Sehlomathiso
Mali: Ke Khetho ea mang le Letsoalo la Mang?
e ngotsoe ke J. Lowell Dixon, M.D.
Se kopilitsoe ka tumello ea New York State Journal of Medicine, 1988; 88:463-464, ’me se hatisitsoe ke Medical Society ea Naha ea New York.
LINGAKA li tšepetsoe ho sebelisa tsebo, mekhoa ea botsebi, le phihlelo ea tsona bakeng sa ho loantša ho kula le lefu. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba mokuli a hana phekolo e khothalletsoang? Hona ho ka etsahala haeba mokuli e le Paki ea Jehova ’me phekolo eo e le mali a felletseng, lisele tse khubelu tsa mali tse pakiloeng, lero la mali le se nang ’mala (plasma), kapa platelets.
Ha ho tluoa tšebelisong ea mali, ngaka e ka ’na ea ikutloa hore khetho ea mokuli ea phekolo e sa sebeliseng mali e tla sitisa basebetsi ba phekolo ea meriana ba iteletseng mosebetsi oa bona ho sebetsa. Ho ntse ho le joalo, motho o lokela ho hopola hore hangata bakuli ba bang bao e seng Lipaki tsa Jehova ba khetha ho se latele likhothalletso tsa ngaka ea bona. Ho ea ka Appelbaum le Roth,1 bakuli ba etsang 19% ba lipetleleng tsa thupelo ba ile ba hana bonyane phekolo kapa mokhoa o le mong o sebelisoang le hoja karolo e etsang 15% ea liketsahalo tse joalo tsa ho hana “e ne e le tse behang bophelo kotsing.”
Pono e akaretsang ea hore “ngaka e tseba hamolemo ka ho fetisisa” e etsa hore bakuli ba bangata ba tlohelle sohle botsebing le tsebong ea ngaka ea bona. Empa e ne e tla ba ho kotsi hakaakang hore ngaka e tsoele pele joalokaha eka polelo ena ke ’nete ea saense e be e phekola bakuli ho ea ka eona. Ke ’nete hore thupelo ea rōna ea phekolo ea meriana, mangolo a thuto ea phekolo ea meriana ao re nang le ’ona, le phihlelo li re fa maemo a khethehileng lefapheng la phekolo ea meriana. Leha ho le joalo, bakuli ba rōna ba na le litokelo. ’Me, joalokaha re ka hlokomela, molao (esita le Molao oa Motheo) o phahamisa litokelo haholo.
Maboteng a lipetlele tse ngata, motho o bona ho manehiloe “Tokomane ea Litokelo tsa Mokuli.” E ’ngoe ea litokelo tsena ke hore a fane ka tumello a e-na le tsebo, e leng hoo ka nepo ho ka bitsoang ho etsa khetho ha mokuli a e-na le tsebo. Ka mor’a hore mokuli a tsebisoe ka liphello tse ka hlahang tsa liphekolo tse fapa-fapaneng (kapa tsa ho se phekoloe), ke eena ea tla ikhethela hore na o tla amohela hofe. Sepetleleng sa Albert Einstein se Bronx, New York, leano le ngotsoeng le sebelisoang tšelong ea mali esita le ho Lipaki tsa Jehova le ile la re: “Mokuli ofe kapa ofe ea hōlileng ea ka iketsetsang qeto o na le tokelo ea ho hana phekolo ho sa tsotellehe hore na ho hana ho joalo ho ka ba kotsi hakae bophelong ba hae.”2
Leha lingaka li ka bolela hore li amehile ka litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro kapa molato, makhotla a ile a hatella hore khetho ea mokuli e phahametse khetho ea motho leha e le ofe e mong.3 Lekhotla la Maipiletso la New York le boletse hore “tokelo ea mokuli ea ho etsa qeto ka mokhoa oo a tla phekoloa ka oona [ke ea] bohlokoa haholo . . . Ngaka e ke ke ea nkoa e sa phetha boikarabelo ba eona ba molao le mosebetsi oa eona ha e hlompha tokelo ea mokuli ea hōlileng ea tšoanelehang ea ho hana phekolo ea meriana.”4 Lekhotla leo le ile la boela la bolela hore “le hoja botšepehi litekanyetsong tse amoheloang tsa boitšoaro tsa mosebetsi oa phekolo ea meriana e le ba bohlokoa, bo ke ke ba feta litokelo tsa motheo tsa motho ka mong tse boletsoeng mona. Ke litlhoko le litakatso tsa motho ka mong tseo e leng tsa bohlokoa, eseng litlhoko tsa sepetlele.”5
Ha Paki e hana mali, lingaka li ka ’na tsa ikutloa li tšoengoa ke matsoalo a tsona ka lebaka la tebello ea ho se etse se bonahalang e le sohle se ka khonehang. Leha ho le joalo, seo Paki eo e kōpang hore lingaka tse hlokolosi li se etse ke hore li fane ka mokhoa o mong oa tlhokomelo e molemohali e ka khonehang tlas’a maemo a joalo. Hangata re tlameha ho fetola phekolo ea rōna hore e lumellane le maemo, a kang lefu la phallo e matla ea mali, ho se lumellane ho matla ha ’mele le lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko, kapa ho se fumanehe ha thepa e ’ngoe e theko e boima. Mabapi le mokuli oa Paki, lingaka li kōptjoa hore li sebetsane le bothata ba phekolo ea meriana kapa ba ho buuoa tumellanong le khetho le letsoalo tsa mokuli, qeto ea hae ea litekanyetso tsa se nepahetseng kapa se fosahetseng kapa ea bolumeli ea ho tela mali.
Litlaleho tse ngata tsa litšebetso tse khōlō tsa ho buoa bakuli ba Lipaki li bontša hore ka letsoalo le hloekileng le ka katleho, lingaka tse ngata li ka khona ho amohela kōpo ea hore ho se ke ha sebelisoa mali. Ka mohlala, ka 1981, Cooley o ile a hlahloba litšebetso tse 1 026 tsa ho buoa pelo, tseo 22% ea tsona e neng e le tse entsoeng ho bana. O ile a etsa qeto “ea hore kotsi ea ho buoa bakuli ba sehlopha sa Lipaki tsa Jehova ha ea ka ea ba e phahameng hakaalo ho feta kotsi ea ho buoa bakuli ba bang.”6 Kambouris7 o ile a tlaleha ka litšebetso tse khōlō tsa ho buoa Lipaki, tseo tse ling tsa tsona li neng “li hanetsoe ka phekolo ea ho buuoa e neng e hlokahala ka ho potlakileng ka lebaka la ho hana ho amohela mali ha tsona.” O ile a re: “Pele ho phekolo bakuli bohle ba ile ba fuoa litšepiso tse tiileng tsa hore litumelo tsa bona tsa bolumeli li tla hlonepshoa, ho sa tsotellehe maemo a ka hlahang ka kamoreng ea ho buoa. Ha hoa ka ha e-ba le liphello tse mpe leanong lena.”
Ha mokuli e le Paki ea Jehova, ka ntle le boikhethelo letsoalo lea kenella. Motho a ke ke a nahana feela ka letsoalo la ngaka. Ho thoe’ng ka la mokuli? Lipaki tsa Jehova li talima bophelo e le mpho ea Molimo e emeloang ke mali. Li lumela taelo ea Bibele ea hore Bakreste ba tlameha ‘ho tela mali’ (Liketso 15:28, 29).8 Kahoo, haeba ka ho iketsa ntat’a mokuli ngaka e etsa se khahlanong le litumelo tsa mokuli tsa bolumeli tse tebileng joalo tseo e bileng e leng khale a li lumela, phello e ka ba e sisimosang. Mopapa John Paul II o ile a bolela hore ho qobella motho ho etsa se khahlanong le letsoalo la hae “ke tlhaselo e bohloko ka ho fetisisa seriting sa botho. Ka kutloisiso e itseng, hoo ho hobe ho feta ho baka lefu la sebele, kapa ho bolaea.”9
Le hoja Lipaki tsa Jehova li hana mali ka mabaka a bolumeli, bakuli ba bangata bao e seng Lipaki ba khetha ho qoba mali ka lebaka la likotsi tse kang AIDS, lefu la sebete leo e seng la mofuta oa A, kapa oa B, le ho senyeha ha boitšireletso ba ’mele mafung. Re ka ’na ra ba bolella maikutlo a rōna mabapi le hore na likotsi tse joalo li bonahala li fokola ha li bapisoa le melemo kapa che. Leha ho le joalo, joalokaha American Medical Association e bontša, mokuli ke “eena oa ho qetela ea nang le matla a ho etsa qeto ea hore na o tla leka phekolo kapa tšebetso ea ho buuoa tseo ngaka e li khothalletsang kapa hore na o tla ipeha kotsing ea ho phela ka ntle ho tsona. Ena ke tokelo ea tlhaho ea motho ka mong, eo molao o e hlokomelang.”10
Ha a bua ka sena, Macklin11 o ile a hlahisa taba ea likotsi kapa melemo mabapi le Paki e ’ngoe “e ileng ea ipeha kotsing ea ho tsoa mali ho fihlela e shoa e sa tšeloa mali.” Seithuti se seng sa phekolo ea meriana se ile sa re: “Kelello ea eona e ne e sebetsa hantle. Ke eng seo u ka se etsang ha litumelo tsa bolumeli li le khahlanong le mohloli o le mong feela oa phekolo?” Macklin o ile a beha mabaka ka tsela ena: “Re ka ’na ra lumela ka tieo hore motho enoa o etsa phoso. Empa Lipaki tsa Jehova li lumela hore ho tšeloa mali . . . ho [ka] fella ka ho ahloleloa timetso ea ka ho sa feleng. Phekolong ea meriana re koetlisetsoa ho etsa litlhahlobisiso tsa likotsi le melemo empa ha u bapisa ho ahloleloa timetso ea ka ho sa feleng le hore motho a tsoele pele ho phela lefatšeng, tlhahlobisiso eo e ba le pono ea litaba e fapaneng.”11
Tokollong ena ea Journal Vercillo le Duprey12 ba bua ka nyeoe ea In re Osborne ho totobatsa thahasello ea ho tiisa hore baphelisuoa ba tla fumana tšireletseho, empa nyeoe eo e ile ea rarolloa joang? E ne e ama ntat’a bana ba babeli ba sa ntsaneng ba le tlaase lilemong ea neng a tsoile kotsi e mpe haholo. Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore haeba a ka shoa, beng ka eena ba ne ba tla hlokomela bana ba hae nameng le moeeng. Kahoo, joaloka linyeoeng tse ling tsa morao-rao,13 lekhotla ha lea ka la fumana tokelo ea ’muso e tlamang e lokafatsang ho tlōla khetho ea mokuli ea phekolo; ho ne ho sa hlokahale hore lekhotla le kenelle ka ho fana ka tumello ea phekolo eo mokuli a sa e batleng.14 Mokuli eo o ile a fola ha a fuoa phekolo e ’ngoe ’me a tsoela pele ho hlokomela lelapa la hae.
Na hase ’nete hore maemo a mangata haholo ao lingaka li ileng tsa thulana le ’ona, kapa ao mohlomong li tla thulana le ’ona, li ka sebetsana le ’ona ka ntle ho mali? Seo re ithutileng sona le seo re se tsebang hamolemo ka ho fetisisa se amana le mathata a phekolo ea meriana, empa bakuli ke batho bao litekanyetso tseo ba li nkang e le tsa bohlokoa le lipakane tsa bona li ke keng tsa hlokomolohuoa. Ba tseba hamolemo ka ho fetisisa hore na ho bona ke lintho life tse tlang pele, litekanyetso tsa bona tsa se nepahetseng le se fosahetseng le matsoalo a bona, e leng ho etsang hore bophelo ba bona bo be le morero.
Ho hlompha letsoalo la bakuli ba Lipaki la bolumeli ho ka ’na ha phephetsa mekhoa ea rōna ea botsebi. Empa ha re tobana le phephetso ena, re hatisa litekanyetso tsa bohlokoa tsa tokoloho tseo kaofela ha rōna re li nkang e le tsa bohlokoahali. Joalokaha John Stuart Mill ka nepo a ngotse: “Ka kakaretso, ha ho sechaba se lokolohileng, haeba har’a sona litekanyetso tsena tsa tokoloho li sa hlonepshoe, ho sa tsotellehe hore na se na le puso ea mofuta ofe . . . Motho ka mong ke eena mohlokomeli ea tšoanelehang oa bophelo ba hae, e-bang ke bophelo ba ’mele, kapa ba kelello le ba moea. Batho ba fumana molemo o moholo ka ho bontša mamello e mong ho e mong e le hore ba phele kamoo bona ba bonang ho le molemo hore ba phele ka teng, ho e-na le ho susumelletsa e mong le e mong hore a phele kamoo ba bang kaofela ba bonang ho le molemo hore a phele ka teng.”15
SEHLOMATHISO
1. Appelbaum PS, Roth LH: Bakuli ba hanang phekolo lipetleleng tsa phekolo ea meriana. JAMA 1983; 250:1296-1301.
2. Macklin R: Tšebetso e ka hare ea komiti ea litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro: Ntoa ea morao-rao mabapi le Lipaki tsa Jehova. Hastings Cent Rep 1988; 18(1):15-20.
3. Bouvia v Superior Court, 179 Cal App 3d 1127, 225 Cal Rptr 297 (1986); In re Brown, 478 So 2d 1033 (Miss 1985).
4. In re Storar, 438 NYS 2d 266, 273, 420 NE 2d 64, 71 (NY 1981).
5. Rivers v Katz, 504 NYS 2d 74, 80 n 6, 495 NE 2d 337, 343 n 6 (NY 1986).
6. Dixon JL, Smalley MG: Lipaki tsa Jehova. Phephetso ea ho buuoa kapa ea litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro. JAMA 1981; 246:2471-2472.
7. Kambouris AA: Litšebetso tse khōlō tsa ho buoa mpa tse entsoeng ho Lipaki tsa Jehova. Am Surg 1987; 53:350-356.
8. Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood. Brooklyn, NY, Watchtower Bible and Tract Society, 1977, maq 1-64.
9. Mopapa o nyatsa lithibelo tse matla tsa Poland. NY Times, January 11, 1982, leq A9.
10. Ofisi ea Boeletsi bo Akaretsang: Medicolegal Forms with Legal Analysis. Chicago, American Medical Association, 1973, leq 24.
11. Kleiman D: Rafilosofi oa sepetlele o loantša liqeto tsa bophelo. NY Times, January 23, 1984, maq B1, B3.
12. Vercillo AP, Duprey SV: Lipaki tsa Jehova le tšelo ea lihlahisoa tsa mali. NY State J Med 1988; 88:493-494.
13. Wons v Public Health Trust, 500 So 2d 679 (Fla Dist Ct App) (1987); Randolph v City of New York, 117 AD 2d 44, 501 NYS 2d 837 (1986); Taft v Taft, 383 Mass 331, 446 NE 2d 395 (1983).
14. In re Osborne, 294 A 2d 372 (DC Ct App 1972).
15. Mill JS: Taba ea tokoloho, ho Adler MJ (ed): Great Books of the Western World. Chicago, Encyclopaedia Britannica, Inc, 1952, buka ea 43, leq 273.