’ng ha re lokela ho mo tšepa ka ho feletseng?

14 Ha re ntse re tsoela pele, re haha tumelo ’me re lula re tšoarehile tšebeletsong ea ’Muso, ka kholiseho re ka bea tšepo ea rōna ho Jehova re tseba hore, joaloka Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, o re batlela se molemohali. Molimo o-oa re ruta; o-oa re lemosa. Hona o ho etsa ka Lentsoe la oona le ka tataiso e hlakileng e fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa hae. Haeba re ne re ka kōpa motsoali ea lerato bohobe le hlapi, o ne a ke ke a re nea lejoe kapa noha. Leha e le hore Molimo o ka re phoqa kapa oa re thetsa. (Mattheu 7:7-11) Leha ho le joalo, Molimo o ke ke oa re sireletsa ka ho phethahetseng melekong kapa mashanong a thetsang le lipolelong tsa bohata tsa bodiabolose. O itlhalosa ka tsela ena: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea u etsang hore u tsamaee ka tsela eo u tsoanelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17, NW) E, Jehova ‘o re ruta ho itsoela molemo.’ O re bolella hore re arohane le bakoenehi le thuto ea bona, ’me hona ho molemong oa ho re sireletsa. Ho bolela bophelo ba rōna.

15. Ke litemoso life tseo moapostola Pauluse a faneng ka tsona mabapi le ba bang ba neng ba tla leka ho ikhulela barutuoa?

15 Moapostola Pauluse o ile a lemosa baholo bahabo ba Bakreste: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba tla bua lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa.” (Liketso 20:30, NW) Haeba re ntse re mamela likhang tse bolotsana le maikutlo a boeki, “lintho tse sothehileng” li ka utloahala eka li nepahetse. Eitse ha Eva a ntse a talima tholoana e hanetsoeng ’me a mamela maikutlo a sothehileng a Diabolose, ke moo a ileng a kholiseha haholoanyane hore Diabolose o nepile. Pauluse o ile a lemosa: “Itebele, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.” (Ba-Kolosse 2:8) Moapostola o boetse a bontša hore “[bakoenehi] ba khelosa lipelo tsa ba se nang molato ka lipolelo tse khahlehang le ka tse chachehisang.” (Ba-Roma 16:17, 18; bapisa 2 Ba-Korinthe 11:13-15.) Ha e le hantle, ’nete ea hore ho na le ba seng bakae ba hulanngoang ke mashano a mofuta o joalo ha e bolele hore re lokela ho ba latela. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re lule re falimehile ka linako tsohle.

16. Ke tšebeliso ea litemoso life tsa Mangolo e tla re thusa ho loantša boiteko ba Satane ba ho tlosa batho borapeling ba ’nete?

16 Maqheka a Diabolose ha aa fetoha ho tloha Edeneng. O sebelisa lipotso tse bolotsana le ho ipiletsa boithating. Petrose o ile a ngola: “Le har’a lōna baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang, . . . ’Me ka baka la takatso ea bona ea ho rua ka lōna, ba tla le thetsa ka lipolelo tsa mano.” (2 Petrose 2:1-3) Ntho e ’ngoe eo e seng eona e entsoe hore e shebahale kapa hore e utloahale eka ke ’nete. Ho 2 Timothea 2:14-19, Pauluse o hatisitse bohlokoa ba ho sebelisa Lentsoe la Jehova ho lokisa litaba empa a hlokomelisa ka bohlokoa ba ho qoba bakoenehi, bao ‘lipolelo tsa bona tsa lefeela li senyang se halalelang,’ hobane o itse, “litaba tsa bona li tsoela pele joale ka seso se kekang.”

17, 18. (a) Thuto ea bokoenehi e tšoana le seso se kekang joang? (b) Ke temoso efe eo Petrose a faneng ka eona mabapi le ba lekang ho re furallisa borapeli ba ’nete? (c) Ke lipotso life tse tla arabeloa thutong e hlahlamang?

17 Ka sebele ke papiso e loketseng! Joaloka seso se kekang, maikutlo a bakoenehi hase letho haese feela ho jala ka potlako lefu la moea. ’Me kaha litho tsa phutheho li tšoana le ’mele o le mong ho na le kotsi ea hore tse ling li ka tšoaetsoa. Haeba ea jalang lithuto tsa bokoenehi a ke ke a tsosolosetsoa bophelong ba moea ka tšebeliso e lerato empa e le e tiileng ea sehlare sa Lentsoe la Molimo, ho pongoa (ho khaoloa) hoa setho se joalo mohlomong e ka ba oona mokhoa feela oa ho sireletsa litho tse ling tsa ’mele. (Bapisa Tite 1:10, 11.) U se ke ua tšoaetsoa ke seso se kekang se bolaeang sa moea! Tsoela pele ho phela hantle moeeng ka ho qoba ho silafatsoa ke monahano oa bokoenehi. Ela hloko keletso e utloahalang e ho 2 Petrose 3:17, 18: “Ha e le lona, baratuoa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tsohe le hulanngoa le ba bang ke thetso ea ba manyala bao ’me la timelloa ke ho tiea ha lōna; le mpe le hōle mohaung le tsebong ea Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna.”

18 Empa re ka itšireletsa joang bokoenehing? Re ka boloka lipelo tsa rōna hore li se ke tsa amohela maikutlo a bokoenehi joang? Ho tla nahanoa ka lipotso tsena sehloohong se latelang.

Na U Sa Hopola?

◻ Re ka lahleheloa joang ke melemo ea paradeise ea moea ea Jehova?

◻ Ke hobane’ng ha ho bala lingoliloeng tsa bokoenehi ho tšoana le ho bala lingoliloeng tsa boitšoaro bo bobe?

◻ Ho ka etsoa joang haeba re botsoa ka lipotso tse itseng tsa bakoenehi?

◻ Ke hobane’ng ha lithuto tsa bokoenehi li tšoana le seso se kekang?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na ka bohlale u senya lintho tsa bokoenehi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela