Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 434-leq. 438
  • Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Kamoo Tumelo ea ’Nete e ka U Thusang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 434-leq. 438

Tumelo

Tlhaloso: “Tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng, ke pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng.” (Ba-Heb. 11:1) Tumelo ea ’nete hase ho lumela ntle ho mabaka, ke hore, ho itokisetsa ho kholoa ntho ntle ho bopaki bo utloahalang kapa feela hobane motho a batla ha e le joalo. Tumelo ea ’nete e hloka tsebo ea motheo kapa ea bohlokoa, ho tloaelana le bopaki, hammoho le kananelo e tlohang pelong ea se suptjoang ke bopaki boo. Ka hona, le hoja ho le thata ho ba le tumelo ea sebele ntle ho tsebo e nepahetseng, Bibele e bolela hore motho o lumela “ka pelo.”—Ba-Roma 10:10.

Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba se na tumelo?

Tumelo ke tholoana ea moea oa Molimo, ’me Molimo o fana ka moea oa oona ka thabo ho ba o batlang. (Ba-Gal. 5:22, NW; Luka 11:13) Ka hona batho ba se nang tumelo ha ba batle moea oo, kapa ba etsa joalo ka morero o fosahetseng kapa ba hanela tšebetso ea oona bophelong ba bona. Hona ho susumetsoa ke lintho tse ngata:

Khaello ea tsebo e nepahetseng ea Bibele: Bibele ke tholoana ea moea oa Molimo, e bululetsoe ke Molimo. (2 Tim. 3:16, 17; 2 Sam. 23:2) Ho hlōleha ho ithuta eona ho sitisa tsoelopele efe kapa efe ea tumelo ea ’nete. Le hoja litho tsa kereke li ka ’na tsa e-ba le Bibele, haeba li rutiloe maikutlo a batho ho e-na le Lentsoe la Molimo, li tla haelloa ke tumelo ea sebele ho Molimo le merero ea oona. Ho rarolla mathata a bophelo, li tla sekamela ho itšetleheng ka maikutlo a tsona le a batho ba bang.—Bapisa Mattheu 15:3-9.

Ho thetsoa ke bolumeli: Ba bangata ba thetsitsoe ke boikaketsi ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana, tse ipolelang hore li ruta Lentsoe la Molimo empa li sitoa ho phela tumellanong le seo li se bolelang. Ba bang e ne e le bakhomareli ba bolumeli boo e seng ba Bokreste, empa ba bone litholoana tse mpe mekhoeng ea bona kapa ba fumana hore seo ba se lumelang ha se hlile ha se ba thuse ho loana ka katleho le mathata a bophelo. Ba haelloa ke tsebo e nepahetseng ea Molimo oa ’nete, batho ba joalo ba suthela hole-hole le sohle se amanang le bolumeli.—Bapisa Ba-Roma 3:3, 4; Mattheu 7:21-23.

Ho se utloisise hore na Molimo o lumelletse bokhopo hobane’ng: Batho ba bangata ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo ’me ka hona ba o bea molato bakeng sa lintho tsohle tse mpe tse etsahalang. Ha ba hlokomele hore ho sekamela hoa motho bobeng hase ka baka la thato ea Molimo empa ka baka la sebe sa Adama. (Ba-Roma 5:12) Mohlomong ha ba hlokomele boteng ba Satane Diabolose le tšusumetso ea hae litabeng tsa lefatše, ka hona ba neta Molimo ka lintho tse litšila tse susumelitsoeng ke Satane. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:12) Haeba mohlomong ba lemoha lintho tsena ka tekanyo e itseng, ba ka ’na ba ikutloa hore Molimo o lieha ho nka bohato, hobane ha ba bone ka ho hlaka tseko ea borena ba bokahohle ’me ha ba utloisise ’nete ea hore mamello ea Molimo ho tla fihlela nakong ena e ba nea monyetla o sa tšoanelang bakeng sa poloko. (Ba-Roma 2:4; 2 Pet. 3:9) Hape, ha ba hlokomele ka botlalo hore Molimo o beile nako eo o tla senya ka ho sa feleng bohle ba etsang bokhopo.—Tšen. 22:10-12; 11:18; Hab. 2:3.

Bophelo bo laoloang ke litakatso tsa nama le pono ea nama: Ka kakaretso, batho ba haelloang ke tumelo e nang le moko oa sebele ba inehetse ho phehelleng lintho tse ling. Ba bang ba ka ’na ba re ba kholoa Bibele empa ho se mohla ba kileng ba ithuta eona ka ho qaqa kapa mohlomong ba sitiloe ho nahanisisa ka kananelo ka seo ba se balang, ka mabaka a sona le hore na se sebetsa joang bophelong ba letsatsi ka leng. (Bapisa 1 Likronike 28:9.) Mabakeng a mang, ba sitiloe ho ōtla tumela ea bona empa, ho e-na le hoo, ba lumella takatso ea lintho tse sa lokang hore e buse tšekamelo ea lipelo tsa bona hoo ba ileng ba suthela hole le Molimo le litsela tsa oona.—Ba-Heb. 3:12.

Motho a ka fumana tumelo joang?

Ba-Roma 10:17: “Tumelo e fela e tla ka ho utloa.” (Bapisa Liketso 17:11, 12; Johanne 4:39-42; 2 Likronike 9:5-8. Pele, motho o tlameha ho fumana hore na Bibele e re’ng, ’me o tla matlafatsa kholiseho ea hae haeba a e hlahloba ka hloko e le hore a kholoe hore e-ea tšepahala.)

Ba-Roma 10:10: “Motho o lumela ka pelo.” (Ka ho nahanisisa ka lintho tsa bomolimo ho haha kananelo bakeng sa tsona, motho o li hatisa pelong ea hae ea tšoantšetso.)

Tumelo e tiea ha motho a nka bohato ka litšepiso tsa Molimo ’me joale a bona bopaki ba tlhohonolofatso ea Molimo ho seo a se entseng.—Bona Pesaleme ea 106:9-12.

Papiso: Mohlomong u na le motsoalle eo u ka reng ka eena: ‘Kea mo tšepa motho eo. Ha a buile taba, ha a e koenehele; ’me kea tseba hore haeba ke e-na le bothata, o tla nthusa.’ Mang kapa mang eo u tla bua joalo ka eena e ke ke ea e-ba motho eo u neng u qala ho kopana le eena maobane feela, na ha ho joalo? E tla tlameha hore e be motho eo e leng khale u tloaelane le eena, motho ea ipakileng ka makhetlo hore o-oa tšepahala. Ho joalo le ka tumelo ea bolumeli. Ho ba le tumelo, ho hlokahala u iphe nako ea ho tseba Jehova le tsela eo a etsang lintho ka eona.

Tumelo ea hore Molimo o teng

Bona maqephe 329-335, tlas’a sehlooho se seholo “Molimo.”

Tumelo tebellong ea tsamaiso e ncha ea lintho ea ho loka

Ha motho a tloaelana hantle le tlaleho ea litšebelisano tsa Jehova le bahlanka ba hae, o ba le pono ea Joshua, ea itseng: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Josh. 23:14.

Litšepiso tsa Bibele tsa bophelo bo nchafalitsoeng, tsoho bafung, le tse joalo, li tiisoa ke tlaleho ea mehlolo e entsoeng ke Jesu Kreste. Tsena hase litšōmo. Bala litlaleho tsa Melaetsa ’me u bone bopaki ba hore li na le matšoao ’ohle a histori ea ’nete. Ho boleloa libaka ka mabitso; mabitso a babusi ba neng ba le teng a fanoe; ho bolokiloe tlaleho ea lipaki tse fetang e le ’ngoe. Ho nahanisisa ka bopaki bona ho ka matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa Bibele.

E-ea Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova le likopanong tsa tsona tse akaretsang, ’me u ka iponela bopaki ba hore ho sebelisoa hoa keletso ea Bibele ho fetola bophelo, hore ho ka etsa batho ba tšepahalang le ba khabane boitšoarong, hore ho ka nolofaletsa batho ba mefuta eohle le lichaba ho phela le ho sebetsa hammoho ka moea oa boena ba ’nete.

Na mesebetsi e hlile e-ea hlokahala ha motho a e-na le tumelo?

Jak. 2:17, 18, 21, 22, 26: “Le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri. Empa e mong o tla re: Uena, u na le tumelo; ’na, ke na le mesebetsi; mpontše he tumelo ea hao ho se mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka. Na Abrahama, ntat’a rōna, ha a ka a beoa ea lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora oa hae, Isaaka, holim’a aletare na? Ua bona hobane tumelo ea hae e sebelisane le mesebetsi ea hae, ’me tumelo ea hae e phethiloe ke mesebetsi. Hobane, joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”

Papiso: Mohlankana a ka ’na a fereha moroetsana, a mo bolella hore o-oa mo rata. Empa haeba ho se mohla a kōpang moroetsana hore o batla ho mo nyala, na ka sebele o bontša hore lerato la hae le hlile le phethahetse? Ka ho tšoanang, mesebetsi ke mokhoa oa ho bontša bonnete ba tumelo ea rōna le lerato la rōna. Haeba re sa utloe Molimo ha re hlile ha re o rate kapa hona ho lumela ho lokela hoa litsela tsa oona. (1 Joh. 5:3, 4) Empa re ke ke ra fumana poloko ka ho e sebeletsa ho sa tsotellehe hore na re etsa mesebetsi efe. Bophelo bo sa feleng ke mpho e tsoang ho Molimo ka Jesu Kreste, hase tefo bakeng sa mesebetsi ea rōna.—Ba-Ef. 2:8, 9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela