Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ti maq. 2-3
  • Na U Lokela ho bo Lumela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho bo Lumela?
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Na Molimo ke Boraro-bo-bong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
ti maq. 2-3

Na U Lokela ho bo Lumela?

NA U lumela Boraro-bo-bong? Boholo ba batho ba Bokreste-’mōtoana baa bo lumela. Ho feta moo, e ’nile ea e-ba thuto e ka sehloohong ea likereke ka makholo a lilemo.

Ha ho talingoa sena, u ne u tla nahana hore ho ke ke ha e-ba le pelaelo ka bona. Empa e teng, ’me morao tjena esita le ba bang ba bo tšehetsang ba rotelitse khang e seng e ntse e le teng.

Ke hobane’ng ha taba e kang ee e lokela ho ba e thahasellisang haholo? Hobane Jesu ka boeena o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hona: ho tseba uena, Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” Kahoo bokamoso ba rōna kaofela bo likoloha ho tsebeng ha rōna sebōpeho sa ’nete sa Molimo, ’me hoo ho bolela ho ea motsong oa khang ea Boraro-bo-bong. Ka hona, ke hobane’ng ha u sa itlhahlobele eona?—Johanne 17:3, Jerusalem Bible ea K’hatholike (JB).

Ho na le maikutlo a sa tšoaneng ka Boraro-bo-bong. Empa ka kakaretso thuto ea Boraro-bo-bong ke hore ho Molimo ho na le batho ba bararo, Ntate, Mora, le Moea o Halalelang; empa, ha ba le hammoho ke Molimo o le mong. Thuto ena e bolela hore ba bararo bana baa lekana, ba matla ’ohle, ’me ha baa bōptjoa, kaha ba bile teng ho Molimo ba se na qalo le qetello.

Leha ho le joalo, ba bang ba re thuto ea Boraro-bo-bong ke ea bohata, ba re Molimo o Matla ’Ohle o ikemetse e le boleng bo arohileng, bo sa feleng, le bo matla ’ohle. Ba bolela hore pele Jesu e e-ba motho oa nama, e ne e le motho oa moea ea arohileng ea bōpiloeng ke Molimo, joaloka mangeloi, ’me ka lebaka lena e tlameha e be o bile le qalo. Ba ruta hore ha ho mohla Jesu a kileng a lekana le Molimo o Matla ’Ohle ka kutloisiso leha e le efe; haesale a le ka tlaase ho Molimo ’me o ntse a le ka tlaase ho oona. Ba boetse ba lumela hore moea o halalelang hase motho empa ke moea oa Molimo, matla a oona a sebetsang.

Batšehetsi ba Boraro-bo-bong ba bolela hore ha boa theoa feela neanong ea bolumeli empa hape le ka Bibeleng. Baphenya-phenyi ba thuto ena ba bolela hore hase thuto ea Bibele, mohloli o mong oa histori o bile oa phatlalatsa: “Qaleho ea [Boraro-bo-bong] ke ea bohetene ka ho felletseng.”—The Paganism in Our Christianity.

Haeba Boraro-bo-bong ke ’nete, ke ho nyenyefatsa Jesu ho bolela hore ha ho mohla a kileng a lekana le Molimo e le karolo ea Molimo. Empa haeba Boraro-bo-bong ke bohata, ke ho nyenyefatsa Molimo o Matla ’Ohle ho bitsa mang kapa mang hore o lekana le oona, ’me ho hobe le ho feta ho bitsa Maria “’Mè oa Molimo.” Haeba Boraro-bo-bong ke bohata, ke ho hlompholla Molimo ho bolela hore, joalokaha ho hlokometsoe ho buka Catholicism: “Ntle leha [batho ba] boloka Tumelo ena e felletse ’me e sa silafala, ha ho pelaelo [ba] tla timela ka ho sa feleng. ’Me Tumelo ea K’hatholike ke ena: re rapela Molimo o le mong ho Boraro-bo-bong.”

Joale, ho na le mabaka a matle a hore na ke hobane’ng ha u lokela ho rata ho tseba ’nete ka Boraro-bo-bong. Empa pele u hlahloba qaleho ea bona le ho ipolela ha bona hore ke ’nete, ho tla ba molemo ho hlalosa thuto ena ka ho tobileng haholoanyane. Ha e le hantle, Boraro-bo-bong ke eng? Batšehetsi ba bona ba bo hlalosa joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 2]

Ka ho le letšehali: Setšoantšo se betliloeng sa Egepeta sa seketeng sa bobeli sa lilemo (B.C.E.) Kopano ea Melimo e Meraro ea Amon-Ra, Ramses II, le Mut. Ka ho le letona: Setšoantšo se betliloeng sa Boraro-bo-bong sa lekholong la lilemo la leshome le metso e mene (C.E.) sa Jesu Kreste, Ntate, le moea o halalelang. Hlokomela, ke batho ba bararo empa maoto a mane feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela