Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 1—Ho Etela Naha e Tšepisitsoeng
Libaka tsa naha, libopeho tsa eona tse bonahalang, lithaba tsa eona le lithota, linōka tsa eona le matša, le boemo ba eona ba mohatsela le mofuthu, mobu, le limela tsa eona tse sa tšoaneng.
1. (a) Ke hobane’ng ha lebitso “Naha e Tšepisitsoeng” e le le loketseng haholo? (b) Re ka nahana ka tebello efe e khanyang ha re hlahloba sebaka sa naha ena?
MEELI ea Naha e Tšepisitsoeng ea boholo-holo e ne e hlonngoe ke Jehova Molimo. (Ex. 23:31; Num. 34:1-12; Josh. 1:4) Ka makholo a mangata a lilemo ba bang ba ne ba bitsa sebaka sena naha ea Palestina, lebitso le nkiloeng ho Palaestina ea Selatine le Pa·lai·stiʹne Segerikeng. Lebitso lena la bobeli le nkuoe ho Peleʹsheth ea Seheberu. Mangolong a Seheberu, Peleʹsheth e fetoletsoe e le “Filistia,” ’me e bolela sebaka sa Bafilista, bao e neng e le lira tsa batho ba Molimo. (Ex. 15:14) Leha ho le joalo, kaha Jehova o ne a tšepisitse Abrahama ea tšepahalang le litloholo tsa hae naha ena, lebitso “Naha e Tšepisitsoeng,” kapa “Naha ea Tšepiso,” ke le loketseng haholo. (Gen. 15:18; Deut. 9:27, 28; Ba-Heb. 11:9) Naha ena e hlokomeleha ka boemo ba eona bo sa tšoaneng ba kaheho, sebakeng sena se senyenyane ho na le litšobotsi tse ikhethang le tse sa tloaelehang tse fumanoang lefatšeng lohle. Haeba Jehova a ne a ka fana ka lefa ho lipaki tsa hae tsa boholo-holo joaloka naha e tšepisitsoeng ka botle ba eona bohle bo sa tšoaneng, ka hona kannete o tla nea barapeli ba hae ba inehetseng lefatše la paradeise le lecha le khanyang le tlang ho atolohela lefatšeng ka bophara, ’me lithaba, lithota, linōka, le matša, li tla ba tlisetsa thabo. Ka hona a ke re lebiseng tlhokomelo libopehong tsa Naha e Tšepisitsoeng, joalokaha re nka leeto le inahaneloang.a
BOHOLO BO AKARETSANG
2. Bajode ba ile ba aha karolong e kae ea Naha e Tšepisitsoeng, le sebakeng sefe se eketsehileng?
2 Ho ea ka meeli ea eona e fanoeng ke Molimo joalokaha ho boletsoe ho Numere 34:1-12, naha e tšepisitsoeng Baiseraele e ne e tla ba sebaka se mochoporo. E ne e tla ba lik’hilomithara tse 480 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa le lik’hilomithara tse 56 bophara, ka karolelano. Ebile feela nakong ea puso ea Morena Davida le Morena Salomone moo sebaka sohle sa naha e tšepisitsoeng se neng se kenoe ke masole, ’me bafo ba bangata ba beiloe tlas’a taolo. Leha ho le joalo, karolo eo Bajode ba neng ba lutse ho eona e hlalosoa e le ho tloha Dane ho isa Beerseba, e leng sebaka sa lik’hilomithara tse 240 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa. (1 Mar. 4:25) Sebaka sa ho haola le naha ho tloha Thabeng ea Karmele ho isa Leoatleng la Galilea e ne e le lik’hilomithara tse 51, ’me ka boroa moo lebopo la leoatle la Mediterranean butle-butle le etsang kou ho leba ka boroa bo ka bophirimela, ke lik’hilomithara tse 80 ho tloha Gaza ho isa Leoatleng le Shoeleng. Sebaka sena se ka bophirimela ho Nōka ea Jordane se boholo bo lekanang ka mahlakore ’ohle ka lik’hilomithara tse 15 000 feela. Leha ho le joalo, ho ekelletsa moo Baiseraele ba ne ba ahile linaheng tse ka bochabela ho Jordane (linaha tse neng li sa kopanyelletsoa meeling ea tšimolohong ea naha e tšepisitsoeng), hoo ho etsa kakaretso ea sebaka se ahiloeng ho ba sa boholo bo lekanang ka mahlakore ’ohle, sa lik’hilomithara tse ka tlaase ho 26 000.
LIBAKA TSA TLHAHO
3. U sebelisa ’mapa “Libaka tsa Tlhaho tsa Naha e Tšepisitsoeng” hammoho le serapa, hakhutšoanyane khetholla libaka tse akarellelitsoeng likarolong tse latelang tse arotsoeng ka tlhaho tsa naha: (a) lithota tse ka bophirimela ho Jordane, (b) libaka tse lithaba tse ka bophirimela ho Jordane, (c) lithaba le lihlaba tse ka bochabela ho Jordane.
3 Leeto la rōna Naheng e Tšepisitsoeng le tla re isa likarolong tse latelang tsa tlhaho tsa naha ena. Kemiso e thathamisitsoeng mona e fana ka thuso ho utloisisa ’mapa o kentsoeng mona, o bontšang meeli e lekantsoeng ea libaka tseo ho buuoang ka tsona.
Libaka tsa Naha
A. Lebopo la Leoatle le Leholo.—Josh. 15:12.
B. Lithota tse ka Bophirimela ho Jordane
1. Thota ea Asere.—Baahl. 5:17.
2. Sebaka se Lebopong la Leoatle sa Dore.—Josh. 12:23.
3. Makhulo a Sarone.—1 Likron. 5:16.
4. Thota ea Filista.—Gen. 21:32; Ex. 13:17.
5. Thota e Bohareng ea Bochabela-Bophirimela
a. Thota ea Megiddo (Esdraelone).—2 Likron. 35:22.
b. Lehoatata la Jizreele.—Baahl. 6:33.
C. Libaka tse Lithaba tsa Bophirimela ba Jordane
1. Maralla a Galilea.—Josh. 20:7; Esa. 9:1.
2. Maralla a Karmele.—1 Mar. 18:19, 20, 42.
3. Maralla a Samaria.—Jer. 31:5; Amose 3:9.
4. Shefela.—Josh. 11:2, NW; Baahl. 1:9, NW.
5. Naha e Maralla ea Juda.—Josh. 11:21.
6. Lefeella la Juda (Jeshimone).—Baahl. 1:16; 1 Sam. 23:19, NW.
7. Negebe.—Gen. 12:9, NW; Num. 21:1, NW.
8. Lefeella la Parane.—Gen. 21:21; Num. 13:1-3.
D. Arabah e Khōlō (Khohlo).—2 Sam. 2:29, NW; Jer. 52:7, NW.
1. Sekhutlo sa Hula
2. Sebaka se Potolohileng Leoatle la Galilea.—Matt. 14:34; Joh. 6:1.
3. Setereke sa Khohlo ea Jordane (Ghor).—1 Mar. 7:46;
4. Leoatle la Letsoai (le Shoeleng) (Leoatle la Arabah).—Num. 34:3;
Deut. 4:49, NW; Josh. 3:16, NW.
5. Arabah (ho elella ka boroa ho tloha Leoatleng la Letsoai).—Deut. 2:8, NW.
E. Lithaba le Lihlaba tse ka Bochabela ho Jordane.
1. Naha ea Bashane.—1 Likron. 5:11; Pes. 68:15.
2. Naha ea Gileade.—Josh. 22:9.
3. Naha ea Ammone le Moabe.—Josh. 13:25; 1 Likron. 19:2;
4. Sehlaba se Lithaba sa Edomo.—Num. 21:4; Baahl. 11:18.
F. Lithaba tsa Lebanone.—Josh. 13:5.
A. LEBOPO LA LEOATLE LE LEHOLO
4. Libopeho le boemo ba mofuthu le mohatsela tsa lebopo la leoatle bo joang?
4 Ho qala leeto la rōna ho tloha ka bophirimela, re bona pele lebopo le pharallang le Mediterranean e ntle, e putsoa. Ka baka la litutulu tsa lehlabathe, kou feela e ntle ea tlhaho e ka tlaase ho Thaba ea Karmele ke ea Joppa; empa ka leboea ho Karmele ho na le likou tse ’maloa tse ntle tsa tlhaho. Bafenisia, ba neng ba lula naheng eo haufi le karolo ena ea lebopo, ba ne ba tumme ka ho ba basesisi. Ka karolelano mofuthu ka selemo haufi le lebopo lena nakong eo letsatsi le chabileng hantle ke 19o C., le hoja linakong tsa lehlabula ho chesa haholo, ka karolelano mocheso motšehare o ka fihla ho 34o C. sebakeng sa Gaza.
B-1 THOTA EA ASERE
5, 6. Hakhutšoane hlalosa (a) Thota ea Asere, (b) mochophoro oa lebopo la Dore.
5 Thota ena e lebopong e atolohela leboea ho tloha Thabeng ea Karmele ka lik’hilomithara tse ka bang 40. Bophara bo boholo ba eona e ka ba lik’hilomithara tse 13, ’me ke karolo ea naha e neng e abetsoe moloko oa Asere. (Josh. 19:24-30) E ne e le thota e mochophoro e nang le mobu o nonneng ’me e bea hantle, e ne e hlahisa lijo bakeng sa tafole ea borena ea Salomone.—Gen. 49:20; 1 Mar. 4:7, 16.
B-2 MOCHOPHORO O LEBOPONG LA DORE
6 Mochophoro ona oa naha o bōpa moeli oa Mokoloko oa Lithaba tsa Karmele ka lik’hilomithara tse ka bang 32. Bophara ba oona e ka ba lik’hilomithara tse ’ne feela. Ha e le hantle ke ona mochophoro oa naha e lebopong o pakeng tsa Karmele le Mediterranean. Ka karolong ea oona e ka boroa, ho na le motse oa kou oa Dore, ’me ho ea ka boroa ho oona, ho qala litutulu tsa lehlabathe. Maralla a leng ka morao ho Dore a ne a bea lijo tse ikhethileng bakeng sa mekete ea lijo ea Salomone. Morali e mong oa Salomone o ne a nyetsoe ke letona le tsoang sebakeng sena.—1 Mar. 4:7, 11.
B-3 MAKHULO A SHARONE
7. (a) Sharone e bitsoa joang boprofeteng, hona hobane’ng? (b) Mehleng ea Baheberu sebaka sena se ne se sebelisetsoa eng?
7 Ka baka la botle boo ho buuoang ka bona hohle ba lipalesa tsa oona, ke ho loketseng hore Sharone e boleloe ponong ea boprofeta ea Esaia e mabapi le naha e tsosolositsoeng ea Iseraele. (Esa. 35:2) Ena ke naha e nang le mobu o nonneng, e noselitsoeng hantle. Ke thota e ka bang bophara ba lik’hilomithara tse 16 ho ea ho tse 19 ka ho fapana, e bolelele ba lik’hilomithara tse 64 ho elella ka boroa ho mochophoro oa lebopo la Dore. Nakong ea Baheberu meru ea lifate tsa eike e ne e metse ka karolong e ka leboea ho Sharone. Mehlape e mengata e ne e fula moo ka mor’a hore lijo-thollo li heloe. Ke ka lona lebaka lena e neng e bitsoa makhulo a Sharone. Mehleng ea Morena Davida, mehlape ea borena e ne e bolokoa Sharone. (1 Likron. 27:29) Kajeno ho ka fumanoa lihlopha tse ngata tsa lifate tsa mofuta oa lamunu sebakeng sena.
B-4 THOTA EA FILISTA
8. Thota ea Filista e hokae, ’me likarolo tsa eona ke life?
8 Karolo ena ea naha e ka boroa ho makhulo a Sharone, e atoloha ka lik’hilomithara tse 80 ho iphaphatha le leoatle le ho kenella hare ho naha ka lik’hilomithara tse 24. (1 Mar. 4:21) Ka linako tse ling litutulu tsa lehlabathe lebopong li kenella ka lik’hilomithara tse tšeletseng. Thota ena e sarolohang, e na le moepa o tlohang limithareng tse 30 ho isa ho limithara tse 200 ka mor’a Gaza ka boroa. Mobu o nonne; empa ha ho na pula e ngata haholo, ’me ka mehla ho na le kotsi ea komello.
B-5 PHULA E BOHARENG EA BOCHABELA-BOPHIRIMELA
9. (a) Ke likarolo life tse peli tse bōpang thota e bohareng ea bochabela bo ka bophirimela, ’me e ne e na le molemo ofe o sebetsang? (b) Ka ho sebelisa litšoantšo tsa “Likarolo tse Tšoanang tsa Naha e Tšepisitsoeng,” hlalosa ka kakaretso sebopeho sa sebaka sena.
9 Phula e bohareng ea bochabela-bophirimela ha e le hantle e etsoa ke likarolo tse peli, Phula e Batalletseng ea Megiddo, kapa Esdraelone, ka bophirimela, le Lesabasaba la Jizreele ka bochabela. (2 Likron. 35:22; Baahl. 6:33) Phula ena kaofela e bohareng e ne e fana ka tsela e bonolo ea ho haola naha ho tloha khohlong ea Jordane ho ea Lebopong la Mediterranean, ’me e ile ea fetoha tsela ea bohlokoa ea khoebo. Thota ea Megiddo e monngoa ke khohloana e phuleng ea Kishone, e phallang pakeng tsa Thaba ea Karmele le maralla a Galilea ho kena Thoteng ea Asere ’me ho tloha moo e leba Mediterranean. Molatsoana ona o itekanetseng o-oa psha likhoeling tsa lehlabula, empa ka linako tse ling oa tlala e be nōkana e phoroselang.—Baahl. 5:21.
10. (a) Hlalosa Lesabasaba la Jizreele. (b) Sebaka sena se amana le liketsahalo life tsa Bibele?
10 Lesabasaba la Jizreele le monya metsi ka boroa bo ka bochabela ho ea Jordane. Phula ena, Lesabasaba la Jizreele, e ka ba bophara ba lik’hilomithara tse 3,2 le bolelele ba lik’hilomithara tse 19. Ho tloha bophahamong ba limithara tse 90 e theohela kapele limithareng tse 120 ka tlaase ho bophahamo ba leoatle haufi le Beth-sheane. Karolo eohle ea thota e bohareng e na le mobu o nonneng haholo, karolo ea Jizreele e le e nonneng haholo naheng eohle. Jizreele ka boeona e bolela “Molimo o Tla Jala Peō.” (Hos. 2:22, NW) Mangolo a bua ka ho thahasellisang le ka botle ba setereke sena. (Gen. 49:15) Bobeli Megiddo le Jizreele e ne e le libaka tse botleng bakeng sa lintoa tse ileng tsa loanoa ke Baiseraele le lichaba tse ka mathoko, ’me ke mona moo Barake, Gideone, Morena Saule, le Jehu ba loanneng lintoa tsa bona.—Baahl. 5:19-21; 7:12; 1 Sam. 29:1; 31:1, 7; 2 Mar. 9:27.
C-1 MARALLA A GALILEA
11, 12. (a) Galilea e ile ea hlahella hakae tšebeletsong ea Jesu, ’me ke bo-mang ba neng ba hlaha seterekeng sena? (b) Bontša phapang bakeng tsa Galilea e Tlaase le Galilea e Ka holimo.
11 E ne e le karolong e ka boroa ea maralla a Galilea (le ho potoloha Leoatle la Galilea) moo Jesu a ileng a etsa karolo e khōlō ea mosebetsi oa hae oa ho pakela lebitso la Jehova le ’Muso oa hae. (Matt. 4:15-17; Mar. 3:7) Balateli ba bangata ba Jesu, ho akarelletsa le baapostola ba tšepahalang ba 11, ba ne ba tsoa Galilea. (Lik. 2:7) Seterekeng sena, seo ka linako tse ling se bitsoang Galilea e Tlaase, naha e ntle ka sebele, maralla a eona ha a fete bophahamo ba limithara tse 600. Ho tloha nakong ea hoetla ho fihla ho ea selemo, ha ho khaello ea pula naheng ena e ntle, ’me ka hona hase sebaka se lehoatata. Nakong ea selemo methipoloha eohle ea maralla e aparetsoe ke lipalesa, ’me phuleng e ’ngoe le e ’ngoe ho na le lijo-thollo tse nonneng. Sehlabeng se senyenyane, ho na le mobu o nonneng bakeng sa temo, ’me maralla a matle bakeng sa ho lema lifate tsa mohloare le merara. Metse e meholo e tsebisahalang ea Bibele sebakeng sena ke Nazaretha, Kana, le Naine. (Matt. 2:22, 23; Joh. 2:1; Luka 7:11) Tikoloho ena e tletseng ka boitsebiso e ile ea neha Jesu setšehetso sa ho etsa lipapiso tsa hae.—Matt. 6:25-32; 9:37, 38.
12 Karolong e ka leboea, kapa Galilea e Kaholimo, maralla a phahame ho feta limithara tse 1 100, ha e le hantle, a fetoha mosiko oa Lithaba tsa Lebanone. Galilea e Kaholimo e phahame ’me e na le lifefo tse ngata, ’me pula ea teng e ngata haholo. Mehleng ea Bibele mothipoloha oa eona ka bophirimela o ne o e-na le meru e teteaneng. Sebaka sena se ne se abetsoe moloko oa Nefthali.—Josh. 20:7.
C-2 MARALLA A KARMELE
13. (a) Ha e le hantle Karmele ke eng? (b) Ho boleloa eng ka eona ka Bibeleng?
13 Letsatsa la Thaba ea Karmele le hlahella ka tsela e bonahalang Leoatleng la Mediterranean. Ha e le hantle Karmele ke mokoloko oa maralla, o ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 48, o phahama ka limithara tse 545 kaholimo ho leoatle. O tloha maralleng a Samaria ho ea Mediterranean, ’me letsatsa la eona, le bopang karolo e khōlō e phahameng qetellong ka leboea le ka bophirimela, le letle ka mokhoa o ke keng oa lebaloa. (Sefela 7:5) Lebitso Karmele le bolela “Serapa sa Lifate tsa Litholoana,” le tšoanela hantle karolo ea eona e phahameng e nang le mobu o nonneng, e nang le lirapa tse tummeng tsa merara le litholoana le lifate tsa mohloare. Esaia 35:2 e e sebelisa joaloka setšoantšo sa khanya e behang ea lefatše le tsosolositsoeng la Iseraele: ‘A fuoa khanya le menono ea Karmele.’ Ke mona moo Elia a ileng a phephetsa baprista ba Baale ’me “mollo oa Jehova oa theohela” teng e le bopaki ba boholo ba Hae, ’me ebile ho tsoa tlhōrōng ea Karmele moo Elia a ileng a ba hlokomelisa lerunyana le ileng la fetoha pula e tšolohang ka bongata, ka hona ka tsela ea mohlolo ea felisa komello Iseraeleng.—1 Mar. 18:17-46.
C-3 MARALLA A SAMARIA
14. Ke meloko efe e ileng ea lula maralleng a Samaria, ’me sebaka sena se loketse lijo-thollo tsa mofuta ofe?
14 Karolo e ka boroa ea sebaka sena ke e maralla haholoanyane, e phahamela ka holimo ho limithara tse 900 ka bochabela. (1 Sam. 1:1) Sebakeng sena, ho na le pula e ngata le eo ho ka tšepeloang ho eona ho feta Juda ka boroa. Sebakeng sena ho ile ha lula bana ba Efraime, mora e monyenyane oa Josefa. Karolo e ka leboea ea sebaka sena, e neng e abetsoe halofo ea moloko oa Manasse, mora e moholo oa Josefa, e ne e le sekhutlong le lithoteng tse nyenyane tse potolohiloeng ke maralla. Karolo e phahameng ea sebaka sena ha e na mobu o nonneng hakaalo, le hoja ho na le masimo a merara le lifate tsa mohloare, tse bileng teng ka baka la temo ea makorota mosikong oa maralla. (Jer. 31:5) Leha ho le joalo, karolo e khōlō sekhutlong sena e molemo bakeng sa ho lema lijo-thollo le temo ka kakaretso. Mehleng ea Bibele metse e mengata e ne e akarelletsa sebaka sena. Nakong ea ’muso o ka leboea, Manasse o ne a hlokomela ka lintho tse hlokahalang metse-moholo ena e meraro e hlahlamanang—Sikeme, Tirza, le Samaria—’me sebaka sohle sa bitsoa Samaria, se rehelletsoe ka motse-moholo.—1 Mar. 12:25; 15:33; 16:24.
15. (a) Tlhohonolofatso ea Moshe ho Josefa e ile ea phethahatsoa joang sebakeng sa Samaria? (b) Sebaka sena se ile sa hlohonolofatsoa joang ka ho tsoelang pele nakong ea Jesu?
15 Ho hlohonolofatsoa ha Josefa ke Moshe ka sebele ho ile ha phethahatsoa naheng ena. “Josefa, a re: Naha ea hae e tla hlohonolofatsoa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa maholimo, ka phoka, . . . le ka tse monate tse melisoang ke letsatsi, le ka tse monate tse melang ka likhoeli tsohle; le ka tse molemo tsa lithaba tsa khale, le ka tsa bohlokoa tsa maralla a ka mehla.” (Deut. 33:13-15) E, ena e ne e le naha e ntle. Lithaba tsa eona li ne li e-na le meru e teteaneng, liphula tsa eona li ne li beha haholo, ’me e ne e tletse metse e atlehang le e nang le baahi ba lekaneng. (1 Mar. 12:25; 2 Likron. 15:8) Hamorao Jesu o ile a bolela naheng ea Samaria, joalokaha ho entse barutuoa ba hae, ’me Bokreste ba fumana batšehetsi ba bangata moo.—Joh. 4:4-10; Lik. 1:8; 8:1, 14.
C-4 SHEFELA
16. (a) Shefela e khetholleha ka eng? (b) Setereke sena se ne se e-na le bohlokoa bofe mehleng ea Bibele?
16 Le hoja lebitso Shefela le bolela “Naha e Tlaase,” ha e le hantle ke sebaka se maralla se fihlang bophahamong ba limithara tse ka bang 450 karolong e ka boroa ’me se arotsoe ke liphula tse tloaelehileng tse tsoang ka bochabela li leba ka bophirimela. (2 Likron. 26:10) E phahama ka bochabela ho thota e lebopong ea Filista ’me e ka talingoa e le naha e tlaase ha e bapisoa le maralla a e phahametseng a Juda ho elella hōle ka bochabela. (Josh. 12:8) Maralla a eona, a neng a koahetsoe ke lifate tsa sykamore, joale a tšehelitse masimo a merara le a lifate tsa mehloare. (1 Mar. 10:27) E ne e na le metse e mengata. Historing ea Bibele e ne e sebeletsa e le sebaka sa tšireletso pakeng tsa Baiseraele le Bafilista kapa khahlanong le lira leha e le life tse neng li ka hlasela li leka ho kena Juda ho tsoa ka lehlakoreng la thota e lebopong.—2 Mar. 12:17; Obad. 19.
C-5 NAHA E MARALLA EA JUDA
17. (a) Mehleng ea Bibele naha e maralla ea Juda e ne e beha hakae, ’me ho thoe’ng kajeno? (b) Juda e ne e talingoa e le sebaka se molemo bakeng sa eng?
17 Sena ke sebaka se phahameng se mafika se bolelele ba lik’hilomithara tse 80 le se bophara bo ka tlaase ho lik’hilomithara tse 32, ka ho fapana se phahame ka lik’hilomithara tse 600 ho ea ho tse 1 000 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Mehleng ea Bibele sebaka sena se ne se koahetsoe ke lifate, ’me ka ho khethehileng lehlakoreng le ka bophirimela, maralla le liphula li ne li tletse ka masimo a lijo-thollo, lifate tsa mohloare, le masimo a merara. Setereke sena se ne se hlahisetsa Baiseraele lijo-thollo tse ntle tse ngata, oli, veine. Haholo-holo sebaka se potolohileng Jerusalema se ile sa rengoa lifate tse ngata haholo haesale ho tloha mehleng ea Bibele ’me ka hona se bonahala se le feela ha se bapisoa le kamoo se neng se le ka teng. Mariha, lehloa ka linako tse ling le khetheha libakeng tse phahameng tse leng bohareng, joaloka Bethlehema. Mehleng ea boholo-holo Juda e ne e talingoa e le sebaka se setle bakeng sa metse le liqhobosheane, ’me linakong tsa litsietsi batho ba ne ba balehela lithabeng tsena bakeng sa polokeho.—2 Likron. 27:4.
18. (a) Ke neng Jerusalema e ileng ea fetoha motse-moholo oa Iseraele le oa Juda? (b) Litšobotsi tse ling tse thahasellisang tsa motse ke life?
18 Karolo e hlahelletseng historing ea Juda le Iseraele ke Jerusalema, eo hape e neng e bitsoa Sione, e rehelletsoeng ka motse-moholo oa eona. (Pes. 48:1, 2) Tšimolohong e ne e le motse oa Bakanana oa Jebuse, o neng o okametse mateano a Phula ea Hinnome le Phula ea Kidrone. Ka mor’a hore Davida a o hape le ho o etsa motse-moholo, o ile oa atolosetsoa ka leboea-bophirimela, ’me qetellong oa koahela hape le Phula ea Tyropoeone. Hamorao Phula ea Hinnome ea bitsoa Gehenna. Kahobane Bajode ba ne ba etsetsa mahlabelo a litšoantšo moo, e ile ea boleloa ka ho toba e le litšila ’me ea fetoha sebaka sa ho lahlela litšila le litopo tsa batlōli ba molao ba khopo. (2 Mar. 23:10; Jer. 7:31-33) Ka hona, mollo oa eona o ile oa fetoha letšoao la timetso ea ka ho sa feleng. (Matt. 10:28; Mar. 9:47, 48) Jerusalema e ne e kha metsi a fokolang haholo Letamong la Siloame, le ka bophirimela ho Phula ea Kidrone, ’me Ezekiase o ile a le sireletsa ka ho haha lerako le kantle ho le boloka ka hare ho motse.—Esa. 22:11; 2 Likron. 32:2-5.
C-6 LEFEELLA LA JUDA (JESHIMONE)
19. (a) Jeshimone e tšoanela lebitso la eona joang? (b) Ke liketsahalo life tsa Bibele tse etsahetseng sebakeng sena?
19 Jeshimone ke lebitso la Bibele bakeng sa Lefeella la Juda. Le bolelang “Lehoatata.” (1 Sam. 23:19, NW mongolo o leng botlaaseng ba leqephe) Lebitso leo ke le hlalosang le le tšoanelehang hakaakang! Lefeella lena le na le methipoloha e matsaranka ka bochabela, ea maralla a nyopileng a Judea a majoe a mokoetla, le theoha bophahamong ba limithara tse 900 lik’hilomithareng tse 24 ha le atamela Leoatle le Shoeleng, moo ho nang le lebota la lilomo tse matsutla-tsutla. Ha ho na metse e meholo ’me ke matlo a ’maloa a fumanoang Jeshimone. Ebile lefeelleng lena la Juda moo Davida a ileng a balehela teng a baleha Morena Saule, e ne e le pakeng tsa lefeella lena le Jordane moo Johanne Mokolobetsi a ileng a bolela, ’me e ne e le sebakeng sena moo Jesu a ileng a ea le ho itima lijo ka matsatsi a 40 ho sona.b—1 Sam. 23:14; Matt. 3:1; Luka 4:1.
C-7 NEGEBE
20. Hlalosa Negebe.
20 Negebe e ka boroa ho maralla a Juda, moo mopatriareka Abrahama le Isaaka ba ileng ba lula ka lilemo tse ngata. (Gen. 13:1-3; 24:62) Hape Bibele e bolela ka karolo e ka boroa ea sebaka sena e le ‘lefeella la Tsine.’ (Josh. 15:1) Negebe e batla e le sebaka se ommeng ’me e namme ho tloha seterekeng sa Beerseba ka leboea ho ea Kadeshe-Barnea ka boroa. (Gen. 21:31; Num. 13:1-3, 26; 32:8) Naha ena e hehlemela ho tloha maralleng a Juda ka mokoloko oa matsatsa, a theohelang ka bochabela le ka bophirimela, sena se fana ka tšireletso ea tlhaho khahlanong le sephethe-phethe kapa tlhaselo e tsoang ka boroa. Karolo e ka bochabela ho Negebe e khaotsa ho ba maralla, e fetoha thota ea lefeella ka bophirimela, ho sika le lebopo la leoatle. Nako ea selemo e fihlela naha ena e omme joaloka lehoatata ka ntle feela ho liphula tse nang le linōkana tse haufi tse itseng tse nang le pula. Leha ho le joalo, metsi a fumanoa ka ho cheka seliba. (Gen. 21:30, 31) Naha ea kajeno ea Iseraele e sebelisa mokhoa oa ho nosetsa le ho ntlafatsa likarolo tsa Negebe. ‘Nōka ea Egepeta’ e tšoaea moeli oa Negebe ka boroa-bophirimela ha esita le ho ba karolo ea moeli o ka boroa oa Naha e Tšepisitsoeng.—Gen. 15:18.
C-8 LEFEELLA LA PARANE
21. Parane e hokae, ’me e bile le karolo efe historing ea Bibele?
21 Ka boroa ho Negebe le ho hlahella Lefeelleng la Tsine ke moo ho namileng Lefeella la Parane. Ha Baiseraele ba tloha Sinai, ba ile ba feta lefeella lena ho ea Naheng ea bona e Tšepisitsoeng, ’me ke ho tsoa Parane moo Moshe a ileng a roma lihloela tse 12.—Num. 12:16–13:3.
D. ARABAH E KHŌLŌ (KHOHLO)
22. Ka ho sebelisa ’mapa o leng leqepheng la 272 le litšoantšo tse leqepheng 273, hammoho le serapa sena, ka bokhutšoaane hlalosa litšobotsi tsa Arabah (Khohlo) le kamano ea eona le sebaka se e potolohileng.
22 Libopeho tse ling tsa naha tse sa tloaelehang haholo mona lefatšeng ke Khohlo e khōlō. Bibeleng, karolo e parolang Naheng e Tšepisitsoeng ka lehare ho tloha ka leboea ho ea ka boroa e bitsoa “Arabah.” (Josh. 18:18, NW) Ho 2 Samuele 2:29 ho aroha hona ha lefatše ho hlalosoa e le lefaru. Ka boroa ho eona ke Thaba ea Hermone. (Josh. 12:1) Ho tloha mohatong oa Hermone, Khohlo, e hehlemela ka potlako ka boroa ho fihla ho limithara tse 800 ka tlaase ho bophahamo ba Leoatle le Shoeleng. Ho tloha qetellong e ka boroa ea Leoatle le Shoeleng, Arabah e tsoela pele, e phahama ka limithara tse fetang 200 ka holimo ho bophahamo ba leoatle pakeng tsa Leoatle le Shoeleng le Kou ea ‛Aqaba. Ho tloha moo e hehlemela ka potlako metsing a letabe ntlheng e ka bochabela ea Leoatle le Lefubelu. ’Mapa o kentsoeng mona o bontša kamano ea Khohlo le naha e e pota-potileng.
D-1 SEKHUTLO SA HULA
23. Sebaka sa Hula se ne se amana le eng mehleng ea Bibele?
23 Ho qala mosikong oa Thaba ea Hermone, Khohlo e hehlemela kapele ka limithara tse 490 ho ea sebakeng sa Hula, se ka bang bophahamong ba leoatle. Sebaka sena se noselitsoe hantle ’me se lula se le setle ka botala esita le likhoeling tse chesang tsa lehlabula. Ke sebakeng sena moo Badane ba ileng ba lula motseng oa bona oa Dane, o ileng oa sebeletsa e le setsi sa borapeli ho tloha mehleng ea baahloli ho fihlela mehleng ea ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele. (Baahl. 18:29-31; 2 Mar. 10:29) E ne e le Cesarea ea Filippi, motse o leng haufi le Dane ea boholo-holo, moo Jesu a ileng a tiisetsa barutuoa ba hae hore e ne e le Kreste, ’me ba bangata ba lumela hore e ne e le haufi le Thaba ea Hermone moo ho fetohela tšobotsing e khanyang ea leholimo ho ileng ha etsahala teng matsatsi a tšeletseng hamorao. Ho tloha Hula, Khohlo e theohela Leoatleng la Galilea, e leng ka tlase ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse 210.—Matt. 16:13-20; 17:1-9.
D-2 SEBAKA SE POTILENG LEOATLE LA GALILEA
24. (a) Leoatle la Galilea le bitsoa ka mabitso afe a mang ka Bibeleng? (b) Mehleng ea Jesu tikoloho ea lona e ne e le joang?
24 Leoatle la Galilea le mathoko a lona li ntle haholo.c Thahasello sebakeng sena e hōlisoa ke lebaka la hore liketsahalo tse ngata tsa tšebeletso ea Jesu li bile sebakeng sena. (Matt. 4:23) Leoatle lena le boetse le bitsoa Letša la Genezarethe, kapa Kinnerethe, le Leoatle la Tiberiase. (Luka 5:1; Josh. 13:27; Joh. 21:1) Ha e le hantle ke letša le sebopehong sa pelo, le ka ba bolelele ba lik’hilomithara tse 21 le bophara ba lik’hilomithara tse 11 ntlheng ea lona e pharalletseng haholo, ’me ke lona sebaka sa polokelo ea metsi sa bohlokoa naheng eohle. Le koahetsoe ke maralla hoo e ka bang ka mahlakoreng ’ohle. Botlaase ba letša lena e ka ba limithara tse 210 ka tlase ho bophahamo ba leoatle, ’me hona ho hlahisa mariha a monate, a futhumetseng, le lehlabula le lelelele haholo, le chesang. Mehleng ea Jesu, sena e ne e le sebaka se tsoetseng pele haholo sa khoebo ea ho tšoasa litlhapi, ’me metse e atlehileng ea Korazine, Bethsaida, Kapernauma, le Tiberiase e ne e le lebopong la letša lena kapa haufi le lona. Khotso ea letša lena e ka sitisoa kapele ke pula e nang ka sefefo. (Luka 8:23) Thota e nyenyane ea Genezarethe, e sebopehong sa likhutlo tse tharo, e sebakeng se ka leboea le ka bophirimela ho letša lena. Mobu o nonne, o hlahisa hoo e ka batlang e le mofuta o mong le o mong oa lijo-thollo tse neng li tsejoa Naheng e Tšepisitsoeng. Nakong ea selemo methipoloha e metle e khanya ka tsela eo ho seng e e fetang naheng ea Iseraele.d
D-3 SETEREKE SA PHULA EA JORDANE (GHOR)
25. Likarolo tse khōlō tsa Phula ea Jordane ke life?
25 Phula ena eohle e theosang e kang khohloana e boetse e bitsoa “Arabah.” (Deut. 3:17, NW) Maarabia kajeno a e bitsa Ghor, ho bolelang “ho Kokobela.” Phula ena e qala Leoatleng la Galilea ’me e pharalletse—e ka ba lik’hilomithara tse 19 ka bophara libakeng tse ling. Nōka ea Jordane ka boeona e ka ba limithara tse 46 ka tlaase ho bophahamo ba thota e sabaletseng, e ntse e etsa matsoelintsoeke ka bolelele ba lik’hilomithara tse 320 ho koahela sebaka sa lik’hilomithara tse 105 ho kena Leoatleng le Shoeleng.e E loebehlana le ho theosa ka liphororo tse 27, ’me nakong eo e fihlang Leoatleng le Shoeleng e se e theohile ka limithara tse 180. Jordane e ka tlaase e etselitsoe moeli ke moru o teteaneng oa lifate le lihlahla, haholo-holo sykamora, oleandere, le meluoane, moo litau le malinyana a tsona a neng a lalla teng mehleng ea Bibele. Kajeno e tsejoa e le Zor ’me karolo e ’ngoe ea eona e ba le meroallo linakong tsa selemo. (Jer. 49:19) Lehlakoreng ka leng la mofero ona o mochophoro ho phahama Qattara, moeli o sa sireletsehang oa naha e lehoatata e sehlaba se senyenyane le methipoloha e arohaneng ho leba lithoteng tsa Ghor ka botsona. Lithota tse leng karolong e ka leboea ea Ghor, kapa Arabah, li lenngoe hantle. Esita le karolong e ka boroa, ho ea Leoatleng le Shoeleng, sehlaba sa Arabah, seo kajeno se omelletseng, ho boleloa hore ka nako e ’ngoe se ne se beha litholoana tsa palema, haesita le litholoana tse ngata tsa libakeng tse chesang. Jeriko e ne e le motse o tsejoang haholo oa Phula ea Jordane ’me ho sa le joalo.—Josh. 6:2, 20; Mar. 10:46.
D-4 LEOATLE LA LETSOAI (LE SHOELENG)
26. (a) Linnete tse ling tse hlokomelehang ka Leoatle le Shoeleng ke life? (b) Sebaka sena se fana ka bopaki bofe bo makatsang mabapi le likahlolo tsa Jehova?
26 Ana ke a mang a metsi a makatsang ka ho fetisisa lefatšeng. Ka ho loketseng a bitsoa a shoeleng, kahobane ha ho tlhapi e phelang ho oona ’me ha ho na semela leha e le sefe se setala lebopong la oona. Bibele e a bitsa Leoatle la Letsoai, kapa Leoatle la Arabah, kaha le khohlong ea Arabah. (Gen. 14:3; Josh. 12:3, NW) Leoatle lena le lekanyetsoa ho ba bolelele ba lik’hilomithara tse 75 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa le lik’hilomithara tse 15 bophara. Karolo ea lona e ka holimo e ka tlaase ho bophahamo ba Leoatle la Mediterranean ka limithara tse 400, hona ho le etsa sebaka se tlaase haholo lefatšeng. Karolong ea lona e ka leboea, le tebile ka limithara tse ka bang 400. Lehlakoreng ka leng, leoatle le kopelitsoe ke maralla a omelletseng le lilomo tse telele. Le hoja Nōka ea Jordane e tlisa metsi a macha, ha ho moo metsi a tsoang le teng ntle feela le hore a fetohe mouoane, e leng ntho e etsahalang kapele ha metsi a kena feela. Metsi a bokellaneng a na le karolo ea 25 lekholong ea thepa e qhibilihang, haholo-holo letsoai, ’me le chefu haholo litlhaping le ho etsa hore mahlo a batho a be bohloko. Batho ba etelang libaka tse potileng Leoatle le Shoeleng ba makatsoa haholo ke boemo ba ho lahloa le ba timetso bo bonoang moo. Ke sebaka sa bafu. Le hoja ka nako e fetileng sebaka sohle se ne se “nosetsehile hohle . . . joale ka tšimo ea Jehova,” joale sebaka se potolohileng Leoatle le Shoeleng boholo ba sona ke “lehoatata” ’me se bile boemong boo ka lilemo tse ka batlang li e ba 4 000, e le bopaki bo matla bo bontšang ho se fetohe ha likahlolo tsa Jehova tse ileng tsa lihuoa khahlanong le Sodoma le Gomorrha.—Gen. 13:10; 19:27-29; Sof. 2:9.
D-5 ARABAH (HO ELELLA KA BOROA HO TLOHA LEOATLENG LA LETSOAI)
27. Ke mofuta ofe oa sebaka o bōpang karolo e ka boroa ea Arabah, ’me ke bo-mang ba neng ba laola sebaka sena mehleng ea khale?
27 Karolo ena ea ho qetela ea Khohlo e elella ka boroa ka lik’hilomithara tse ling tse 160. Sebaka sena e batla e le lehoatata kaofela ha sona. Pula e tšoha e nele, letsatsi le chesa haholo hoo motho a se nang ho itšireletsa ho lona. Bibele e boetse e bitsa sebaka sena “Arabah.” (Deut. 2:8, NW) Hoo e ka bang bohareng, e fihla tlhōrōng ea limithara tse fetang 200 ka holimo ho bophahamo ba leoatle ’me e theohele tlaase ho elella ka boroa Koung ea ‛Aqaba, ntlha e ka bochabela ea Leoatle le Lefubelu. Ke mona, koung ea Etsione-Gebere, moo Salomone a ileng a etsa likepe tse ngata teng. (1 Mar. 9:26) Boholo ba nako ea marena a Juda, karolo ena ea Arabah e ne e le taolong ea ’muso oa Edomo.
E. LITHABA LE LIHLABA KA BOCHABELA HO JORDANE
28. Linaha tsa Bashane le Gileade li bile le molemo ofe temong, ’me libaka tsena li ile tsa ameha joang historing ea Bibele?
28 “Mose oane oa Jordane ’nģa bochabela” sebaka se phahama kapele ho tloha Khohlong ena ho bōpa mokoloko oa lihlaba. (Josh. 18:7; 13:9-12; 20:8) Ho elella ka leboea ke naha ea Bashane (E-1), eo, hammoho le halofo ea Gileade, e ileng ea neoa moloko oa Manasse. (Josh. 13:29-31) Ena e ne e le naha ea leruo la likhomo, naha ea balemi, sehlaba se mobu o nonneng se ka bang limithara tse 600 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. (Pes. 22:12; Ezek. 39:18; Esa. 2:13; Zak. 11:2) Mehleng ea Jesu e ne e romela kantle ho naha lijo-thollo tse ngata, ’me kajeno sebaka sena ke sa temo e behang. Ho latelang, ka boroa, ke naha ea Gileade (E-2), halofo ea eona e ka tlaase e ile ea abeloa moloko oa Gade. (Josh. 13:24, 25) Sebaka se lithaba se fihlang bophahamong ba limithara tse 1 000, se nosetsoa hantle ke lipula tsa mariha le tse ngata haholo nakong ea lehlabula, hape ke naha e ntle ea leruo la liphoofolo ’me e ne e tsejoa ka ho khethehileng ka balsame. Kajeno e tsejoa haholo ka merara e ikhethang. (Num. 32:1; Gen. 37:25; Jer. 46:11) E ne e le naheng ea Gileade moo Davida a ileng a balehela Absalome, ’me ka karolong e ka bophirimela, Jesu o ile a bolela ‘naheng ea Dekapolise.’—2 Sam. 17:26-29; Mar. 7:31.
29. Ka bochabela ba Jordane, ke linaha life tse neng li le ka boroa, ’me li ile tsa tsebisahala ka eng?
29 “Naha ea bana ba Ammone” (E-3) e haufi le boroa ba Gileade, ’me halofo ea eona e ile ea abeloa moloko oa Gade. (Josh. 13:24, 25; Baahl. 11:12-28) Ke naha e sehlaba, e sebakeng se setle bakeng sa makhulo a linku. (Ezek. 25:5) Ho elella pejana ka boroa ke ‘naha ea Moabe.’ (Deut. 1:5) Bamoabe ka bobona e ne e le balisa ba baholo ba linku, ’me ho tla fihlela letsatsing lena leruo la ho hōlisa linku ke mosebetsi o ka sehloohong sebakeng sena. (2 Mar. 3:4) Joale, ka boroa bo ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng, re fihla sehlabeng se lithaba sa Edomo (E-4). Lithako tsa liqhobosheane tse khōlō tsa khoebo, joaloka Petra, li sa le teng le kajeno.—Gen. 36:19-21; Obad. 1-4.
30. Ka bochabela, lihlaba li na le meeli efe?
30 Ka bochabela ho maralla ana le lihlaba tsena ke lefeella le mafika le sitisang leeto la tsela e tobileng pakeng tsa Naha e Tšepisitsoeng le Mesopotamia, hona ho etsa hore lihlopha tsa batsamai li tsoe tseleng ka lik’hilomithara tse ngata ho leba ka leboea. Ho ea ka boroa lefeella lena le teana le litutulu tsa lehlabathe tsa lehoatata le leholo la Arabah.
F. LITHABA TSA LEBANONE
31. (a) Ke eng se bōpang lithaba tsa Lebanone? (b) Ke litšobotsi life tsa Lebanone tse sa ntseng li le kamoo li neng li le ka teng mehleng ea Bibele?
31 Lithaba tsa Lebanone li okametse sebaka sa Naha e Tšepisitsoeng. Ha e le hantle ho na le mekoloko e ’meli ea lithaba e bapileng. Mesiko ea Mokoloko oa lithaba tsa Lebanone e tsoela pele ho kena Galilea e Kaholimo. Libakeng tse ngata maralla a fihla lebopong la leoatle. Tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa mokolokong ona oa lithaba e fihla limithareng tse ka bang 3 000 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa Mokolokong oa Lithaba oa Lebanone e Bapileng ke Thaba ea Hermone e ntle, e fihlang limitharing tse 2 814 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Lehloa la tsona le qhibilihang le fana ka mohloli o moholo oa metsi bakeng sa Nōka ea Jordane le mohloli oa phoka nakong e omileng ea qetellong ea selemo. (Pes. 133:3) Lithaba tsa Lebanone li ne li tsejoa haholo ka lifate tse khōlō tsa kedare, lehong la tsona le ile la sebelisoa haholo kahong ea tempele ea Salomone. (1 Mar. 5:6-10) Le hoja kajeno ho bonoa methoaelana ea lirapa tsa lifate tsa kedare, methipoloha e tlaasana e sa ntse e tšehetsa lirapa tsa merara, lifate tsa mehloare, le lirapa tsa lifate tsa litholoana, joaloka mehleng ea Bibele.—Hos. 14:5-7.
32. Moshe o hlalositse ka nepo joang Naha e Tšepisitsoeng?
32 Joalokaha re qeta leeto la rōna Naheng e Tšepisitsoeng ea Jehova, e leng pakeng tsa lehoatata le ommeng ka bochabela le Leoatle le Leholo, mehopolong re ka bona khanya e kileng ea aparela naha ena mehleng ea Iseraele. Ka sebele, e ne e le “lefatše le kollang lebese le linotši.” (Num. 14:7, 8; 13:23) Moshe o ile a bua ka eona ka mantsoe ana: “Hobane Jehova, Molimo oa hao, o ea u kenya lefatšeng le molemo, lefatše la melapo, la liliba, la matša, la metsi a kollang likhutlong, le lithabeng; lefatše la koro, la harese, la merara, la lifeie, la ligaranata, lefatše la mehloare e nang le oli, le la linotši, lefatše leo u tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, ’me u ke ke ua hloka letho ho lona; lefatše leo majoe a lona e leng tšepe, ’me lithabeng tsa lona u tla cheka koporo. U tla ja u khore, ’me u tla boka Jehova, Molimo oa hao, ka baka la lefatše le molemo leo a u neang lona.” (Deut. 8:7-10) E se e ka bohle ba ratang Jehova ka ho tšoanang ba ka mo leboha hore o rerile ho etsa lefatše kaofela paradeise e khanyang, ho tšoana le Naha e Tšepisitsoeng ea khale.—Ps. 104:10-24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 332-3.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 335.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 336.
d Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 737-40.
e Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 334.
[’Mapa o leqepheng la 272]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBAKA TSA TLHAHO TSA NAHA E TŠEPISITSOENG
(le sebaka se haufi)
MI 0 10 20 30 40 50 60
KM 0 20 40 60 80
(Bakeng sa likarolo tse tšoanang V—V, W—W, X—X, Y—Y, le Z—Z, bona leqephe le bapileng)
THUSO BAKENG SA LINOMORO
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
A Lebopo la Leoatle le Leholo
Joppa
B-1 Thota ea Asere
B-2 Sebaka se Lebopong la Leoatle sa Dore
Dore
B-3 Makhulo a Sharone
B-4 Thota ea Filista
Ashdode
Ashkelone
Ekrone
Gathe
Gaza
B-5 Phula e Bohareng ea Bochabela-Bophirimela (Thota ea Megiddo, Lesabasaba la
Jizreele)
Bethe-shane
C-1 Maralla a Galilea
Kana
Naine
Nazaretha
Tyre
C-2 Maralla a Karmele
C-3 Maralla a Samaria
Bethele
Jeriko
Samaria
Tirza
Sikeme
C-4 Shefela
Lakishe
C-5 Naha e Maralla ea Juda
Bethlehema
Geba
Hebrone
Jerusalema
C-6 Lefeella la Juda (Jeshimone)
C-7 Negebe
Beerseba
Kadeshe-barnea
Nōka ea Egepeta
C-8 Lefeella la Parane
D-1 Sekhutlo sa Hula
Dane
Cesarea ea Filippi
D-2 Sebaka se Potolohileng Leoatle la Galilea
Bethsaida
Kapernauma
Korazine
Leoatle la Galilea
Tiberiase
D-3 Setereke sa phula ea Jordane (Ghor)
Nōka ea Jordane
D-4 Leoatle la Letsoai (le Shoeleng) (Leoatle la Arabah)
Leoatle la Letsoai
D-5 Arabah (ho ea ka boroa ho tloha Leoatleng la Letsoai)
Etsione-gebere
Leoatle le Lefubelu
E-1 Naha ea Bashane
Damaseka
Edrei
E-2 Naha ea Gileade
Rabba
Ramothe-gileade
Nōk. e Khohl. ea Jabboke
E-3 Naha ea Ammone le ea Moabe
Heshbone
Kir-haresethe
Medeba
Nōk. e Khohl. ea Arnone
Nōk. e Khohl. ea Zerede
E-4 Sehlaba se Lithaba sa Edomo
Petra
F Lithaba tsa Lebanone
Sidone
Thaba tsa Lebanone
Thaba ea Hermone
[Limmapa tse leqepheng la 273]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIKAROLO TSA SEBELE TSA NAHA E TŠEPISITSOENG
(Bakeng sa libaka, bona ’mapa leqepheng le bapileng le lena)
Bophahamo e ka ba makhetlo a ka bang 10 ho feta thupa ea ho lekanya
Karolo e ka Bophirimela-Bochabela ho Haola Efraime (V—V)
Leoatle la Mediterranean
B-3 Makhulo a Sharone
C-3 Maralla a Samaria
D-3 Arabah kapa Khohlo ea Jordane (Ghor)
Qattara
Zore
E-2 Naha ea Gileade
MI 0 5 10
KM 0 8 16
Linomoro tse ka letsohong le letšehali ke LIMITHARA Linomoro tse ka letsohong le letona ke MAOTO
+900 +3 000
+600 +2 000
+300 +1 000
0 (Bophahamo ba Leoatle) 0
−300 −1 000
−600 −2 000
Karolo e ka Bophirimela-Bochabela ho Haola Juda (W—W)
Leoatle la Mediterranean
B-4 Litutulu tsa Lehlabathe
Thota ea Filista
C-4 Shefela
C-5 Naha e Maralla ea Juda
Jerusalema
C-6 Lefeella la Juda
D-4 Khohlo
E-3 Naha ea Baammone le Bamoabe
MI 0 5 10
KM 0 8 16
Linomoro tse ka letsohong le letšehali ke LIMITHARA Linomoro tse ka letsohong le letona ke MAOTO
+900 +3 000
+600 +2 000
+300 +1 000
0 (Bophahamo ba Leoatle) 0
−300 −1 000
−600 −2 000
Karolo e ka Bophirimela-Bochabela ho Haola Juda (X—X)
Leoatle la Mediterranean
B-4 Litutulu tsa Lehlabathe
Thota ea Filista
C-4 Shefela
C-5 Naha e Maralla ea Juda
C-6 Lefeella la Juda
D-4 Khohlo
Leoatle la Letsoai
E-3 Naha ea Baammone le Bamoabe
MI 0 5 10
KM 0 8 16
Linomoro tse ka letsohong le letšehali ke LIMITHARA Linomoro tse ka letsohong le letona ke MAOTO
+900 +3 000
+600 +2 000
+300 +1 000
0 (Bophahamo ba Leoatle) 0
−300 −1 000
−600 −2 000
−900 −3 000
Karolo e ka Boroa-Leboea ho Sika le Lithaba tse ka Bophirimela tsa Jordane (Y—Y)
C-7 Negebe
C-5 Naha e Maralla ea Juda
C-3 Maralla a Samaria
B-5 Sekhutlo sa Jizreele
C-1 Maralla a Galilea
F
MI 0 5 10 20
KM 0 8 16 32
Linomoro tse ka letsohong le letšehali ke LIMITHARA Linomoro tse ka letsohong le letona ke MAOTO
+900 +3 000
+600 +2 000
+300 +1 000
0 (Bophahamo ba Leoatle) 0
Karolo e ka Boroa-Leboea ho Sika le Arabah kapa Khohlo (Z—Z)
D-5
D-4 Leoatle la Letsoai
D-3 Arabah kapa Phula ea Jordane (Ghor)
D-2 Leoatle la Galilea
D-1 Sekhutlo sa Hula
F
MI 0 5 10 20
KM 0 8 16 32
Linomoro tse ka letsohong le letšehali ke LIMITHARA Linomoro tse ka letsohong le letona ke MAOTO
+900 +3 000
+600 +2 000
+300 +1 000
0 (Bophahamo ba Leoatle) 0
−300 −1 000
−600 −2 000
−900 −3 000