Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 5
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jesu o Hlahela Setaleng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 5

Khaolo ea 5

Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?

’MUSISI oa Roma, Cesare Augusto, o ntšitse taelo ea hore e mong le e mong a khutlele motseng oo a tsoaletsoeng ho oona ho ea ngolisoa. Kahoo Josefa o nka leeto la ho ea motseng oo a hlahetseng ho oona oa Bethlehema.

Batho ba bangata ba tlile Bethlehema ho tla ngolisa, ’me sebaka feela seo Josefa le Maria ba ka lulang ho sona ke setala. Jesu o hlahela mona moo liesele le liphoofolo tse ling li lulang teng. Maria o mo thatela ka likotoana tsa masela ’me o mo robatsa ka sejelong, e leng sebaka se tšelang lijo tsa liphoofolo.

Ruri ebile ka tataiso ea Molimo hore Cesare Augusto a etse molao oa hae oa ngoliso. O nolofallelitse Jesu hore a hlahele Bethlehema, e leng motse oo Mangolo a boletseng nako e telele esale pele hore e tla ba motse oo ’musi ea tšepisitsoeng a tla hlahela ho oona.

Bosiu bona ke ba bohlokoa hakaakang! Naheng koana khanya e khōlō e teela sehlopha sa balisa hare. Ke khanya ea Jehova! ’Me lengeloi la Jehova lea ba bolella: “Se tšabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela; ke hore, kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena. See e tla ba pontšo ho lōna, le tla fihlela lesea le phuthetsoeng, le robalitsoeng sejelong.” Joale hang-hang ho hlaha mangeloi a mang a mangata ’me aa bina: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.”

Ha mangeloi a tsamaea, balisa baa bolellana: “A re hle re eeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng eona.” Ba potlakela teng ’me ba fumana Jesu hona moo lengeloi le boletseng hore ba tla mo fumana teng. Ha balisa ba pheta seo lengeloi le ba bolelletseng sona, bohle ba utloang seo baa hlolloa. Maria o boloka lipolelo tsena tsohle ’me o lula a ntse a li hopotse pelong ea hae.

Batho ba bangata kajeno ba lumela hore Jesu o tsoetsoe ka la 25 December. Empa December ke khoeli ea lipula le lirame Bethlehema. Balisa ba ne ba ke ke ba e-⁠ba naheng hammoho le mehlape ea bona bosiu nakong eo ea selemo. Hape, ha ho utloahale hore Cesare oa Roma o ne a ka batla hore batho ba neng ba se ba batla ho mo fetohela ba nke leeto leo har’a mariha ho ea ngolisoa. Ka ho hlakileng, Jesu o tsoetsoe hoo e ka bang mathoasong a hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) selemong seo. Luka 2:1-20; Mikea 5:2.

▪ Ke hobane’ng ha Josefa le Maria ba ea Bethlehema?

▪ Ke ntho efe e hlollang e etsahala’ng bosiung boo Jesu a hlahileng ka bona?

▪ Re tseba joang hore Jesu ha aa hlaha ka la 25 December?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela