‘Naha e Ntle le e Khōlō’
NAKONG eo Moshe a leng sehlahleng se tukang, Molimo o ile a mo bolella hore O tla ‘lopolla [batho ba Hae] matsohong a Baegepeta le ho ba isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.’—Ex 3:8.
Litšoantšo tsena tse peli tse entsoeng ka k’homphieutha li ka ’na tsa u thusa ho bona libaka tse sa tšoaneng le sebōpeho sa Naha e Tšepisitsoeng. (Setšoantšo se hōlisitsoe hore se totobatse bophahamo ba naha.) Sheba sekala se mebala-bala hore u bone bophahamo ba naha ha bo bapisoa le bophahamo ba leoatle.
Chate ena e bontša tsela e ’ngoe ea ho thathamisa libaka tsa tlhaho tsa naha. U ka fumana tlhaloso e nang le litšupiso tsa Bibele ea libaka tsena bukeng ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” (Thuto ea 1, leqepheng la 270-8) le ho Insight on the Scriptures (Moqolo oa 2, leqepheng la 568-71).a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Chate/Limmapa leqepheng la 12, 13]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Sebōpeho sa Naha
Chate Ea Libaka Tsa Tlhaho
A. Lebōpo la Leoatle le Leholo
B. Lithota Tse ka Bophirimela ho Jordane
1. Thota ea Ashere
2. Sebaka sa Dore se Lebōpong la Leoatle
3. Makhulo a Sharone
4. Thota ea Filistia
5. Phula e Bohareng ka Bochabela-Bophirimela
a. Thota ea Megido
b. Khohlo ea Jezriele
C. Lithaba Tse ka Bophirimela ho Jordane
1. Maralla a Galilea
2. Maralla a Karmele
3. Maralla a Samaria
4. Shefela (marallana)
5. Sebaka se Maralla sa Juda
6. Lefeella la Juda
7. Negebe
8. Lefeella la Parane
D. Araba (Phula)
1. Sekhutlo sa Hula
2. Sebaka sa Leoatle la Galilea
3. Phula ea Jordane
4. Leoatle la Letsoai (Leoatle le Shoeleng)
5. Araba (ka boroa ho Leoatle la Letsoai)
E. Lithaba/Lihlaba Tse ka Bochabela ho Jordane
1. Bashane
2. Gileade
3. Ammone le Moabe
4. Sehlaba sa Edomo
F. Lithaba Tsa Lebanone
[’Mapa]
Thaba ea Hermone
Dane
Jerusalema
Beerseba
Likarolo Tse sa Tšoaneng Tsa Naha e Tšepisitsoeng
meters feet
2,500 7,500
2,000 6,000
1,500 4,500
1,000 3,000 Naha ea Juda Naha ea
e Maralla Moab
500 1,500
Shefela Lefeella la
Thota ea Juda
Philistia Phula
0 0 (Bophahamo ba Leoatle) Leoatle la Letsoai
-500 -1,500
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Thaba ea Hermone (2 814 m; 9 232 ft)
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lebōpo la Leoatle la Letsoai; sebaka se tlaase ka ho fetisisa lefatšeng (hoo e ka bang 400 m, 1 300 ft, ka tlaase ho bophahamo ba leoatle)