Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 70 leq. 166-leq. 167 ser. 2
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Hlahela Setaleng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 70 leq. 166-leq. 167 ser. 2
Mangeloi a tsebahatsa tsoalo ea Jesu ho balisa

THUTO EA 70

Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu

’Musi oa Moroma ea bitsoang Sesare Augustase o ile a laela Bajuda bohle hore ba ee metseng ea habo bona ho ea ingolisa teng. Kahoo, Josefa le Maria ba ea Bethlehema, e leng moo lelapa labo Josefa le tsoang teng. Maria o ne a se a le haufi le ho ba le ngoana.

Ha ba fihla Bethlehema, ba fumana ho se moo ba ka fihlelang teng haese ka setaleng. Ha ba ntse ba le moo Jesu a hlaha. Maria a mo phuthela ka masela ’me a mo robatsa ka sejelong.

Ho ne ho e-na le balisa naheng, ba lisitse mehlape bosiu haufi le Bethlehema. Ka tšohanyetso, lengeloi la hlaha ka pel’a bona ’me ba pota-potoa ke khanya ea Jehova. Balisa bao ba tšoha empa lengeloi la re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Ke le tšoaretse litaba tse monate. Kajeno Mesia o hlahile Bethlehema.’ Ka eona nako eo, ha hlaha mangeloi a mang a mangata, a re: “Ho rorisoe Molimo ea maholimong le batho bao a ba ratang lefatšeng ba be le khotso.” Eaba mangeloi ao aa nyamela. Balisa bao ba ile ba etsa’ng?

Ba ile ba re: ‘A re eeng Bethlehema hang-hang.’ Eaba baa ea ’me ba fumana Josefa le Maria ka setaleng ba e-na le lesea la bona.

Batho bohle ba ileng ba utloa seo lengeloi le se boleletseng balisa bao ba makala. Maria o ile a nahana ka ho teba ka seo lengeloi le se buileng ’me ha aa ka a se lebala. Ka mor’a moo, balisa ba khutlela mehlapeng ea bona ’me ba leboha Jehova ka sohle seo ba se utloileng le ho se bona.

“Ke ’na enoa ke tsoa ho eena [Molimo]. Ha kea itlisa, ke ronngoe ke Molimo.”—Johanne 8:42

Lipotso: Mangeloi a ile a tsebahatsa tsoalo ea Jesu joang? Balisa ba ile ba fumana mang ha ba fihla Bethlehema?

Luka 2:1-20; Esaia 9:6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela